1 Timothea 2:1-15
2 Ka hona kea eletsa, pele ho tsohle, hore lithapeli, lithapelo,+ lithapello, ho fanoa ha liteboho, li etsoe malebana le batho ba mefuta eohle,+
2 malebana le marena+ le bohle ba boemong bo phahameng;+ e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo+ bo feletseng.
3 Sena se setle ’me sea khahlisa+ mahlong a Mopholosi oa rōna, Molimo,+
4 eo thato ea hae e leng hore batho+ ba mefuta eohle ba pholohe+ ’me ba fihle tsebong e nepahetseng+ ea ’nete.+
5 Etsoe ho na le Molimo+ a le mong, le mokena-lipakeng+ a le mong pakeng tsa Molimo+ le batho,+ motho, Kreste Jesu,+
6 ea ileng a inehela e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle+—sena se tla pakoa ka linako tsa sona.
7 Ka morero oa bopaki+ bona ke ile ka behoa ’moleli le moapostola+—ke bolela ’nete,+ ha ke bue leshano—mosuoe oa lichaba+ tabeng ea tumelo+ le ’nete.
8 Ka hona ke lakatsa hore sebakeng se seng le se seng banna ba tsoele pele ho rapela, ba phahamisa matsoho+ a tšepahalang, kantle le khalefo+ le ho pheha khang.+
9 Ka ho tšoanang ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho+ le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo+ tsa theko e boima haholo,
10 empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo+ tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi+ e molemo.
11 Mosali a ke a ithute a khutsitse ka ho ipeha tlaase ho feletseng.+
12 Ha ke lumelle mosali ho ruta,+ kapa ho sebelisa matla holim ’a monna,+ empa hore a khutse.
13 Etsoe Adama o ile a bōptjoa pele, ha ntan’o bōptjoa Eva.+
14 Hape, Adama ha aa ka a thetsoa,+ empa mosali o ile a thetsoa+ ka ho phethahetseng ’me a ba tlōlong.+
15 Leha ho le joalo, o tla sireletsoa ka ho tsoala bana,+ hafeela ba tsoela pele tumelong le leratong le khalaletsong hammoho le ho hlaphoheloa kelellong.+