Baahloli 5:1-31
5 Letsatsing leo Debora+ hammoho le Barake+ mora oa Abinoame+ ba tlerola pina,+ ba re:
2 “Bakeng sa ho tlohela moriri hore o lepelle feela Iseraele bakeng sa ntoa,Bakeng sa ho ithaopa ha batho,+Bokang Jehova.+
3 Mamelang, lōna marena;+ le mamele, lōna balaoli ba phahameng:’Na, e, ’na ke tla binela Jehova.Ke tla binela Jehova, Molimo oa Iseraele,+ lipina tsa thoriso.+
4 Jehova, ha u tloha Seire,+Ha u tloha naheng ea Edomo,+Lefatše le ile la reketla,+ maholimo le ’ona a rotha,+Maru le ’ona a rotha metsi.
5 Lithaba tsa tloha sefahlehong sa Jehova,+Sinai+ ena ea tloha sefahlehong sa Jehova,+ Molimo oa Iseraele.+
6 Matsatsing a Shamgare+ mora oa Anathe,Matsatsing a Jaele,+ litsela li ne li se na sephethephethe,’Me ba tsamaeang litseleng ba ne ba tsamaea ka litsela tse potolohang.+
7 Ba lulang naheng e sabaletseng ba ile ba fela, ba fela+ Iseraele,Ho fihlela ’na, Debora,+ ke ema,Ho fihlela ke ema joaloka ’mè Iseraele.+
8 Ba qala ho khetha melimo e mecha.+Ke nakong eo ho neng ho e-na le ntoa hekeng.+Thebe e ne e sa bonoe, kapa lerumo,Har’a ba likete tse mashome a mane Iseraele.+
9 Pelo ea ka e ho balaoli ba Iseraele,+Bao e neng e le baithaopi har’a batho.+Bokang Jehova.+
10 Lōna bapalami ba liesele+ tse tšehali tse bokhunoana bo bosehlana,Lōna ba lulang holim ’a limmete tsa boleng bo phahameng,Le lōna ba tsamaeang tseleng,Le nahane!+
11 Mantsoe a mang a ba abang metsi har’a libaka tseo ho khuoang metsi ho tsona,+Moo ba qala ho pheta liketso tse lokileng tsa Jehova,+Liketso tse lokileng tsa batho ba hae ba lulang naheng e sabaletseng Iseraele.Ke nakong eo batho ba Jehova ba ileng ba theohela lihekeng.
12 Tsoha, tsoha, Uena Debora;+Tsoha, tsoha, u bine pina!+Ema, Barake,+ ’me u tlose baholehuoa ba hao, uena mora oa Abinoame!+
13 Ke nakong eo baphonyohi ba ileng ba theohela ho ba hlomphehang;Batho ba Jehova ba theohela ho ’na khahlanong le ba matla.
14 Ba ne ba simolohile Efraime khohlong,+Hammoho le uena, Benjamine, har’a lichaba tsa heno.Balaoli ba theoha Makire,+Le ba tšoarang lisebelisoa tsa mongoli+ ba theoha Zabulone.
15 Likhosana tsa Isakare+ li ne li e-na le Debora,’Me Barake+ o ne a le joaloka Isakare.A romeloa khohlong ka maoto.+Har’a lihlopha tsa Rubene ho ne ho phenngoa lipelo haholo.+
16 Ke hobane’ng ha u ile ua lula pakeng tsa lisatlelebeke tse peli,Ho mamela molumo oa phala o etsetsoang mehlape?+Etsoe lihlopheng tsa Rubene ho ne ho phenngoa lipelo haholo.+
17 Gileade a ’na a lula sebakeng sa hae sa bolulo ka lehlakoreng le leng la Jordane;+Ke hobane’ng ha Dane a ile a tsoela pele ho lula ka nakoana likepeng?+Ashere a lula a sa etse letho lebōpong la leoatle,’Me a ’na a lula libakeng tsa hae tsa ho emisa likepe.+
18 Zabulone e ne e le sechaba se nyelisang meea ea sona ho fihlela makhatheng a lefu;+Ka ho tšoanang le Nefthali,+ libakeng tse phahameng tsa naha.+
19 Marena a tla, a loana;Ke nakong eo marena a Kanana a ileng a loana+Tanake+ metsing a Megido.+Ha aa ka a nka leruo la silevera.+
20 Linaleli tsa loana leholimong,+Tsa loantša Sisera litseleng tsa tsona.
21 Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola,+Molapo o phoroselang oa matsatsing a boholo-holo, molapo o phoroselang oa Kishone.+U ile ua hatakela matla,+ Uena moea oa ka.
22 Ke nakong eo litlhako tsa lipere li ileng tsa tila+Ka lebaka la ho koatola ha lipere tsa hae tse tona.
23 ‘Rohakang+ Meroze,’ ho boletse lengeloi la Jehova,+‘Rohakang baahi ba eona le sa phetse,Etsoe ha baa ka ba thusa Jehova,Ho thusa Jehova ka ba matla.’
24 Jaele+ mosali oa Hebere Mokene+ o tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa har’a basali,O tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa har’a basali tenteng.+
25 O kōpile metsi, a mo fa lebese;A hlahisa lebese le hloebileng+ ka sekotlolo se seholo sa mokete sa ba hlomphehang.
26 Joale a otlollela letsoho la hae thakhiseng ea tente,’Me letsoho la hae le letona a le otlollela notong ea ba sebetsang ka thata.+Eaba o kokotela Sisera, a phunyeletsa hlooho ea hae,+’Me a pshatla le ho seha litlhafunelo tsa hae.
27 A nyebella pakeng tsa maoto a hae, a oa, a rapalla;A nyebella pakeng tsa maoto a hae, a oa;Moo a nyebeletseng, a oela teng a hlōtsoe.+
28 Mosali a sheba ka fensetere ’me a ’na a mo qamaka,’Mè oa Sisera a le lekhoakhoeng la lithupa,+‘Ke hobane’ng ha koloi ea hae ea ntoa e liehile ho tla?+Ke hobane’ng ha ho otla ha litlhako tsa likoloi tsa hae ho siiloe ke nako hakaale?’+
29 Ba bohlale ho mafumahali a hae a hlomphehang+ ba ne ba mo araba,E, le eena o ne a ikaraba ka lipolelo tsa hae,
30 ‘Na ha baa tšoanela ho fumana, na ha baa tšoanela ho aba thepa e hapuoeng,+Pōpelo—lipōpelo tse peli ho monna e mong le e mong ea shahlileng,+Thepa e hapuoeng ea lintho tse fetotsoeng ’mala bakeng sa Sisera, thepa e hapuoeng ea lintho tse fetotsoeng ’mala,Seaparo se khabisitsoeng, ntho e fetotsoeng ’mala, liaparo tse peli tse khabisitsoengBakeng sa melala ea banna ba hapileng thepa?’
31 Kahoo lira tsohle tsa hao li ke li timele,+ Jehova,’Me ba u ratang+ ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.”+Naha ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a mane.+