SEO BIBELE E SE RUTANG KA

Sefapano

Sefapano

Batho ba bangata ba nka sefapano e le letšoao le sebelisoang ke Bakreste. Leha ho le joalo, ha se bohle ba lumelang hore batho ba lokela ho sebelisa sefapano kerekeng kapa ho roala rosari.

Na Jesu o ile a thakhisoa sefapanong?

SEO BATHO BA SE BUANG

 

Baroma ba ile ba bolaea Jesu ka ho mo thakhisa sefapanong se entsoeng ka lithupa tse peli.

SEO BIBELE E SE RUTANG

 

Jesu o ile a bolaoa ka ho ‘fanyehoa sefateng.’ (Liketso 5:30, Bibele ea Sesotho) Mantsoe ao a Bibele a bontša hore Jesu o shoeletse thupeng e le ’ngoe, eseng ho tse peli. Ho latela buka e ’ngoe lentsoe la Segerike stau·rosʹ le bolela “palo eseng ‘sefapano.’” Lentsoe le leng la Segerike xyʹlon le sebelisitsoeng ho Liketso 5:30 le bolela “thupa kapa palo eo Baroma ba neng ba khokhothela batho ho eona ha ba ba thakhisa.” *

Bibele e amahanya tsela eo Jesu a bolauoeng ka eona le molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele. Molao oo o ne o re: “Haeba motho a etsa sebe se loketsoeng ke kahlolo ea lefu, ’me a bolailoe, ’me u mo fanyehile thupeng, . . . hobane ea fanyehiloeng ke ntho e rohakiloeng ke Molimo.” (Deuteronoma 21:22, 23) Ha moapostola Pauluse a bua ka molao oo, o ile a re Jesu e bile “thohako bakeng sa rōna, hobane ho ngoliloe: ‘Ho rohakoe motho e mong le e mong ea fanyehoang thupeng [xyʹlon].’” (Bagalata 3:13) Kahoo, Pauluse o ile a bontša hore Jesu o ile a shoella thupeng.

“Ba mo fanyehile sefateng, ba ’molaea.”Liketso 10:39, Bibele ea Sesotho.

Na barutuoa ba Jesu ba ne ba sebelisa sefapano ho rapela Molimo kapa ho bontša hore ke Bakreste?

SEO BIBELE E SE RUTANG

 

Ha ho moo Bibele e reng Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa sefapano borapeling ba bona. Ho e-na le hoo, Baroma ba mehleng ea khale ba ne ba sebelisa sefapano e le letšoao la melimo ea bona. Ka mor’a lilemo tse 300 Jesu a shoele, Moemphera oa Moroma, Constantine o ile a etsa hore sefapano e be letšoao la sesole sa hae, hamorao batho ba ile ba amahanya sefapano le bolumeli ba Bokreste.

Le hoja batho ba ne ba sebelisa sefapano ha ba rapela melimo ea bona ea bohata, balateli ba Jesu ha baa ka ba se sebelisa ha ba rapela Molimo oa ’nete. Ba ne ba tseba hore Molimo ha a batle hore ba mo rapele ba sebelisa “sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe” le hore Bakreste ba ne ba lokela ho ‘balehela borapeli ba litšoantšo.’ (Deuteronoma 4:15-19; 1 Bakorinthe 10:14) “Molimo ke Moea,” ha a bonahale. Ke ka hona Bakreste ba pele ba neng ba sa sebelise litšoantšo ho ba thusa ho ba le haufi le Molimo. Ho e-na le hoo, ba ne ba mo rapela “ka moea,” ba tataisoa ke moea o halalelang o sa bonahaleng, le ka “’nete,” tumellanong le thato ea Molimo joalokaha e hlalositsoe ka Bibeleng.—Johanne 4:24.

Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.”Johanne 4:23.

HBakreste ba lokela ho bontša joang hore ba hlompha Jesu Kreste?

SEO BATHO BA SE BUANG

 

Buka ea kereke e K’hatholike e re: “Ke taba e utloahalang hore ntho efe kapa efe e sebelisoang hore batho ba pholohe, e hlomphuoe. . . . Ea hlomphang litšoantšo o hlompha le motho eo li mo emelang.”

SEO BIBELE E SE RUTANG

 

Ke ’nete hore Bakreste ba lokela ho etsa se itseng ho bontša hore ba ananela seo Jesu a ba etselitseng sona. Etsoe lefu la hae le ba file monyetla oa ho tšoareloa libe, ho ba metsoalle ea Molimo le ho fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16; Baheberu 10:19-22) Ha ho na taelo e reng ba sebelise sefapano kapa ba bue feela ka molomo hore ba lumela ho Jesu, etsoe Bibele e re: “Tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:17) Bakreste ba lokela ho bontša tumelo ho Jesu. Empa ba ka etsa seo joang?

Bibele e re :“Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle . . . e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Bakreste ba tlameha ho fetola bophelo ba bona ’me ba latele Jesu ka lebaka la lerato leo a le bontšitseng. Ka tsela ena, ba bontša hore ba hlompha Jesu e le kannete ho e-na le ho sebelisa litšoantšo.

“Ena ke thato ea Ntate, hore e mong le e mong ea bonang Mora le ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng.”Johanne 6:40.

^ ser. 8 Ho fumana lintlha tse eketsehileng sheba buka ea A Critical Lexicon and Concordance to the English and Greek New Testament, 11th Edition, ea Ethelbert W. Bullinger, maqephe 818-819.