Ha ba sa Tšaba Bofelo

Ha ba sa Tšaba Bofelo

Ha ba sa Tšaba Bofelo

MAFELONG a bo-1970, Gary le Karen ba ne ba kholisehile hore lefatše le haufi le ho fela. Kahoo, ba ile ba falla toropong, eaba ba ea sebakeng sa mahaeng ’me ba etsa qeto ea hore ba lokela ho ithuta ho iketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bobona. Ba ne ba batla ho pholoha.

E le hore ba be le tsebo eo ba e hlokang, ba ile ba reka libuka, ba kena likolo le lithupelo tse itseng, ba ba ba bua le batho ba bangata ka hohle kamoo ba ka khonang. Ba ile ba iketsetsa serapa sa lijalo ba ba ba lema lifate tsa litholoana tse sa hōleleng holimo haholo tse 50. Ba ile ba bokella lipeō le lithulusi. Ba ile ba ithuta ho lema lijo le mokhoa oa ho li boloka hore li se ke tsa bola. Motsoalle e mong oa bona o ile a ba a ba ruta ho hlaba liphoofolo le ho beka lihoapa. Karen o ile a ithuta limela tse fapa-fapaneng le metso ea limela e fapa-fapaneng morung e le hore ba ka li ja haeba lijo li fela. Gary o ile a ithuta ho hlahisa mafura a besang ka poone, a iketsetsa setofo sa tšepe se besoang ka patsi, a ba a ikahela ntlo e neng e e-na le lintho tsohle tse hlokahalang tseo a iketselitseng tsona.

Karen o re: “Ke ne ke nahana hore batho ba tl’o timetsoa neng kapa neng ho latela tsela eo maemo a lefatše a neng a le mabe ka eona nakong eo.” Gary o re: “Joaloka batho ba bang ba sa leng bacha, ke ne ke leka ka matla ho felisa khethollo ea morabe, Ntoa ea Vietnam le bobolu. Empa ka potlako ke ile ka felloa ke tšepo. Ke ile ka bona feela hore ha e le hantle moloko oa batho o tlil’o itimetsa ka booona.”

Gary o re: “Ka bosiu bo bong, ho ne ho se seo ke se etsang, eaba ke nka Bibele ’me ke bala ho tloha ho Matheu ho ea ho Tšenolo. Ke ile ka e bala hape le masiung a latelang a mane. Hoseng ha letsatsi la bohlano, ke ile ka bolella Karen: ‘Re phela mehleng ea bofelo. Haufinyane Molimo o tla hloekisa lefatše. Re lokela ho fumana ba tla pholoha.’” Gary le Karen ba ile ba qala ho tsamaea likereke tse sa tšoaneng ba batla batho ba ka ratang ho itokisetsa bofelo.

Ho e-s’o ee kae, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a ba etela, eaba ba qala ho ithuta Bibele. Karen oa hopola: “Ke ne ke thabile haholo hobane ke ne ke hlile ke hlalosetsoa Mangolo. E ne e le khale ke batla ho tseba ’nete ka mehla ea bofelo ’me ke ne ke e fumane qetellong. Ke ile ka ithuta hore tšepo e teng ka bokamoso. Empa ntho e neng e le molemo ka ho fetisisa ke hore ke ile ka qala ho ba le kamano le Ntate oa ka ea leholimong, ’Mōpi le Molimo oa bokahohle.”

Gary o re: “Ke ile ka qala ho ba le seo ke se phelelang. Ka mor’a hore ke qale ho ithuta Bibele, e ne eka nka ithuta eona nako ena kaofela. Ke ile ka bala boprofeta ba Bibele, ka hlahloba bopaki ba hore bo ne bo hlile bo phethahala, eaba kea kholiseha hore ruri haufinyane Molimo o tlil’o nka khato. Ke ile ka qala ho nahana, ‘Batho ba lokela ho itokisa—eseng ho itokisetsa koluoa—empa ho itokisetsa bophelo boo Molimo a batlang hore re bo phele.’” Gary le Karen ba ile ba e-ba le tšepo ka bokamoso. Ho e-na le hore ba lule ba tšoenyehile ka bofelo ba lefatše, ba ile ba kholiseha hore Molimo o tla felisa mathata ’ohle a batho ’me a etse lefatše paradeise.

Hona joale, ka mor’a lilemo tse 25, Gary le Karen ba etsa’ng? Karen o re: “Ke lula ke matlafatsa lerato leo ke ratang Jehova Molimo ka lona hammoho le tumelo ea ka ho eena, ’me ke leka ho thusa ba bang hore le bona ba etse joalo. ’Na le Gary rea tšehetsana hore lelapa la rōna le lule le le matla ’me le momahane borapeling ba Molimo. Re leka ho lula re hlophisehile ebile re leka ho boloka bophelo ba rōna bo itekanetse e le hore re nahane ka batho ba bang le seo ba se hlokang.”

Gary o phaella ka ho re: “Ke lula ke rapella ’Muso oa Molimo hore o tle e le hore o ka tla imolla batho ba limilione mathateng. Nako le nako ha ke bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ke rapella hore bonyane ke khone ho thusa motho a le mong ho ba le tšepo e fumanoang ka Bibeleng. Jehova o ’nile a arabela thapelo eo ka lerato ka lilemo tse fetang 25. ’Na le Karen re lumela hore haufinyane Jehova o tla tlisa liphetoho tse khōlō lefatšeng mona, empa ha re sa tšaba bofelo.”—Matheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:11, 12.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Hona joale Gary le Karen ba thabela ho thusa ba bang hore ba be le tšepo molaetseng oa Bibele