LINAHA LE BATHO
Ho Etela Spain
SPAIN ke naha e nang le libaka le batho ba litso tse fapaneng. Naheng eo ho na le masimo a mangata a koro, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloare. Spain le k’honthinente ea Afrika li aroloa ke noka e bophara ba lik’hilomithara tse ka bang 13.
Batho ba bangata ho akarelletsa Bafoenisia, Bagerike le batho ba Carthage ba ile ba fallela Spain. Pele ho mehla ea Jesu, Baroma ba ile ba hapa naha ena ’me ba e reha Hispania. Ka mor’a moo, naha ena e ile ea hapuoa ke Mavisigothe le Mamosleme bao setso sa bona se ntseng se le teng le hona joale naheng eo.
Ka 2015, batho ba fetang limilione tse 68 ba ile ba chakela naha ea Spain. Batho ba bangata ba ea moo ho ea boha botle ba letsatsi, leoatle, mosebetsi
o motle oa matsoho le mehaho e khahlisang ea bohlokoa. Batho ba etelang moo, ba rata lijo tsa teng tse monate tse kang tlhapi, nama ea fariki, sechu le meroho e phehiloeng kapa e tšetsoeng ka oli ea mohloare. Lijo tsa Spain tse tsebahalang haholo lefatšeng ke mahe, raese e tsoakiloeng le nama ’moho le lijo tse bobebe.Lijo tse bitsoang Mariscada
Batho ba etsang tantši ea flamenco
Batho ba Spain ba rata batho. Boholo ba bona ba ipolela hore ke Mak’hatholike empa ke ba seng bakae feela ba eang ’Miseng. Lilemong tsa morao tjena, batho ba tsoang Afrika, Asia le Latin America ba se ba lula Spain. Batho ba falletseng ba rata ho bua ka bolumeli le meetlo ea bona. Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa bua le batho ba Spain ka molaetsa oa Bibele ’me ba bangata ba bona ba se ba tseba seo Bibele e se rutang.
Ka 2015, Lipaki tse fetang 10 500 li ile tsa ithaopela ho lokisa le ho haha libaka tsa bona tsa borapeli tse 70 tse bitsoang Liholo Tsa ’Muso. ’Masepala o ile a fana ka litša e le hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso. Lipaki Tsa Jehova tsa moo, li tšoara liboka ka lipuo tse fetang 30 ho akarelletsa le Sepanishe. Ka 2016, batho ba fetang 186 000 ba ile ba bokana ’moho le Lipaki Tsa Jehova e le ho ikhopotsa lefu la Jesu Kreste.