RUTA BANA BA HAO

Petrose le Ananiase ba Ile ba Bua Leshano—Re ka Ithuta’ng?

Petrose le Ananiase ba Ile ba Bua Leshano—Re ka Ithuta’ng?

Joalokaha u tseba, leshano ke seo u se buang u tseba hore hase ’nete. Na u kile ua bua leshano? * Batho ba bang ba baholo ba ratang Molimo ba ile ba bua leshano. E ka ’na eaba ho na le motho eo u mo tsebang ka Bibeleng ea kileng a bua leshano. Lebitso la hae ke Petrose, e mong oa baapostola ba 12 ba Jesu. Mamela pale ea hore na ke hobane’ng ha a ile a bua leshano.

Ka mor’a hore Jesu a tšoaroe, o ile a isoa ntlong ea moprista ea phahameng. E ne e le bosiu haholo. Petrose o ile a kena lebaleng la ntlo ea moprista ea phahameng ho se na motho ea mo bonang. Ha ba ntse ba lutse mollong, ngoanana e mong ea neng a sebeletsa moprista ea phahameng, ea ileng a bulela Petrose, o ile a mo bona ka lebaka la khanya ea mollo. O ile a re: “Le uena u ne u e-na le Jesu.” Ka lebaka la ho tšoha Petrose o ile a hana.

Bibele e re hamorao “ngoanana e mong a mo hlokomela.” O ile a re: “Monna enoa o ne a e-na le Jesu.” Petrose o ile a hana hape. Ka mor’a nakoana, ba bang ba ile ba tla ho Petrose ’me ba re: “Ka sebele le uena u e mong oa bona.”

Petrose o ile a tšoha. Eaba o bua leshano hape ka lekhetlo la boraro, a re: “Monna eo ha ke mo tsebe!” Mokōkō oa lla. Jesu o ile a sheba Petrose eaba Petrose o hopola seo Jesu a ileng a mo bolella sona, ha a ne a re: “Pele mokōkō o lla, u tla ntatola ka makhetlo a mararo.” Petrose o ile a lla habohloko. O ile a ba masoabi hakaakang ka seo a se entseng!

Na le uena u ka etsahalloa ke ntho e joalo?— Ha u le sekolong u ka ’na ua utloa bana ba bang ba bua ka Lipaki Tsa Jehova. E mong a ka re, “Ha ba bine pina ea sechaba.” E mong a eketse ka ho re, “Ebile ha ba keteke matsatsi a tsoalo.” Ho sa le joalo e mong a be a re, “Hantle-ntle ha se Bakreste hobane ha ba keteke le Keresemese.” Ebe e mong ua u sheba, o re, “Na ha u Paki ea Jehova?” U tla re’ng?

U tlameha ho itokisetsa hore na u tla ba araba joang le  pele ntho e joalo e etsahala. Petrose eena o ne a sa itokisa. Ha a ne a hatelloa o ile a bua leshano! Leha ho le joalo, o ile a soaba haholo ke seo a ileng a se etsa ’me Molimo o ile a mo tšoarela.

Morutuoa e mong oa Jesu oa mehleng ea pele ea bitsoang Ananiase, le eena o ile a bua leshano. Empa Molimo ha aa ka a mo tšoarela ebile ha aa ka a tšoarela le Safira mosali oa hae. Safira o ile a lumellana le monna oa hae hore ba bue leshano. A re bone hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a tšoarela Ananiase le Safira.

Matsatsi a leshome ka mor’a hore Jesu a siee baapostola ba hae ’me a khutlele ho Molimo leholimong ho ile ha kolobetsoa batho ba ka bang 3 000, Jerusalema. Ba bangata ba ne ba tsoa linaheng tse hōle, ba tlile Moketeng oa Pentekonta ’me ka mor’a hore ba fetohe barutuoa ba Jesu, ba ne ba batla ho lula nako e eketsehileng e le hore ba ithute ho eketsehileng ka tumelo ea bona e ncha. Kahoo ba bang ba barutuoa ba Jesu ba ile ba sebelisa chelete ea bona ho ba hlokomela.

Ananiase le mosali oa hae ba ile ba rekisa tšimo ea bona e le hore ba fumane chelete ea ho thusa batho bana ba qetang ho kolobetsoa. Ha Ananiase a tlisa chelete ho baapostola, o ile a re ke chelete eohle ea seo a se rekisitseng. Empa ho ne ho se joalo! O ile a inkela chelete e ’ngoe! Molimo o ile a tsebisa Petrose taba ena, eaba Petrose o re ho Ananiase: “Ha ua etsetsa batho bolotsana, empa u etselitse Molimo bolotsana.” Ha Ananiase a utloa mantsoe ana o ile a oela fatše eaba oa shoa! Ka mor’a lihora tse ka bang tse tharo, mosali oa hae o ile a kena. Kaha o ne a sa tsebe se etsahetseng ka monna oa hae, le eena o ile a bua leshano, a oela fatše ’me a shoa.

Re ithuta’ng tabeng ee? Ho bua ’nete ke ntho ea bohlokoa! Ena ke thuto eo kaofela ha rōna re lokelang ho ithuta eona! Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re etsa liphoso, haholo-holo ha re le banyenyane. Na ha u thabe hore Jehova oa u rata ebile o tla u tšoarela joalokaha a ile a tšoarela Petrose?— Empa u hopole hore re lokela ho bua ’nete. Haeba re ka iphumana re entse phoso e khōlō ea ho bua leshano, re lokela ho kōpa, e, re kōpe Molimo ka tieo hore a re tšoarele. E tlameha ebe ke eona ntho eo Petrose a ileng a e etsa ’me Molimo o ile a mo tšoarela. Haeba re leka ka matla hore re se ke ra hlola re bua leshano, le rōna Molimo o tla re tšoarela!

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.