2 Marena 6:1-33
6 Bara+ ba baprofeta ba qala ho re ho Elisha: “Bona, joale! Sebaka+ seo re lulang ho sona ka pel’a hao se patisane+ haholo bakeng sa rōna.
2 Ka kōpo, e-re re tsamaee ho ea fihla Jordane ’me e mong le e mong a inkele balaka moo ’me re iketsetse+ sebaka seo re ka lulang ho sona.” Kahoo a re: “Tsamaeang.”
3 E mong ea itseng a tsoela pele ho re: “Ka kōpo, tloo, ’me u tsamaee le bahlanka ba hao.” Eaba o re: “Ke tla ea.”
4 Ka lebaka leo a ea le bona, ’me qetellong ba fihla Jordane ’me ba qala ho rema lifate.+
5 E mong ea itseng o ne a ntse a ratha balaka, eaba hloohoana ea selepe+ e oela ka metsing. A qala ho hoeletsa ’me a re: “Oho, mong’a ka,+ etsoe se ne se alimiloe!”+
6 Joale monna oa Molimo oa ’nete a re: “E oetse hokae?” Kahoo a mo bontša sebaka. Kapele-pele a ratha sekoto sa lehong ’me a se akhela moo eaba o phaphamatsa hloohoana eo ea selepe.+
7 Joale a re: “Iphahamisetse eona.” Hang-hang a otlolla letsoho ’me a e nka.
8 Morena oa Syria+ a loantša Iseraele. Ka lebaka leo a rerisana le bahlanka ba hae,+ a re: “Le tla hloma liahelo le ’na sebakeng se itseng.”+
9 Joale monna oa Molimo+ oa ’nete a romeletsa ho morena oa Iseraele, a re: “U itebele hore u se ke ua feta sebakeng sena,+ hobane ke hona moo Basyria ba theohelang teng.”+
10 Kahoo morena oa Iseraele a romeletsa sebakeng seo monna oa Molimo oa ’nete a neng a mo boleletse sona.+ A mo lemosa,+ ’me a suthela thōko le moo, eseng hang kapa habeli.
11 Ka lebaka leo pelo ea morena oa Syria ea halefa ka lebaka la taba ena,+ hoo a ileng a bitsa bahlanka ba hae ’me a re ho bona: “Na le ke ke la mpolella hore na ke mang oa rōna ea emelang morena oa Iseraele?”+
12 Joale e mong oa bahlanka ba hae a re: “Ha ho le ea mong, khosi ea ka morena, empa ke moprofeta Elisha+ ea leng Iseraele ea bolellang+ morena oa Iseraele lintho tseo u li buang ka kamoreng ea hao ea ho robala e ka hare.”+
13 Kahoo a re: “E-eang ’me le bone moo a leng teng, e le hore nka romeletsa ’me ka mo nka.”+ Hamorao a tlaleheloa, ha thoe: “Ke eane Dothane.”+
14 Kapele-pele a romela lipere le likoloi tsa ntoa le lebotho+ le matla la sesole moo; ba fihla bosiu ’me ba teela motse hare.
15 Ha mosebeletsi+ oa monna oa Molimo oa ’nete a tsoha hoseng, ’me a tsoela ka ntle, lebotho la sesole le ne le pota-potile motse ka lipere le likoloi tsa ntoa. Hang-hang mohlanka oa hae a re ho eena: “Oho, mong’a ka!+ Re tla etsa joang?”
16 Empa a re: “U se ke ua tšoha,+ etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.”+
17 Elisha a qala ho rapela+ ’me a re: “Ka kōpo, Jehova, tutubolla mahlo+ a hae, e le hore a ka bona.” Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka eo, hoo a ileng a bona; bonang! sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi+ tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha ka hohle.+
18 Ha ba qala ho theohela ho eena, Elisha a tsoela pele ho rapela Jehova a re: “Ka kōpo, otla sechaba sena ka bofofu.”+ Kahoo a se otla ka bofofu ho ea ka lentsoe la Elisha.
