1 Bakorinthe 1:1-31
1 Pauluse, ea bitselitsoeng ho ba moapostola+ oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo,+ le mor’abo rōna Sosthene+
2 ho phutheho ea Molimo e Korinthe,+ ho lōna ba halalelitsoeng+ bonngoeng le Kreste Jesu, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli,+ hammoho le bohle bao hohle ba ipiletsang lebitsong+ la Morena oa rōna, Jesu Kreste, Morena oa bona le oa rōna:+
3 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang+ le khotso+ e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
4 Kamehla ke leboha Molimo bakeng sa lōna ka lebaka la mosa o sa tšoanelang+ oa Molimo oo le ileng la o fuoa ho Kreste Jesu;+
5 hore nthong e ’ngoe le e ’ngoe le ruisitsoe+ ho eena, ka bokhoni bo feletseng ba ho bua le ka tsebo+ e feletseng,
6 esita le joalokaha bopaki bo mabapi le Kreste+ bo tiisitsoe har’a lōna,
7 e le hore ho hang le se ke la haelloa mphong+ leha e le efe, ha ka tabatabelo le ntse le letetse tšenolo+ ea Morena oa rōna Jesu Kreste.
8 Hape o tla le tiisa+ ho isa bofelong, e le hore le ka ba ba ke keng ba qosoa+ ka letsatsi+ la Morena oa rōna Jesu Kreste.+
9 Molimo oa tšepahala,+ ea ileng a le bitsetsa hore le be le kabelo+ le Mora oa hae Jesu Kreste Morena oa rōna.
10 Joale kea le eletsa,+ barab’eso, ka lebitso+ la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano,+ le hore ho se ke ha e-ba le likarohano+ har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.+
11 Etsoe ke ile ka senoleloa+ mabapi le lōna, barab’eso, ke ba ntlo ea Kloe, hore ho hloka kutloano ho teng har’a lōna.
12 Seo ke se bolelang ke sena, hore e mong le e mong oa lōna o re: “’Na ke oa Pauluse,” “Empa ’na ke oa Apolose,”+ “Empa ’na ke oa Kefase,” “Empa ’na ke oa Kreste.”
13 Kreste o arohane.+ Pauluse ha aa ka a khokhothelleloa lōna thupeng, na ha ho joalo? Kapa na le ile la kolobetsoa+ ka lebitso la Pauluse?
14 Ke leboha hore ebe ha kea ka ka kolobetsa le ea mong oa lōna haese Krispase+ le Gaiase,+
15 e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka reng le ile la kolobetsoa ka lebitso la ka.
16 E, hape ke ile ka kolobetsa ba ntlo ea Setefanase.+ Ha e le ba bang kaofela, ha ke tsebe hore na ebe ke ile ka kolobetsa motho leha e le mang e mong.
17 Kaha Kreste ha aa ka a nthoma+ hore ke tsamaee ke kolobetsa, empa o nthomile hore ke tsamaee ke bolela litaba tse molemo, eseng ka puo e bohlale,+ e le hore thupa ea tlhokofatso ea Kreste e se ke ea etsoa e se nang thuso.
18 Etsoe puo e mabapi le thupa ea tlhokofatso ke booatla+ ho ba timelang,+ empa ho rōna ba ntseng ba pholosoa,+ ke matla a Molimo.+
19 Kaha ho ngoliloe: “Ke tla timetsa bohlale ba banna ba bohlale,+ ’me ke tla qhelela ka thōko+ ho ba le kelello ha banna ba nang le kelello.”+
20 Monna ea bohlale o kae? Mongoli+ o kae? Mopheha-khang+ oa tsamaiso ee ea lintho+ o kae? Na Molimo ha aa ka a etsa bohlale ba lefatše lee booatla?+
21 Etsoe kaha, bohlaleng ba Molimo, lefatše bohlaleng+ ba lona ha lea ka la tseba Molimo,+ Molimo o ile a bona ho le molemo ka booatla+ ba se boleloang ho pholosa ba lumelang.
22 Etsoe Bajuda ba kōpa lipontšo+ ’me Bagerike ba batla bohlale;+
23 empa re bolela Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng,+ ho Bajuda ke sesosa sa ho khoptjoa+ empa ho lichaba ke booatla;+
24 leha ho le joalo, ho ba bitsitsoeng, Bajuda le Bagerike, Kreste ke matla+ a Molimo le bohlale+ ba Molimo.
25 Hobane ntho e booatla ea Molimo e bohlale ho feta batho, ’me ntho e fokolang ea Molimo e matla ho feta batho.+
26 Etsoe le bona ho le bitsa ha hae, barab’eso, hore hase ba bangata ba bohlale+ ka tsela ea nama ba ileng ba bitsoa,+ hase ba bangata ba matla,+ hase ba bangata ba tsoalo ea borena;
27 empa Molimo o ile a khetha lintho tse booatla tsa lefatše,+ e le hore a ka hlabisa banna ba bohlale lihlong; Molimo o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa lintho tse matla lihlong;+
28 Molimo o ile a khetha lintho tse eisehang tsa lefatše le lintho tse shebeloang tlaase, lintho tse sieo,+ e le hore a ka etsa lintho tse teng lefeela,+
29 e le hore ho se ke ha e-ba le nama e ka ithorisang+ mahlong a Molimo.
30 Empa ke ka lebaka la hae le leng bonngoeng le Kreste Jesu, eo ho rōna a fetohileng bohlale+ bo tsoang ho Molimo, le ho loka+ le khalaletso+ le tokollo ka thekollo;+
31 e le hore ho ka ba feela joalokaha ho ngoliloe: “Ea ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.”+