2 Samuele 2:1-32
2 Eitse ka mor’a moo Davida a botsa Jehova,+ a re: “Na ke nyolohele ho o mong oa metse ea Juda?” Eaba Jehova o re ho eena: “Nyoloha.” Davida a tsoela pele ho re: “Ke tla nyolohela hokae?” Joale a re: “Hebrone.”+
2 Ka lebaka leo Davida a nyolohela moo hammoho le basali ba hae ba babeli, Akinoame+ mosali oa Mojezriele le Abigaile+ mosali oa Nabale Mokarmele.
3 Davida a nyolla banna+ ba neng ba e-na le eena, e mong le e mong le ba ntlo ea hae; ba lula metseng e sebakeng sa Hebrone.
4 Joale banna ba Juda+ ba tla ’me ba tlotsa+ Davida moo hore e be morena oa ntlo ea Juda.+
Ba bolella Davida, ba re: “Banna ba Jabeshe-gileade ke bona ba patileng Saule.”
5 Kahoo Davida a romela manģosa ho banna ba Jabeshe-gileade+ ’me a re ho bona: “E se eka le ka hlohonolofatsoa ke Jehova,+ hobane le bontšitse mosa ona o lerato+ ho morena oa lōna, ho Saule, ka hore ebe le mo patile.+
6 Joale e se eka Jehova a ka le bontša mosa o lerato+ le botšepehi, le ’na ke tla le bontša molemo ona hobane le entse ntho ena.+
7 Joale matsoho a lōna a ke a imatlafatse ’me le be banna ba sebete,+ hobane morena oa lōna Saule o shoele, ’me ba ntlo ea Juda ba ntlotsitse hore ke be morena+ oa bona.”
8 Ha e le Abnere+ mora oa Nere molaoli oa lebotho la Saule, a nka Ish-boshethe,+ mora oa Saule, a mo tšelisetsa Mahanaime,+
9 ’me a mo etsa morena oa Gileade+ le oa Baashure le oa Jezriele+ le oa Efraime+ le oa Benjamine+ le oa Iseraele, kaofela ha eona.
10 Ish-boshethe, mora oa Saule, o ne a le lilemo li mashome a mane ha e e-ba morena oa Iseraele, ’me a busa e le morena ka lilemo tse peli. Ke ntlo ea Juda+ feela e ileng ea latela Davida.
11 Palo ea matsatsi ao ka ’ona Davida e ileng ea e-ba morena oa ntlo ea Juda Hebrone ea e-ba lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng.+
12 Ka mor’a nako Abnere mora oa Nere le bahlanka ba Ish-boshethe, mora oa Saule, ba tsoa Mahanaime+ ba ea Gibeone.+
13 Ha e le Joabe+ mora oa Tseruja+ le bahlanka ba Davida, ba tsoa ’me hamorao ba kopana hammoho letamong la Gibeone; ba ’na ba lula, bana ka lehlakoreng lena la letamo le bane ka lehlakoreng lane la letamo.
14 Qetellong Abnere a re ho Joabe: “Ka kōpo, e-re bahlankana ba eme, ’me ba loane ka pel’a rōna.” Eaba Joabe o re: “E-re ba eme.”
15 Kahoo ba ema eaba ba tšela ho ea ka palo, ba leshome le metso e ’meli e le ba Benjamine le Ish-boshethe,+ mora oa Saule, le ba leshome le metso e ’meli ho bahlanka ba Davida.
16 Ba qala ho tšoarana ka lihlooho, sabole ea e mong le e mong e le lehlakoreng la e mong, hoo ba ileng ba oa hammoho. Sebaka seo sa bitsoa Helkathe-hazurime, e Gibeone.+
17 Ntoa ea e-ba boima ka ho fetisisa letsatsing leo, ’me qetellong Abnere+ le banna ba Iseraele ba hlōloa ka pel’a bahlanka ba Davida.
18 Joale bara ba bararo ba Tseruja+ ba ne ba le moo, Joabe+ le Abishai+ le Asahele;+ ’me Asahele o ne a le lebelo, joaloka e ’ngoe ea litšephe+ tse naheng e sabaletseng.
19 Asahele a qala ho lelekisa Abnere, ’me ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ha a latela Abnere.
20 Qetellong Abnere a hetla ’me a re: “Na ke uena, Asahele?” eaba o re: “Ke ’na.”
21 Joale Abnere a re ho eena: “Khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ’me u itšoarele e mong oa bahlankana ’me u inkele seo u mo hlobolisang+ sona.” Asahele o ne a sa batle ho kheloha hore a se ke a mo latela.
22 Kahoo Abnere a boela a re ho Asahele: “Kheloha tsela ea hao hore u se ke ua ntatela. Ke hobane’ng ha ke lokela ho u bolaela fatše?+ Joale, nka phahamisetsa sefahleho sa ka joang ho mor’eno Joabe?”
23 Empa a ’na a hana ho kheloha; Abnere a mo hlaba mpeng+ ka ntlha ea thekō ea lerumo, hoo lerumo le ileng la hlahella ka morao; eaba o oela moo ’me o shoella moo a neng a le hona teng. Bohle ba neng ba fihla sebakeng seo Asahele a oeleng le ho shoella ho sona ba ne ba ema.+
24 Joabe le Abishai ba qala ho lelekisa Abnere. Ha letsatsi le likela ba fihla leralleng la Ama, le leng ka pel’a Gia tseleng e eang lefeelleng la Gibeone.+
25 Bara ba Benjamine ba qala ho phutheha ka mor’a Abnere, ’me ea e-ba sehlopha se le seng ’me ba ’na ba ema tlhōrōng ea leralla le leng.
26 Abnere a qala ho hoeletsa Joabe a re: “Na lerumo le tla ja+ ka ho sa feleng? Na ha u tsebe hore ruri bohloko bo tla ba teng qetellong?+ Joale, e tla ba halelele hakae pele u re batho ba tlohele ho latela barab’abo bona?”+
27 Eaba Joabe o re: “Ka Molimo oa ’nete ea phelang,+ haeba u ne u sa bua,+ joale batho bana ba ka be ba khutlisitsoe hoseng, hore e mong le e mong a se ke a latela mor’abo.”
28 Joale Joabe a letsa lenaka,+ eaba batho kaofela baa ema ’me ha baa ka ba hlola ba tsoela pele ho lelekisa Baiseraele, ’me ha baa ka ba hlola ba tsosolosa ntoa.
29 Ha e le Abnere le banna ba hae, ba tsamaea ho pholletsa le Araba+ bosiu boo bohle ’me ba qala ho tšela Jordane+ eaba ba tsamaea ho pholletsa le khohlo eohle ’me qetellong ba fihla Mahanaime.+
30 Ha e le Joabe, a khutla ho lateleng Abnere ’me a qala ho phutha batho bohle. Ho bahlanka ba Davida ho ne ho haella banna ba leshome le metso e robong le Asahele.
31 Bahlanka ba Davida ba ne ba bolaile ba Benjamine le ba banna ba Abnere—ho ne ho shoele banna ba makholo a mararo le mashome a tšeletseng.+
32 Ba nka Asahele+ ’me ba mo pata sebakeng sa lepato sa ntat’ae,+ se leng Bethlehema.+ Joale Joabe le banna ba hae ba qala ho tsamaea bosiu bohle, ’me ba fihla Hebrone ka meso.+