LA 9-15 MARCH 2026

PINA EA 45 Lintho Tseo ke Nahanisisang ka Tsona

U ka Atleha ho Loantša ho Nyahama

U ka Atleha ho Loantša ho Nyahama

“Kannete ke otla pelo!”BAR. 7:24.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka sebetsanang le menahano le maikutlo a nyahamisang kateng.

1, 2. Ka linako tse ling Pauluse o ne a ikutloa joang, hona ke hobane’ng ha re utloisisa hantle tsela eo a neng a ikutloa ka eona? (Baroma 7:​21-24)

 HO TLA eng kelellong ea hao ha u nahana ka moapostola Pauluse? Na u nahana ka moromuoa ea sebete, mosuoe ea hloahloa kapa motho ea ngotseng libuka tse ngata tsa Bibele? Kannete litlhaloso tseo li nepahetse. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, Pauluse o ne a ikutloa a hloname, a nyahame kapa a tšoenyehile. Hape o ne a loantšana le ho nyahama joaloka boholo ba rona.

2 Bala Baroma 7:​21-24. Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Baroma, o ile a hlalosa hantle tsela eo boholo ba rona bo ikutloang ka eona. Le hoja e ne e le Mokreste ea tšepahalang, maikutlo a hae a ka hare a ho batla ho etsa thato ea Molimo a ne a loantšana le tšekamelo ea hae ea ho batla ho etsa se fosahetseng. Ho ekelletsa moo, ka linako tse ling Pauluse o ne a loantšana le ho nyahama ka lebaka la lintho tseo a li entseng nakong e fetileng le bothata bo sa eeng moriting boo a neng a tobane le bona.

3. Re tl’o hlahloba lipotso life sehloohong see? (Sheba “Tlhaloso.”)

3 Ho sa tsotellehe maikutlo a ka hare ao Pauluse a neng a loantšana le ’ona, ha aa ka a lumella ho nyahama a hore ho laole tsela eo a nahanang ka eona. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba lipotso tse latelang: Ke eng e neng e etsa hore ka linako tse ling Pauluse a ikutloe a “otla pelo”? O ile a sebetsana le ho nyahama joang? Re ka atleha ho loantša ho nyahama joang?

KE ENG E NENG E ETSA HORE PAULUSE A IKUTLOE A NYAHAME?

4. Ke eng e neng e etsa hore Pauluse a ikutloe a nyahame?

4 Lintho tseo a li entseng nakong e fetileng. Pele e ba Mokreste, Pauluse ea neng a tsebahala e le Saule, o ile a etsa lintho tseo hamorao a ileng a ikoahlaela tsona. Ka mohlala, o ile a lumella a ba a shebella ha Setefane ea tšepahalang a tlepetsoa ka majoe ho fihlela a shoa. (Lik. 7:58; 8:1) Hape, Saule ke eena ea neng a etella pele hore Bakreste ba hlorisoe ka sehloho.—Lik. 8:3; 26:​9-11.

5. Liketso tsa Pauluse tsa nakong e fetileng li ile tsa mo ama joang?

5 Ka mor’a hore moapostola Pauluse e be Mokreste, ka linako tse ling o ne a tšoenngoa ke lintho tseo a li entseng nakong e fetileng. Ho ka etsahala hore liketso tsa hae tsa ho lula a hlorisa Bakreste li ile tsa mo tšoenya le ho feta ha lilemo li ntse li ea. Ka mohlala, ha a ne a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakorinthe hoo e ka bang ka selemo sa 55, o ile a re: “Ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” (1 Bakor. 15:9) Lilemo tse ka bang hlano hamorao, lengolong la hae le eang ho Baefese, o ile a itlhalosa e le “ea tlase ka ho fetisisa har’a balumeli bohle.” (Baef. 3:8) Ha a ngolla Timothea, o ile a itlhalosa e le ea ‘nyefolang Molimo le ho hlorisa batho ba hae a bile a ikhohomosa.’ (1 Tim. 1:13) U ka inahanela hore na Pauluse o ne a ikutloa joang ha a etela liphutheho tseo ’me a kopana le batho bao a ileng a ba hlorisa kapa litho tsa malapa tsa batho bao.

