1 Marena 5:1-18
5 Hirame+ morena oa Tyre+ a romela bahlanka+ ba hae ho Solomone, kaha o ne a utloile hore ke eena eo ba neng ba mo tlotsitse hore e be morena sebakeng sa ntat’ae; etsoe kamehla Hirame o ’nile a rata Davida.+
2 Solomone le eena a romeletsa ho Hirame, a re:+
3 “U tseba hantle hore Ntate Davida ha aa ka a khona ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa hae ntlo ka lebaka la ntoa+ eo ba neng ba mo lika-likelitse ka eona, ho fihlela Jehova a ba beha tlas’a bohato ba maoto a hae.
4 Joale Jehova Molimo oa ka o mphile phomolo ka hohle.+ Ha ho na mohanyetsi, ’me ha ho letho le lebe le etsahalang.+
5 Bona! ke nahana ho hahela lebitso la Jehova Molimo oa ka ntlo,+ feela joalokaha Jehova a tšepisitse Ntate Davida, a re, ‘Mora oa hao eo ke tla mo beha teroneng ea hao sebakeng sa hao, ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo.’+
6 Joale laela hore ba nthemele likedare tse tsoang Lebanone;+ bahlanka ba ka ba tla ba le bahlanka ba hao, ’me ke tla u fa meputso ea bahlanka ba hao ho ea ka sohle seo u ka se buang, etsoe u tseba hantle hore har’a rōna ha ho ea tsebang ho rema lifate joaloka Basidone.”+
7 Eitse hang ha Hirame+ a utloa mantsoe a Solomone, a qala ho thaba haholo, ’me a tsoela pele ho re: “Ho bokoe+ Jehova kajeno ka hore ebe o file Davida mora ea bohlale+ hore a okamele sechaba+ sena se sengata!”
8 Ka lebaka leo Hirame a romeletsa ho Solomone, a re: “Ke utloile seo u nthometseng sona. Ke tla etsa sohle seo u se thabelang tabeng ea lifate tsa kedare le lifate tsa junipere.+
9 Bahlanka ba ka ba tla li theola ho tloha Lebanone+ ho ea leoatleng; ke tla li etsa likoqo tse matahantsoeng tse phaphamalang hore li tsamaee leoatleng ho ea fihla sebakeng seo u tla ntsebisa sona;+ ka sebele ke tla etsa hore li rathoe moo, ’me u tla li nka; u tla etsa seo ke se thabelang ka ho fa ba ntlo ea ka lijo.”+
10 Kahoo Hirame a fa Solomone lifate tsa kedare le lifate tsa junipere ho ea ka sohle seo a se thabelang.
11 Solomone a fa Hirame litekanyo tsa kore+ tse likete tse mashome a mabeli tsa koro e le phepelo ea lijo bakeng sa ba ntlo ea hae le litekanyo tsa kore tse mashome a mabeli tsa oli e ntšitsoeng ka ho tuloa.+ Ke sona seo Solomone a ileng a ’na a se fa Hirame selemo le selemo.+
12 Jehova a fa Solomone bohlale, feela joalokaha a ne a mo tšepisitse;+ ha e-ba le khotso pakeng tsa Hirame le Solomone, ’me ka bobeli ba hlaba selekane.
13 Morena Solomone a ’na a nyolla ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang ho tsoa Iseraele eohle; ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang+ ea e-ba banna ba likete tse mashome a mararo.
14 O ne a ba romela Lebanone ka lihlopha tsa ba likete tse leshome ka khoeli. Ka khoeli ba ne ba hlola Lebanone, ka likhoeli tse peli ba hlola malapeng+ a bona; Adonirame+ o ne a okametse ba ngolisitsoeng+ bakeng sa mosebetsi o qobelloang.+
15 Solomone a ba+ le bajari+ ba meroalo ba likete tse mashome a supileng le ba likete tse mashome a robeli ba betlang+ majoe thabeng,+
16 ntle ho matona+ a likhosana a Solomone a neng a okametse mosebetsi, a ba le balaoli+ ba likete tse tharo le makholo a mararo ba okametseng batho ba neng ba tšoarehile mosebetsing.
17 Ka lebaka leo morena a laela hore ba fate majoe a maholo, majoe a theko e boima,+ hore ba rale motheo+ oa ntlo ka majoe a betliloeng.+
18 Kahoo lihahi tsa Solomone le lihahi tsa Hirame le Bagebale+ ba betla, ’me ba ’na ba lokisa lifate le majoe ho haha ntlo.