19 Joale Elisha a re ho bona: “Ena hase tsela, ’me ona hase motse. Ntateleng, ’me ke le ise ho monna eo le mo batlang.” Leha ho le joalo, a ba isa Samaria.+
20 Eitse hang ha ba fihla Samaria, joale Elisha a re: “Jehova, tutubolla mahlo a bona e le hore ba ka bona.”+ Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a bona, ’me ba bona; joale ba ne ba le har’a Samaria.
21 Joale hang ha morena oa Iseraele a ba bona a re ho Elisha: “Na ke ba bolaee, na ke ba bolaee,+ Ntate?”+
22 Empa a re: “U se ke ua ba bolaea. Na bao u ba isitseng kholehong ka sabole ea hao le ka seqha sa hao ke bona bao u ba bolaeang?+ Beha bohobe le metsi ka pel’a bona e le hore ba ka ja le ho noa+ ’me ba ee ho morena oa bona.”
23 Ka lebaka leo a ba lokisetsa mokete o moholo; ba qala ho ja le ho noa, ka mor’a moo a re ba tsamaee ’me ba ea ho morena oa bona. Lihlopha tsa bafutuhi+ tsa Basyria ha lia ka tsa hlola li tla hape naheng ea Iseraele.
24 Eitse ka mor’a moo Ben-hadade morena oa Syria a bokella lebotho lohle la hae eaba oa nyoloha ho ea lika-liketsa+ Samaria.
25 Ka mor’a nako tlala e khōlō ea e-ba teng Samaria,+ ’me, bonang! ba ne ba e lika-likelitse ho fihlela hlooho+ ea esele e ka rekoa ka likotoana tsa silevera tse mashome a robeli, ’me karolo ea bone ea tekanyo ea kabe ea mantle+ a leeba e le likotoana tsa silevera tse hlano.
26 Eitse ha morena oa Iseraele a feta holim ’a lerako mosali ea itseng a mo hoeletsa, a re: “Pholosa, Khosi ea ka morena!”+
27 Eaba o re: “Haeba Jehova a sa u pholose, ke tla u pholosa ka eng?+ ebang ke ka se tsoang seotlong kapa se tsoang sehatelong sa veine kapa sa oli?”
28 Morena a tsoela pele ho re ho eena: “Molato ke’ng ka uena?” Kahoo a re: “Mosali eena enoa o itse ho ’na, ‘Fana ka mora oa hao e le hore re ka mo ja kajeno, ’me hosasane re tla ja mora oa ka.’+
29 Ka lebaka leo ra pheha+ mora oa ka ’me ra mo ja.+ Joale ka letsatsi le hlahlamang ka re ho eena, ‘Fana ka mora oa hao e le hore re ka mo ja.’ Empa a pata mora oa hae.”
30 Eitse hang ha morena a utloa mantsoe a mosali eo, kapele-pele a hahola+ liaparo tsa hae; ha a feta holim ’a lerako, batho ba talima, ’me, bonang! o ne a apere lesela la mokotla ka hare nameng.
31 A tsoela pele ho re: “E se eka Molimo a ka nketsa joalo, ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo, haeba hlooho ea Elisha mora oa Shafate e tsoela pele e eme holim ’a hae kajeno!”+
32 Elisha o ne a lutse ka tlung ea hae, ’me banna ba baholo ba ne ba lutse le eena,+ ha a ne a roma monna ea tlohang ka pel’a hae. Pele lenģosa le ka kena ho eena, a re ho banna ba baholo: “Na le bone kamoo mora eo oa ’molai+ a romelelitseng kateng ho nkhaola hlooho? Tiisang hore: hang ha lenģosa le tla, le koale monyako, ’me le le thibelle ka lemati. Na ha ho na liqi+ tsa morena oa lona ka mor’a lona?”
33 Ha a sa ntse a bua le bona, bonang! lenģosa le ne le theohela ho eena, ’me morena a re: “Tlokotsi ke ena e tsoang ho Jehova.+ Ke hobane’ng ha ke sa ntse ke lokela ho letela Jehova?”+