Baefese 4:1-32
4 Ka hona, ’na, motšoaruoa+ Moreneng, ke le kōpa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang+ pitso eo le ileng la bitsoa ka eona,+
2 ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong+ le bonolo, ka tiisetso,+ le mamellane ka lerato,+
3 le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.+
4 Ho na le ’mele o le mong,+ le moea o le mong,+ esita le joalokaha le ile la bitsoa ka tšepo e le ’ngoe+ eo le ileng la bitsetsoa ho eona;
5 Morena o mong,+ tumelo e ’ngoe,+ kolobetso e ’ngoe;+
6 Molimo o mong+ le Ntate oa batho bohle, ea okametseng tsohle le ho pholletsa le tsohle le ho tsohle.
7 Joale e mong le e mong oa rōna o ile a fuoa mosa o sa tšoanelang+ ho ea kamoo Kreste a ileng a aba ka tekanyo mpho+ e sa lefelloeng.
8 Ka lebaka leo o re: “Ha a nyolohela holimo o ile a nka baholehuoa; a fana ka limpho [tseo e leng] banna.”+
9 Joale polelo “a nyolohela,”+ e bolela eng haese hore o ile a boela a theohela libakeng tse tlaase, ke hore, lefatše?+
10 Ea ileng a theoha ke eena hape ea ileng a nyolohela+ ka holimo haholo ho maholimo ’ohle,+ e le hore a ka fa lintho tsohle botlalo.+
11 O ile a fana ka ba bang e le baapostola,+ ba bang e le baprofeta,+ ba bang e le baevangeli,+ ba bang e le balisa le mesuoe,+
12 ka sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng,+ bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste,+
13 ho fihlela bohle re fihlela bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo, ho isa ho monna ea hōlileng ka ho feletseng,+ ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste;+
14 e le hore re se ke ra hlola re e-ba bana, ba akhotsoang+ joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto+ ka ho qhekella+ ha batho, ka mano a ho qapa phoso.
15 Empa ha re ntse re bua ’nete,+ a re hōleng+ linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho,+ Kreste.
16 Ka eena ’mele+ oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano le ka ho etsoa hore o sebelisane ka lenonyello le leng le le leng le fanang ka se hlokahalang, ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.+
17 Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaea feela joalokaha lichaba+ le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello+ tsa tsona,
18 ha li ntse li le lefifing likelellong,+ ’me li arohile+ bophelong ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo+ ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo+ ha lipelo tsa tsona.
19 E le tse feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro,+ li ineheletse boitšoaro bo hlephileng+ ho sebetsa ho se hloeke+ ha mofuta o mong le o mong ka meharo.+
20 Empa ha lea ithuta Kreste a le joalo,+
21 ka sebele, hafeela le ile la mo utloa ’me la rutoa ho sebelisoa eena,+ feela joalokaha ’nete+ e le ho Jesu,
22 e le hore le lahle botho ba khale+ bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa+ ho ea ka litakatso+ tsa bona tse thetsang;
23 empa hore le nchafale matleng a susumetsang likelello+ tsa lōna,
24 le hore le apare+ botho bo bocha+ bo ileng ba bōptjoa+ ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng+ ha ’nete le botšepehing.
25 Ka lebaka leo, kaha joale le lahlile leshano,+ e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae,+ hobane re litho ba bang tsa ba bang.+
26 Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe;+ letsatsi le se ke la le likella le halefile,+
27 hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.+
28 Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa,+ empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae,+ e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.+
29 Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong+ ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.+
30 Hape, le se ke la soabisa moea o halalelang+ oa Molimo, oo le tiisitsoeng+ ka oona bakeng sa letsatsi la ho lokolloa ka thekollo.+
31 Lehloeo le nang le lonya+ le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang+ li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe+ bohle.
32 Empa le bontšane mosa,+ le be le qenehelo e bonolo,+ le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.+