Tlhapi e Ntle e Bitsoang Clown

Tlhapi e Ntle e Bitsoang Clown

Tlhapi ea clown e ’mala oa lamunu

TLHAPI e bitsoang clown e ea ikhetha ha e bapisoa le litlhapi tse ling. Tlhapi ena e mebala e metle e kang ea batho ba bapalang liserekising. Mohlomong re ka boela ra makatsoa ke sebaka seo tlhapi ena e lulang ho sona kaha e lula har’a litlhapi tse bitsoang anemone tse lomang le tse chefo tse shebahalang joaloka lipalesa. Clown e khona ho phela le litlhapi tsena tse kotsi.

Li-clown li thabela ho nkoa lifoto joaloka likhalala tsa thelevishene. Bo-ralitšoantšo ba leoatleng ba atisa ho bona tlhapi ena e ntse e etsa menyakoe ha e ntse e nkoa linepe. Li-clown li khona ho phutholoha hobane ha li tsamaelle hōle le lehae la tsona.

Ntho e makatsang ke hore li-clown li lula har’a li-anemone tsena tse lomang le tse chefo. Ho lula sebakeng sena ho tšoana le ho robala selaong sa tau. Empa le ha ho le joalo ha ho mohla anemone ena e kotsi e ntšang clown kotsi. Ke eng e etsang hore litlhapi tsee li phele hammoho ka khotso?

LIA THUSANA

Tlhapi ea clown e mela e ’meli

Setsoalle se tiea ha batho ba thusana, ho joalo le ka setsoalle sa tlhapi e kotsi ea anemone le tlhapi ea clown. Bo-rasaense ba re li-clown li ke ke tsa khona ho phela hantle haeba li sa lule le li-anemone. Li-clown ha li khone ho sesa kapele, kahoo ho ka ba bonolo hore lira tsa tsona li li je habonolo. Ke ka lebaka leo li hlokang ho lula haufi le li-anemone e le hore li li sireletse. Li-clown li sebelisa li-anemone e le sebaka seo li lulang le ho ipata ho sona ha kotsi e tla. Li-clown li ka phela lilemo tse ka bang leshome.

Li-anemone li fetoha sebaka se sireletsehileng sa bolulo bakeng sa li-clown. Li-clown li behela mahe a tsona pel’a li-anemone ’me e tona le e tšehali li lula hammoho li ntse li lebetse mahe. Ka mor’a nako malinyane aa hlaha ’me a bapalla haufinyane le moo a qhotselitsoeng teng, e leng ho anemone.

Clown eona e thusa Anemone joang? Clown e sebetsa joaloka lehlahana la anemone kaha e leleka litlhapi tse ling tse batlang ho e ja. Anemone ha e khone ho phela ntle le Clown. Ha bafuputsi ba ne ba tlosa li-clown moo li-anemone li leng teng, li-anemone li ile ea nyamela ka mor’a lihora tse 24 feela. Litlhapi tse ling li ne li e jele!

Tlhapi ea clown e boetse thusa ea anemone ho fumana matla. Li-clown li ntša lero le thusang anemone ho hōla. Ha li-clown li ntse li lutse har’a anemone li e thusa ho fumana oksijene.

E EA LIBAKENG TSEO TSE LING LI TŠABANG HO EA

Tlhapi ea clown e pinki

Tlhapi ea clown e sireletsoa ke letlalo la eona le boreleli. Lero le boreleli le apesitseng clown ke lona le e thusang hore e se ke ea longoa ke anemone kaha e nahana hore ke anemone ’ngoe.

Bo-rasaense ba re ha tlhapi ea clown e falla ho ea lula le anemone e ’ngoe, e lokela ho fetoha le ho tšoana le eo e seng e il’o lula ho eona. Ha clown e tla ho anemone ka lekhetlo la pele ho tla lula le eona, e e khomarela ka lihora tse ’maloa. Sena se etsa hore lero le boreleli le e pota-potileng le tšoane le le ho anemone ena e tl’o lula le eona. Ka linako tse ling ho ee ho etsahale hore anemone e lome clown hanyane ha li ntse li tsebana, empa ka mor’a moo li tsoela pele li phela ka khotso li sa loane.

Taba ea hore litlhapi tse fapaneng hakana li khona ho phelisana hammoho ka tsela ena e re ruta thuto ea bohlokoa mabapi le tšebelisano-’moho. Batho ba bangata ba tsoang lichabeng le merabeng e fapaneng ba ’nile ba phela ka khotso ha ba arolelana lintho. Joaloka tlhapi ea clown, ho ka re nka nako e teletsana e le hore re itloaetse ho phela le ho sebelisana le ba bang, empa taba ea bohlokoa ke hore re ka khona ho sebelisana.