Baahloli 3:1-31
3 Joale tsena ke lichaba+ tseo Jehova a ileng a li tlohela hore li lule e le hore a leke+ Baiseraele ka tsona, ke hore, bohle ba neng ba sa ba le phihlelo ka lintoa leha e le life tsa Kanana;+
2 e ne e le feela hore meloko ea bara ba Iseraele e be le phihlelo, e le hore a e rute ntoa, ke hore, feela bao pele ho moo ba neng ba sa ba le phihlelo ea lintho tse joalo:
3 Marena a mahlano a selekane+ a Bafilista,+ le Bakanana+ bohle, esita le Basidone+ le Baheve+ ba ahileng Thabeng ea Lebanone+ ho tloha Thabeng ea Baale-hermone+ ho ea fihla moo ho kenoang teng Hamathe.+
4 Ba ’na ba sebeletsa e le baemeli ba ho leka+ Baiseraele e le hore ba tsebe hore na ba ne ba tla mamela litaelo tseo Jehova a neng a li laetse bo-ntat’a bona ka Moshe.+
5 Eaba bara ba Iseraele ba lula har’a Bakanana,+ Bahethe le Baamore le Bapereze le Baheve le Bajebuse.+
6 Eaba ba inkela barali ba bona hore e be basali ba bona,+ ’me ba fana ka barali ba bona ho bara ba bona,+ ’me ba sebeletsa melimo ea bona.+
7 Kahoo bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova, ’me ba lebala Jehova Molimo oa bona+ eaba ba sebeletsa bo-Baale+ le lipalo tse halalelang.+
8 Eaba bohale ba Jehova bo tukela Baiseraele,+ hoo a ileng a ba rekisetsa+ Kushane-rishathaime morena oa Mesopotamia;+ bara ba Iseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Kushane-rishathaime ka lilemo tse robeli.
9 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso.+ Joale Jehova a hlahisetsa bara ba Iseraele mopholosi+ e le hore a ka ba pholosa, Othniele+ mora oa Kenaze,+ moena oa Kalebe.+
10 Joale moea+ oa Jehova oa tla holim ’a hae, ’me ea e-ba moahloli oa Iseraele. Ha a tsoa ho ea ntoeng, joale Jehova a nehelana ka Kushane-rishathaime morena oa Syria letsohong la hae hoo letsoho la hae le ileng la hlōla+ Kushane-rishathaime ka matla.
11 Ka mor’a moo naha ha ea ka ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a mane. Qetellong Othniele mora oa Kenaze a shoa.
12 Bara ba Iseraele ba qala ho etsa se sebe hape mahlong a Jehova.+ Eaba Jehova o tlohela Eglone morena oa Moabe+ hore a be matla khahlanong le Baiseraele,+ hobane ba ne ba entse se sebe mahlong a Jehova.+
13 Ho feta moo, a bokella bara ba Ammone+ le Amaleke+ khahlanong le bona. Joale ba ea ’me ba hlasela Baiseraele eaba ba hapa motse oa lifate tsa palema.+
14 Bara ba Iseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Eglone morena oa Moabe ka lilemo tse leshome le metso e robeli.+
15 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso.+ Kahoo Jehova a ba hlahisetsa mopholosi, Ehude+ mora oa Gera, Mobenjamine,+ monna ea leqele.+ Ka mor’a nako bara ba Iseraele ba romela sethabathaba ka letsoho la hae ho Eglone morena oa Moabe.
16 Ho sa le joalo Ehude a iketsetsa sabole, ’me e ne e seha ka nģa tse peli,+ bolelele ba eona e le setsoe. Joale a e tlamella ka tlas’a seaparo sa hae holim ’a serope se setona.+
17 A hlahisa sethabathaba ho Eglone morena oa Moabe.+ Joale Eglone e ne e le motho e motenya haholo.
18 Eitse ha a qetile ho hlahisa sethabathaba,+ hang-hang a re batho ba tsamaee, bajari ba sethabathaba.
19 A khutla likoaring tsa Gilgale,+ eaba o re: “Ke na le lekunutu bakeng sa hao, morena.” Kahoo a re: “Khutsa!” Eaba bohle ba neng ba eme pel’a hae ba tloha ho eena.+
20 Ehude a tla ho eena ha a ntse a lutse ka kamoreng ea hae e marulelong e pholileng eo a neng a e-na le eona. Ehude a tsoela pele ho re: “Ke na le lentsoe la Molimo bakeng sa hao.” Eaba o phahama teroneng ea hae.
21 Joale Ehude a kenya letsoho la hae le letšehali ’me a ntša sabole seropeng se setona eaba o mo hlaba ka eona mpeng.
22 Mofeng le oona oa ’na oa kenella hare ka mor’a lehare hoo mafura a ileng a koahela lehare, etsoe ha aa ka a tsomula sabole mpeng ea hae, ’me mantle a qala ho tsoa.
23 Ehude a tsoa ka lesoba le kenyang moea, empa a koala mamati a kamore e marulelong ’me a a notlela.
24 A tsoa.+
Bahlanka ba hae ba tla ’me ba qala ho talima, mamati a kamore e marulelong a ne a notletsoe. Kahoo ba re: “O ntse a ithusa+ ka kamoreng e ka hare e pholileng.”
25 Ba ’na ba leta ho fihlela ba hlajoa ke lihlong, ’me, bonang! ho ne ho se ea bulang mamati a kamore e marulelong. Eaba ba nka senotlolo ’me baa a bula, ’me, bonang! morena oa bona o ne a oetse fatše a shoele!
26 Ha e le Ehude, a baleha ha ba ntse ba lieha, ’me a feta likoaring+ eaba o balehela Seira.
27 Eitse ha a fihla moo a qala ho letsa lenaka+ sebakeng se lithaba sa Efraime;+ bara ba Iseraele ba qala ho theoha le eena ho tloha sebakeng se lithaba, eena a ba eteletse pele.
28 Joale a re ho bona: “Ntateleng,+ hobane Jehova o nehelane ka lira tsa lōna, Bamoabe, matsohong a lōna.”+ Eaba ba qala ho mo latela ’me ba hapa maliboho+ a Jordane khahlanong le Bamoabe, ’me ha baa ka ba lumella leha e le mang ho feta.
29 Nakong eo ba qala ho bolaea Bamoabe, banna ba ka bang likete tse leshome,+ e mong le e mong ea matla+ le e mong le e mong ea sebete; ha ho le ea mong ea ileng a phonyoha.+
30 Bamoabe ba hlōloa letsatsing leo tlas’a matsoho a Baiseraele; ’me naha ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a robeli.+
31 Ka mor’a hae ha hlaha Shamgare+ mora oa Anathe, ’me a qala ho bolaea Bafilista,+ banna ba makholo a tšeletseng, ka tsenene ea likhomo; le eena a pholosa Baiseraele.+