2 Likronike 36:1-23
36 Joale batho ba naha ba nka Joakaze+ mora oa Josiase ’me ba mo etsa morena sebakeng sa ntat’ae Jerusalema.+
2 Joakaze o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo.+
3 Leha ho le joalo, morena oa Egepeta a mo tlosa Jerusalema+ ’me a lefisa naha litalenta tsa silevera+ tse lekholo le talenta ea khauta.
4 Ho feta moo, morena+ oa Egepeta a etsa hore Eliakime+ mor’abo e be morena oa Juda le Jerusalema ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime; empa Joakaze mor’abo, Neko+ a mo nka ’me a mo tlisa Egepeta.+
5 Jojakime+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong;+ a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova Molimo oa hae.+
6 Nebukadnezare+ morena oa Babylona a mo futuhela+ e le hore a ka mo tlama ka litlamo tse peli tsa koporo hore a mo ise Babylona.+
7 Nebukadnezare+ a tlisa tse ling tsa lisebelisoa+ tsa ntlo ea Jehova Babylona a ntan’o li kenya ka tlung ea hae ea ’muso Babylona.+
8 Ha e le litaba+ tse ling kaofela tsa Jojakime le lintho tsa hae tse manyala+ tseo a ileng a li etsa le se ileng sa fumanoa khahlanong le eena, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Iseraele le a Juda; mora oa hae Jojakine+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
9 Jojakine+ o ne a le lilemo li leshome le metso e robeli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli+ tse tharo le matsatsi a leshome; a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+
10 Ha selemo se thoasa+ Morena Nebukadnezare a romeletsa+ ’me a mo tlisa Babylona+ le lintho tse lakatsehang tsa ntlo ea Jehova.+ Ho ekelletsa moo, a etsa Tsedekia+ mor’abo ntat’ae morena oa Juda le Jerusalema.+
11 Tsedekia+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a motso o mong ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong.+
12 A tsoela pele ho etsa se sebe+ mahlong a Jehova Molimo oa hae. Ha aa ka a ikokobetsa+ ka lebaka la moprofeta+ Jeremia+ ka taelo ea Jehova.
13 A fetohela esita le Morena Nebukadnezare,+ ea neng a mo hlapantšitse ka Molimo;+ a ’na a satalatsa+ molala ’me a thatafatsa+ pelo e le hore a se ke a khutlela ho Jehova Molimo oa Iseraele.
14 Esita le baokameli bohle ba baprista+ le batho ba etsa ka ho se tšepahale ka tekanyo e khōlō, ho ea ka lintho tsohle tse manyala+ tsa lichaba, hoo ba ileng ba silafatsa ntlo ea Jehova eo a neng a e halalelitse Jerusalema.+
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a romeletsa khahlanong le bona ka manģosa+ a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho+ ba hae le sebaka sa hae sa bolulo.+
16 Empa ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho+ ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe+ a hae le ho soma+ baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo+ ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.+
17 Kahoo a nyolla morena oa Bakalde+ khahlanong le bona, ea ileng a bolaea bahlankana ba bona ka sabole+ ka tlung ea sehalalelo+ sa bona, hape ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa.+ A nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe letsohong la hae.
18 Lisebelisoa+ tsohle, tse khōlō+ le tse nyenyane, tsa ntlo ea Molimo oa ’nete le matlotlo+ a ntlo ea Jehova le matlotlo a morena+ le a likhosana tsa hae, a tlisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe Babylona.
19 A chesa ntlo ea Molimo+ oa ’nete le ho heletsa lerako+ la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang,+ e le hore ba bake tšenyo.+
20 Ho feta moo, ba phonyohileng sabole a ba isa kholehong Babylona,+ ’me ea e-ba bahlanka ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela borena ba Persia+ bo qala ho busa;
21 ho phethahatsa lentsoe la Jehova ka molomo oa Jeremia,+ ho fihlela naha e lefile lisabatha+ tsa eona. E ile ea boloka sabatha ka matsatsi ’ohle a ho ba lesupi, ho phethahatsa lilemo tse mashome a supileng.+
22 Ka selemo sa pele sa Cyruse+ morena oa Persia,+ e le hore lentsoe la Jehova+ ka molomo oa Jeremia+ le ka phethahala, Jehova a tsosa moea+ oa Cyruse morena oa Persia molota, hoo a ileng a fetisa mohoo ho pholletsa le ’muso oohle oa hae, a ba a o ngola,+ o reng:
23 “Sena ke seo Cyruse morena oa Persia+ a se boletseng, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile+ mebuso eohle ea lefatše, ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, e Juda.+ Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho+ ba hae, Jehova Molimo oa hae a be le eena.+ Kahoo a ke a nyolohe.’”+