1 Johanne 4:1-21
4 Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng,+ empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo,+ hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.+
2 Le tseba polelo e bululetsoeng e tsoang ho Molimo+ ka sena: Polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng e bolelang hore Jesu Kreste o tlile ka nama e simoloha ho Molimo,+
3 empa polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng e sa boleleng Jesu ha e simolohe ho Molimo.+ Ho feta moo, ena ke polelo e bululetsoeng ea mohanyetsi oa Kreste eo le utloileng hore ea tla,+ ’me joale e se e le lefatšeng.+
4 Bana ba banyenyane, le simoloha ho Molimo, ’me le hlōtse batho bao,+ hobane ea leng bonngoeng+ le lōna o moholo+ ho feta ea leng bonngoeng le lefatše.+
5 Ba simoloha lefatšeng;+ ke ka lebaka leo ba buang se tsoang lefatšeng ’me lefatše lea ba mamela.+
6 Re simoloha ho Molimo.+ Ea tsebang Molimo oa re mamela;+ ea sa simoloheng ho Molimo ha a re mamele.+ Ona ke mokhoa oo re elelloang ka oona polelo e bululetsoeng ea ’nete le polelo e bululetsoeng ea phoso.+
7 Baratuoa, a re tsoeleng pele ho ratana,+ hobane lerato+ le tsoa ho Molimo, ’me e mong le e mong ea ratang o tsoetsoe ke Molimo+ ’me o tseba Molimo.+
8 Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.+
9 Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena,+ hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši+ lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.+
10 Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo+ sa poelano+ bakeng sa libe tsa rōna.+
11 Baratuoa, haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.+
12 Ha ho nako eo ka eona mang kapa mang a kileng a bona Molimo.+ Haeba re tsoela pele ho ratana, Molimo o lula ho rōna ’me lerato la hae le etsoa le phethahetseng ho rōna.+
13 Re tseba ka sena hore re lutse bonngoeng+ le eena ’me eena o bonngoeng le rōna,+ hobane o re file moea oa hae.+
14 Ho phaella moo, re bone+ ’me re paka+ hore Ntate o rometse Mora oa hae e le Mopholosi oa lefatše.+
15 Mang kapa mang ea bolelang hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo,+ Molimo o lula bonngoeng le eena ’me eena o lula bonngoeng le Molimo.+
16 Rea tseba ’me re lumetse lerato+ leo Molimo a nang le lona ho rōna.
Molimo ke lerato,+ ’me ea lulang leratong+ o lula bonngoeng le Molimo ’me Molimo o lula bonngoeng+ le eena.
17 Ona ke mokhoa oo ka oona lerato le entsoeng le phethahetseng ho rōna, e le hore re ka bua ka bolokolohi+ ka letsatsi la kahlolo,+ hobane, hantle feela kamoo eo a leng kateng, ke kamoo re leng kateng lefatšeng lena.+
18 Ha ho tšabo leratong,+ empa lerato le phethahetseng le lahlela tšabo ka ntle,+ hobane tšabo e baka thibelo. Ka sebele, ea laoloang ke tšabo ha aa etsoa ea phethahetseng leratong.+
19 Ha e le rōna, rea rata, hobane o ile a re rata pele.+
20 Haeba leha e le mang a re: “Ke rata Molimo,” leha ho le joalo a hloile mor’abo, o leshano.+ Etsoe ea sa rateng mor’abo,+ eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.+
21 Re na le taelo ena e tsoang ho eena,+ hore ea ratang Molimo o lokela ho rata le mor’abo.+