2 Likronike 16:1-14
16 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tšeletseng sa puso ea Asa, Basha+ morena oa Iseraele a futuhela Juda ’me a qala ho haha Rama,+ e le hore a se ke a lumella leha e le mang ho tsoa kapa ho kena ho Asa morena oa Juda.+
2 Joale Asa a ntša silevera le khauta matlotlong a ntlo+ ea Jehova le a ntlo+ ea morena ’me a romeletsa ho Ben-hadade+ morena oa Syria,+ ea neng a lula Damaseka,+ a re:
3 “Ho na le selekane pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa Ntate le ntat’ao. Bona! ke u romela silevera le khauta. E-ea, u robe selekane sa hao le Basha+ morena oa Iseraele, e le hore a ka ntlohela.”+
4 Kahoo Ben-hadade a mamela Morena Asa eaba o romela balaoli ba mabotho a hae a sesole hore ba futuhele metse ea Iseraele, hoo ba ileng ba hlasela Ijone+ le Dane+ le Abele-maime+ le libaka+ tsohle tsa polokelo tsa metse ea Nefthali.+
5 Eitse hang ha Basha a utloa ka hona, kapele-pele a khaotsa ho haha Rama ’me a emisa mosebetsi oa hae.+
6 Ha e le Morena Asa, a nka Bajuda+ bohle, ’me ba nka majoe a Rama+ le lifate tsa eona tseo Basha a neng a hahile ka tsona,+ ’me a qala ho haha Geba+ le Mizpa+ ka tsona.
7 Nakong eo Hanani+ seboni a tla ho Asa morena oa Juda a ntan’o re ho eena: “Kahobane u itšetlehile ka morena oa Syria+ ’me ha ua ka ua itšetleha ka Jehova Molimo oa hao,+ ka lebaka leo lebotho la sesole la morena oa Syria le phonyohile letsohong la hao.
8 Na Baethiopia+ le Balybia+ e ne e se lebotho la sesole le leholo haholo, ka likoloi le ka banna ba lipere;+ ka lebaka la ho itšetleha ha hao ka Jehova na ha aa ka a nehelana ka bona letsohong la hao?+
9 Etsoe, ha e le Jehova, mahlo+ a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše+ lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo+ tsa bona li feletseng ho eena. U entse ka booatla+ mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.”+
10 Leha ho le joalo, Asa a khopehela seboni seo ’me a se kenya ka tlung ea metšoaso,+ hobane o ne a se halefetse ka lebaka la sena.+ Asa a qala ho hatella+ batho ba bang ka nako eona eo.
11 Bonang! Litaba tsa Asa, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Juda le a Iseraele.
12 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ea hae Asa a ba le boloetse ba maoto ho fihlela a kula haholo;+ esita le ha a kula ha aa ka a batla Jehova+ empa o ile a batla bafolisi.+
13 Qetellong Asa a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a shoa ka selemo sa mashome a mane a motso o mong sa ho busa ha hae.
14 Kahoo ba mo pata sebakeng+ sa hae se seholo sa lepato seo a neng a ikepetse sona Motseng oa Davida;+ ba mo robatsa betheng e neng e tlatsitsoe ka oli ea balsame+ le mefuta e fapaneng ea mafura+ e tsoakiloeng ka mafura a moetso o khethehileng.+ Ho ekelletsa moo, ba mo etsetsa secheso+ sa lepato se seholo ka ho sa tloaelehang.