Na re Lokela ho Rapela Bahalaleli?

Na re Lokela ho Rapela Bahalaleli?

BATHO ba bangata ba na le mathata ’me ba utloa eka ba ka kōpa motho ea itseng hore a ba thuse. Ho itšetlehile ka hore na ke bothata bofe bo re tšoenyang, mohlomong re ka khetha ho bua le motsoalle ea nang le kutloelo-bohloko le ea kileng a tobana le bothata boo. Ka sebele motsoalle ea nang le phihlelo le kutloelo-bohloko ke oa bohlokoa.

Batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa joalo tabeng ea thapelo. Ho e-na le ho rapela Molimo eo mohlomong ba nkang hore o ba phahametse ebile baa mo tšaba, ba ikutloa ba phutholohile ho rapela bahalaleli. Ba re kaha bahalaleli ba fetile litekong le mathateng a atisang ho hlahela batho, ba tla re utloela bohloko haholoanyane. Ka mohlala, batho ba lahlehetsoeng ke thepa ea bohlokoa, ba ka ’na ba khetha ho rapela “Mohalaleli” Anthony oa Padua—e leng eena ea thusang batho ba lahlehetsoeng ke thepa kapa ba utsoelitsoeng. Ba bang ha ba rapella phoofolo e kulang, ba ka ’na ba khetha ho rapela “Mohalaleli” Francis oa Assisi kapa ba rapela “Mohalaleli” Jude Thaddeus ha ba nyahamisitsoe ke boemo boo ba ke keng ba bo fetola.

Leha ho le joalo, re ka tiiseha joang hore ho ea ka Mangolo, ho loketse ho rapela bahalaleli? Kaha ha re rapela re buisana le Molimo, ka sebele re rata ho tseba karabo ea potso ena: Na o utloa lithapelo tsa rōna? Re boetse re lokela ho ipotsa: Molimo o ikutloa joang ha re rapela bahalaleli?

PONO EA BIBELE KA HO RAPELA BAHALALELI

Ho rapela bahalaleli ho thehiloe thutong ea Kereke e K’hatholike ea hore bahalaleli ba buella batho ho Molimo. Ho latela New Catholic Encyclopedia, taba e ka sehloohong ke hore “lithapelo li fetisoe ke motho eo Molimo a mo fileng tokelo ea ho etsa joalo e le hore ea hlokang thuso a hauheloe.” Kahoo, motho ea rapelang bahalaleli o tšepa hore Molimo o tla mo fa seo a se hlokang kaha ba hlohonolofalitsoe.

Na Bibele e ruta thuto ee? Ba bang ba re moapostola Pauluse ke eena ea ralileng motheo oa hore bahalaleli ba rapeloe mangolong a hae. Ka mohlala, ha a ngolla Bakreste ba Roma o ile a re: “Joale kea le eletsa, barab’eso, ka Morena oa rōna Jesu Kreste le ka lerato la moea, hore le ikitlaetse le ’na lithapelong ho Molimo bakeng sa ka.” (Baroma 15:30) Na Pauluse o ne a kōpa Bakreste-’moho le eena hore ba mo buelle ho Molimo? Le hanyenyane. Ho e-na le hoo, ke bona ba neng ba ka kōpa Pauluse, moapostola oa Kreste hore a ba buelle. Pauluse o ne a bontša hore ho loketse ho kōpa Mokreste-’moho le rōna ho re rapella ho Molimo. Empa ke ntho e fapaneng ka ho feletseng ho rapela motho eo ho lumeloang hore o leholimong, e le hore a bolelle Molimo seo re se kōpang. Hobane’ng?

 Kosepeleng ea moapostola Johanne, Jesu o re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) O boetse o re: ‘Tsohle tseo le li kōpang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.’ (Johanne 15:16, The New Jerusalem Bible) Jesu ha aa ka a re re lokela ho lebisa lithapelo tsa rōna ho eena ebe o re buella ho Molimo. Ho e-na le hoo, e le hore Molimo a utloe lithapelo tsa rōna, re lokela ho li lebisa ho eena ka Jesu eseng ka motho e mong.

Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba mo kōpa hore a ba rute ho rapela, Jesu o ile a araba a re: “Neng kapa neng ha le rapela, le re, ‘Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’” (Luka 11:2) Ha e le hantle, “neng kapa neng,” kapa ka linako tsohle ha re rapela re lokela ho rapela Molimo ka ho toba, eseng Jesu kapa motho e mong. Ha re nahana ka lithuto tsena tse hlakileng tsa Jesu, na hase ho utloahalang ho etsa qeto ea hore lithapelo tsa rōna li lokela ho lebisoa ho Molimo ka Jesu, eseng ka bakena-lipakeng kapa “bahalaleli”?

Thapelo ke karolo ea bohlokoa haholo ea borapeli ba rōna, ’me ho hlakile hore ho rapela mang kapa mang ntle ho Molimo, ha ho tumellanong le se rutoang ke Bibele. (Johanne 4:23, 24; Tšenolo 19:9, 10) Ka lebaka leo re lokela ho rapela Molimo feela.

NA U LOKELA HO TŠABA HO BUA LE MOLIMO?

Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a etsa mohlala ka ngoana ea kōpang ntate oa hae lijo. Na ntate oa hae a ka mo fa lejoe ho e-na le ho mo fa bohobe? Kapa na a ka mo fa noha e mahloko ho e-na le ho mo fa tlhapi? (Matheu 7:9, 10) E ka ba ho makatsang hore motsoali ea lerato a etse ntho e joalo!

Joaloka ntate ea ratang ngoana oa hae, Molimo o batla hore re buisane le eena

Inke u le motsoali papisong eo. Nka hore ngoana oa hao o lokela ho u kōpa ntho e itseng. U ’nile ua mo bontša lerato, ’me u entse hore a phutholohe ha a e-na le uena. Leha ho le joalo, o kōpa motho e mong hore a fetisetse kōpo ea hae ho uena, hobane a tšaba hore na u tla re’ng le hoja a se na mabaka. U ka ikutloa joang? U ka re’ng haeba kamehla a buisana le uena ka motho eo, ’me ho totobetse hore o ikemiselitse ho tsoela pele a etsa joalo? Na u ka thabela seo? Ho hlakile hore u ke ke ua thaba! Batsoali ba lerato ba batla hore bana ba bona ba buisane le bona ka ho toba ’me ba ikutloe ba phutholohile ho kōpa seo ba se hlokang.

Ha Jesu a hlalosa papiso eo ea ngoana ea kōpang lijo, o ile a re ho bongata: “Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fana ka lintho tse molemo joalo hakaakang ho ba mo kōpang!” (Matheu 7:11) Ha ho pelaelo hore motsoali o na le takatso e matla ea ho fa ngoana oa hae lintho tse molemo. Takatso ea Ntate oa rōna ea maholimong ea ho utloa lithapelo tsa rōna le ho li araba e matla le ho feta.

Molimo o batla hore re mo rapele ka ho toba, le hoja re imetsoe ke mefokolo ea rōna. Ha a abele batho ba bang hore e be bona ba utloang lithapelo tsa rōna. Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Ho e-na le ho tšepa hore bahalaleli kapa motho e mong o tla re buella, e ka ba hantle hore re be le pono e nepahetseng ka Jehova Molimo.

Ntate oa rōna ea maholimong o oa re tsotella re le batho ka bomong. O batla ho re thusa ha re e-na le mathata, ’me o re khothalletsa hore re mo atamele. (Jakobo 4:8) Re thabile hakaakang hore ebe re na le monyetla oa ho atamela Molimo oa rōna le Ntate oa rōna “Ea Utloang thapelo”!—Pesaleme ea 65:2.