Daniele 10:1-21
10 Ka selemo sa boraro sa Cyruse+ morena oa Persia ho ile ha e-ba le taba e ileng ea senoleloa Daniele, eo lebitso la hae e neng e le Beltsatsare;+ taba eo e ne e le ’nete, ’me ho ne ho e-na le tšebeletso e khōlō ea sesole.+ O ile a utloisisa taba, eaba o utloisisa ntho e bonoeng.+
2 Matsatsing ao ’na, Daniele, ke ne ke siame+ ka libeke tse tharo tse tletseng.
3 Ha kea ka ka ja bohobe bo monate, ’me ha ho nama kapa veine e ileng ea kena ka hanong la ka, ’me ho hang ha kea ka ka itlotsa ho fihlela libeke tse tharo tse tletseng li phetheha.+
4 Ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea pele, ha ke ntse ke le lebōpong la nōka e khōlō, ke hore, Hidekele,+
5 ka boela ka phahamisa mahlo ka talima, ’me ho ne ho e-na le monna ea itseng ea apereng line,+ a itlamile letheka+ ka khauta ea Ufaze.+
6 ’Mele oa hae o ne o le joaloka krysolite,+ ’me sefahleho sa hae se le joaloka ponahalo ea lehalima,+ ’me mahlo a hae a le joaloka lirumula tsa mollo,+ ’me matsoho a hae le sebaka sa maoto a hae li ne li le joaloka ponahalo ea koporo e bentšitsoeng,+ ’me molumo oa mantsoe a hae o ne o le joaloka molumo oa bongata.
7 ’Na Daniele ke le mong, ka bona ponahalo; empa ha e le banna ba neng ba e-na le ’na, ha baa ka ba bona ponahalo eo.+ Leha ho le joalo, ba ile ba oeloa ke ho thothomela ho hoholo, hoo ba ileng ba baleha ho ea ipata.
8 ’Na—ke ile ka siuoa ke le mong, hoo ke ileng ka bona ponahalo ena e khōlō. Ho ne ho se matla a setseng ho ’na, ’me ho hlompheha ha ka ha fetoha tšenyeho ho ’na, ’me ha kea ka ka ba le matla.+
9 Ka qala ho utloa molumo oa mantsoe a hae; ha ke ntse ke utloa molumo oa mantsoe a hae, le ’na ke ne ke khalehile+ ke oele ka sefahleho, sefahleho sa ka se shebile fatše.+
10 Bonang! Ha e-ba le letsoho le ileng la nkama,+ ’me butle-butle la ntsosa hore ke khumame ka mangole le liatla tsa matsoho.
11 A re ho ’na:
“Uena Daniele, monna ea khahlehang haholo,+ utloisisa mantsoe ao ke u bolellang ’ona,+ ’me u eme moo u neng u eme teng, etsoe joale ke rometsoe ho uena.”
Ha a buile le ’na lentsoe lena, ka ema, ke thothomela.
12 A tsoela pele ho re ho ’na: “U se ke ua tšoha,+ Uena Daniele, etsoe ho tloha letsatsing la pele leo u fileng pelo ea hao kutloisiso+ ka lona le ho ikokobetsa ka pel’a Molimo oa hao+ mantsoe a hao a utloiloe, ’me ke tlile ka lebaka la mantsoe a hao.+
13 Empa khosana+ ea sebaka se pusong ea borena sa Persia+ e ne e eme ho nkhanyetsa+ ka matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong, ’me, bonang! Mikaele,+ e mong oa likhosana tse ka pele-pele,+ a tla ho tla nthusa; ka sala moo ka thōko ho marena a Persia.+
14 Ke tlil’o etsa hore u lemohe se tla hlahela sechaba sa heno+ karolong e qetellang ea matsatsi,+ hobane ke pono+ ea matsatsi a sa ntseng a tla tla.”+
15 Joale ha a buile le ’na mantsoe a kang ana, ke ne ke shebisitse sefahleho fatše+ ’me ke sa khone ho bua.
16 Bonang! E mong ea tšoanang le bara ba moloko oa batho o ne a nkama molomo,+ ’me ka qala ho bula molomo le ho bua+ eaba ke re ho ea neng a eme ka pel’a ka: “Moren ’a ka,+ ka lebaka la ponahalo eo ke ile ka tsitsipana ka tšohanyetso, ’me ha kea ka ka ba le matla.+
17 Kahoo mohlanka oa moren ’a ka o khonne joang ho bua le moren ’a ka?+ Ha e le ’na, ho fihlela joale ha ho matla a ’nileng a lula ka ho ’na, ’me ho hang ha ho phefumoloho e ileng ea siuoa ka ho ’na.”+
18 Ea nang le ponahalo e kang ea motho oa lefatše a boela a nkama ’me a ’matlafatsa.+
19 Joale a re: “U se ke ua tšoha,+ Uena monna ea khahlehang haholo.+ E se eka u ka ba le khotso.+ E-ba matla, e, e-ba matla.”+ Hang ha a buile le ’na ka ipha matla ’me qetellong ka re: “Moren ’a ka a ke a bue,+ hobane u ’matlafalitse.”+
20 Kahoo a tsoela pele ho re:
“Na u hlile ua tseba hore na ke hobane’ng ha ke tlile ho uena? Joale ke tla khutlela ho ea loana le khosana ea Persia.+ Ha ke tloha, bona! khosana ea Greece le eona ea tla.+
21 Leha ho le joalo, ke tla u bolella lintho tse ngotsoeng ka har’a lingoliloeng tsa ’nete,+ ’me ha ho ea ntšehelitseng ka matla linthong tsena haese Mikaele,+ khosana ea lōna.+