6. Ke eng hape e neng e tšoenya Pauluse haholo? (Sheba naletsana.)

6 Moutloa nameng. Pauluse o bapisa ntho e ’ngoe e neng e mo tšoenya haholo le “moutloa nameng.” (2 Bakor. 12:7) Ha a bolele hore na ke eng e neng e mo utloisa bohloko, empa tsela eo a buang ka eona e bontša hore e ka ’na eaba ke bothata boo a neng a e-na le bona nameng, maikutlong kapa bothata bo bong bo neng bo mo tšoenya. b

7. Mefokolo ea Pauluse e ile ea mo ama joang? (Baroma 7:​18, 19)

7 Mefokolo ea hae. Pauluse o ile a loantšana le mefokolo ea hae. (Bala Baroma 7:​18, 19.) Le hoja a ne a batla ho etsa se nepahetseng, mefokolo ea hae e ne e mo sitisa ho etsa seo. O ile a lumela hore o ne a lula a leka hore a se ke a etsa lintho tse fosahetseng empa a etse tse nepahetseng. (1 Bakor. 9:27) Leha ho le joalo, o ne a ntse a etsa liphoso. E tlameha ebe o ne a nyahama ha a bua kapa a etsa ntho eo a sebelitseng ka thata hore a e fetole.

PAULUSE O ILE A SEBETSANA LE HO NYAHAMA JOANG?

8. Ke lintho life tseo Pauluse a ileng a li etsa tse mo thusitseng ho loantšana le mefokolo ea hae?

8 Joalokaha Pauluse a bontšitse mangolong a hae, o ne a nahanisisa kamoo eena le balumeli-’moho le eena ba ka loantšang le ho hlola litakatso tse fosahetseng ka thuso ea moea oa Molimo kateng. (Bar. 8:13; Bagal. 5:​16, 17) Hangata o ne a bua ka mekhoa le litakatso tseo Bakreste ba lokelang ho li loantša. (Bagal. 5:​19-21, 26) Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a nahanisisa ka mefokolo ea hae, a batla keletso ka Mangolong, a ba a batla mekhoa e tobileng ea ho sebetsana le mefokolo ea hae. Re ka kholiseha hore o ile a sebelisa keletso eo a ileng a e fa ba bang.

9, 10. Ke eng e ileng ea thusa Pauluse ho loantša ho nyahama? (Baefese 1:7) (Sheba setšoantšo.)

9 Le hoja ka linako tse ling Pauluse a ne a ikutloa a nyahame, o ne a lula a thabile. Ka mohlala, o ile a thabela litlaleho tse ntle tse neng li tla ka basebetsi-’moho le eena ho tsoa liphuthehong. (2 Bakor. 7:​6, 7) O ne a boetse a thabisoa ke setsoalle seo a neng a e-na le sona le balumeli-’moho le eena. (2 Tim. 1:4) Hape o ne a tseba hore Jehova oa mo amohela. Pauluse o ne a thabile hobane o ne a sebeletsa Molimo “ka letsoalo le khutsitseng.” (2 Tim. 1:3) Leha a ne a le teronkong Roma, Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba ‘thabe ka lebaka la Morena.’ (Bafil. 4:4) Ha re bala mantsoe a Pauluse, rea utloa hore ha se a motho ea neng a imetsoe ke maikutlo a ho nyahama. Ho hlakile hore ha Pauluse a ne a tleloa ke ho nyahama, o ne a khona ho sebetsana le hona e le hore a lule a thabile.

10 Pauluse o ile a boela a atleha ho loantša ho nyahama hobane o ne a lumela hore tefo ea topollo ke mpho e etselitsoeng eena. (Bagal. 2:20; bala Baefese 1:7.) Sena se ile sa etsa hore a kholisehe hore Jehova o tla mo tšoarela libe ka Jesu Kreste. (Bar. 7:​24, 25) Ho sa tsotellehe liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng le mefokolo ea hae, o ne a boetse a khona ho “sebeletsa Molimo” a thabile.—Baheb. 9:​12-14.

