SEO BIBELE E SE RUTANG KA
Ho Boloka Nako
Batho ba nkang hore ho boloka nako ke ntho ea bohlokoa le bona ba thatafalloa ke ho e boloka. Bibele e ka re thusa ho utloisisa bohlokoa ba ho boloka nako.
Ho boloka nako ke habohlokoa hakae?
KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?
Batho ba bang ba hlokometse hore ho fihla pelenyana ho nako ho fokotsa ho tšoenyeha. Ho fihla ka nako ho boetse ho etsetsa motho lebitso le letle. Joang?
Ho boloka nako ho bontša hore u khona ho etsa lintho. Ha u bolokile nako, u bontša hore u khona ho laola bophelo ba hao kaha ha u lumelle hore maemo a u sitise ho etsa lintho tseo u li batlang.
Ho boloka nako ho etsa hore batho ba u hlomphe ’me ba u tšepe. Kaha boholo ba batho ha bo phethahatse litšepiso tsa bona, ka kakaretso re rata motho ea phethahatsang seo a se tšepisitseng.
Ho boloka nako ho etsa hore batho ba tšepele ho uena. Batho ba tšepahalang ba hlomphuoa ke ba malapa a bona le metsoalle. Bahiri ba rata motho ea fihlang ka nako ’me a qeta mosebetsi oo a o filoeng ka nako. Basebetsi bao ho tšepeloang ho bona ba ka ’na ba nyolleloa moputso kapa ba tšeptjoa le ho feta.
SEO BIBELE E SE BUANG
Ka Bibeleng ho na le Mangolo a buang ka ho boloka nako. Le leng le re: “Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakorinthe 14:40) Haeba batho ba lumellane ka hore ba kopane sebakeng se itseng ka nako e itseng, ke habohlokoa hore ba boloke nako. Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo,” hape ho na le “nako ea ho lema le nako ea ho fothola se lenngoeng.” (Moeklesia 3:1, 2) Balemi ba lema ka nako e nepahetseng e le hore ba fumane lijalo tse ntle. Ka mantsoe a mang, haeba molemi a jala ka nako, o tla fumana lijalo tse ntle.
Bibele e fana ka lebaka le utloahalang la hore re boloke nako: Ho bontša hore u hlompha batho le nako ea bona. (Bafilipi 2:3, 4) Ha e le hantle, haeba u sa boloke nako, u utsoa nako ea motho eo le lumellaneng le eena.
“Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”—Bafilipi 2:4.
U ka etsa’ng hore u boloke nako?
SEO BIBELE E SE BUANG
Bibele e re re lokela ho rera esale pele. (Liproverbia 21:5) Haeba u lula u fihla ka mor’a nako, e ka ’na eaba lintho tseo u li etsang li ngata haholo. Khaotsa ho etsa lintho tse sa hlokahaleng tse senyang nako. Sebelisa nako ea hao hore u phethe mabaka a bohlokoa ’me u ikemisetse ho fihla ka nako. Ha u etsa joalo, u tla ’ne u fihle ka nako esita le ha ho ka ba le sephethephethe kapa maemo a mabe a leholimo.
Bibele e boetse e re re itekanyetse kapa re ipehele meeli. (Liproverbia 11:2) Sheba maemo hore na a u lumella ho etsa ntho e itseng ka nako e behiloeng kapa che. Haeba u batla ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, u tla beha uena le batho ba bang tlas’a khatello.
Bibele e re re sebelise nako ea rōna hantle. (Baefese 5:15, 16) Qala ka ho etsa lintho tsa bohlokoa pele. (Bafilipi 1:10) Ho etsa mohlala, ha u ntse u emetse tekesi kapa motho e mong, sebelisa nako eo hore u ’ne u fokotse e meng ea mesebetsi eo u lokelang ho e etsa letsatsing leo.
“Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5.