Le hoja ka linako tse ling Pauluse a ne a tšoenngoa ke lintho tseo a ileng a li etsa nakong e fetileng, o ile a loantša ho nyahama ka hore a nahanisise ka tefo ea topollo (Sheba serapa sa 9 le 10)


11. Ke hobane’ng ha mohlala oa Pauluse o re khothatsa?

11 Joaloka Pauluse, re ka utloa eka ho na le lintho tseo re lulang re loantšana le tsona ka hare-hare. E ka ba lintho tseo re li nahanang, re li etsang kapa re li buang. Le rona re ka ikutloa eka re ka re, ‘Kannete ke motho ea otlang pelo!’ Ha Morali oa bo rona Eliza c ea lilemo li ka bang 20 a bua ka bothata boo a loantšanang le bona, o re: “Ho nahana ka boemo ba Pauluse ho nkhothatsa haholo. Ho a nkimolla ho tseba hore ha se ’na feela ea ikutloang ka tsela ena. Sena ke khopotso e ’ngoe ea hore Jehova oa tseba hore na bahlanka ba hae ba etsahalloa ke eng.” Joaloka Pauluse, re ka etsa’ng hore re be le letsoalo le khutsitseng le hore re lule re thabile ho sa tsotellehe ho nyahama?

RE KA LOANTŠA HO NYAHAMA JOANG?

12. Ho lula re etsa lintho tse matlafatsang kamano ea rona le Molimo ho re thusa joang ho loantša ho nyahama?

12 Lula u etsa lintho tse matlafatsang kamano ea hao le Molimo. Ha re etsa lintho tse matlafatsang kamano ea rona le Molimo, re ba boemong bo botle ba ho nahana ka lintho tse re thabisang. Re ka bapisa sena le ho lula re etsa lintho tse re thusang hore re phele hantle ’meleng. Ha re ja hantle, re ikoetlisa kamehla ebile re robala ka ho lekaneng, hangata re ikutloa re le matla. Ka ho tšoanang, kaofela ha rona re tseba monate oa ho bala Lentsoe la Molimo kamehla, ho lokisetsa liboka, ho ba teng ho tsona, ho nka karolo ho tsona le ho ea tšebeletsong ea tšimo. Lintho tsena tse matlafatsang tumelo, li re thusa ho loantša ho nyahama.—Bar. 12:​11, 12.

13, 14. Bakreste ba bang ba tšepahalang ba ruile molemo joang ha ba etsa lintho tse matlafatsang kamano ea bona le Molimo?

13 Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona John. Ha a le lilemo li 39, lingaka li ile tsa mo bolella hore o na le kankere e sa tloaelehang. Qalong, o ne a loantšana le ho nyahama. O ne a ipotsa a re: ‘Nka kula joang ke le mocha tjee?’ Ka nako eo, mora oa hae o ne a le lilemo li tharo feela. Ke eng e thusitseng Mor’abo rona John ho loantša maikutlo ao? O re: “Ho sa tsotellehe mokhathala o matla oo ke neng ke e-na le ’ona, ke ne ke etsa bonnete ba hore re lula re etsa lintho tse matlafatsang kamano ea rona le Molimo re le lelapa. Re ne re lula re ea libokeng, re ea tšimong beke le beke ebile re tšoara borapeli ba lelapa kamehla le hoja ho ne ho le thata ho etsa kemiso ea bona.” Ha Mor’abo rona John a hetla morao, o re: “Ka mor’a ho amohela boemo, menahano e nyahamisang eo u bang le eona e tla nkeloa sebaka ke matla le lerato le tsoang ho Jehova. Jehova o tla u matlafatsa joalokaha a ile a ’matlafatsa.”

14 Morali oa bo rona Eliza eo re buileng ka eena pejana, o re: “Kamehla ha ke ea libokeng le ha ke etsa thuto ea botho, kea hopola hore Jehova oa nkutloa le hore o nthata haholo. Ntho eo ea nthabisa.” Ha Mor’abo rona Nolan e leng molebeli oa potoloho Afrika, a buella eena le mosali oa hae Diane, o re: “Re lula re etsa lintho tse matlafatsang kamano ea rona le Molimo leha re nyahame. Kamehla Jehova oa re bontša hore oa re thusa e le hore re be le maikutlo a nepahetseng. Re leka ho hopola hore Jehova o tla re thusa le ho re hlohonolofatsa, le hoja re sa tsebe hore na o tla etsa seo joang.”

15. Re ka ’na ra lokela ho etsa eng e le hore re hlole ho nyahama? Fana ka mohlala.

15 Ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa haeba re batla ho hlola ho nyahama. Ka mohlala, a re re u opeloa ke mokokotlo. E le hore u fole, ho kopa e mong oa lelapa hore a u silile ha hoa lekana. U lokela ho etsa lipatlisiso, mohlomong le ho bua le ngaka e le hore u tsebe hore na bohloko boo bo bakoa ke eng. Ka ho tšoanang, re ka ’na ra lokela ho etsa lipatlisiso ka Bibeleng le lingoloeng tsa rona, mohlomong le ho bua le Mokreste ea holileng moeeng, ho ithute hore na ke joang re ka sebetsanang le maikutlo a ho nyahama a lulang a re tlela. A re hlahlobeng lintho tse ling tse ka re thusang.

16. Ke eng e ka u thusang ho lemoha sesosa sa lintho tse u nyahamisang? (Pesaleme ea 139:​1-4, 23, 24)

16 Nahana ka litlhoko tsa hao u be u li rapelle. Morena Davida o ne a tseba hore Jehova o mo tseba hantle. Kahoo, Davida o ile a kopa Jehova hore a mo thuse ho lemoha sesosa sa ‘lintho tse mo tšoenyang.’ (Bala Pesaleme ea 139:​1-4, 23, 24.) Le uena u ka kopa Jehova hore a u thuse ho lemoha hore na ke eng e u bakelang ho nyahama le ho utloisisa hore na u ka ho hlola joang. U ka boela oa ipotsa lipotso tse kang, ‘Sesosa sa lintho tse ntšoenyang ke sefe? Na ho na le ntho e etsang hore ke nyahame? Na ke lula ke nahana ka lintho tse ’nyahamisang ho e-na le hore ke li qobe?’

17. Ha u etsa thuto ea botho, ke lihlooho life tseo u ka ithutang tsona tse ka u thusang hore u nahane ka lintho tse khothatsang? (Sheba setšoantšo.)

17 Etsa hore thuto ea hao ea botho e tsamaisane le litlhoko tsa hao. U ka rua molemo ka hore nako le nako u ithute ka makhabane a mang a Jehova. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a rua molemo haholo ha a nahanisisa ka tefo ea topollo le kamoo Jehova a tšoarelang kateng. Le uena u ka etsa se tšoanang. Sebelisa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova, Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste kapa lithulusi tse ling tse teng ka puo ea hao tse ka u thusang ho fumana lihlooho tse buang ka makhabane a Molimo a kang mohau, ho tšoarela le lerato le tšepahalang. Ha u se u fumane lihlooho tse ka u thusang, etsa lethathamo la tsona. Le behe moo u ka le bonang ’me u bale lihlooho tse hlahang ho lona ha u utloa eka u qala ho nyahama. Leka ho sebelisa seo u ithutileng sona.—Bafil. 4:8.

Batla lihlooho tseo u ka ithutang tsona tse tla u thusa hore u hlole ho nyahama (Sheba serapa sa 17)


18. Ke lintho life tse ruisitseng Bakreste ba bang molemo?

18 Morali oa bo rona Eliza eo re buileng ka eena pejana, o ile a etsa thuto ea botho ka Jobo. O re: “Boemo ba ka bo tšoana le ba Jobo. O ile a hlaheloa ke teko ka mor’a teko. Leha ho le joalo, ha Jobo a ne a imetsoe haholo, ha aa ka a khaotsa ho batla thuso ho Jehova le hoja a ne a sa tsebe hore na mathata a hae a bakoa ke eng.” (Jobo 42:​1-6) Morali oa bo rona Diane eo re buileng ka eena pejana, o re: “’Na le monna oa ka re ntse re bala buka ea Atamela ho Jehova. Re ananela haholo ho bona kamoo Jehova a re bopang kateng, joalokaha sebopi se bopa letsopa. Ho e-na le ho nahana ka lintho tseo re li etsang tse re soabisang, re leka ho nahana kamoo Jehova a re bopang le ho re etsa batho ba betere kateng. Sena se re atametsa haufi le eena.”—Esa. 64:8.

RE KA KHOLISEHA HORE JEHOVA O TLA RE THUSA LE HO RE PUTSA

19. Re lokela ho lebella eng?

19 Le hoja re etsa lintho tse matlafatsang kamano ea rona le Molimo le ho ba le thuto ea botho e tsamaisanang le litlhoko tsa rona, re ke ke ra lebella hore ha re na ho nyahama ho hang. Ka matsatsi a mang re ka ikutloa re otla pelo. Leha ho le joalo, Jehova a ka re thusa hore re fokotse boikutlo boo. Re ka kholiseha hore boholo ba nako re ka thabela ho ba le letsoalo le khutsitseng le ho ba le mabaka a ho thabela bophelo ha re ntse re sebeletsa Jehova.

20. U ikemiselitse ho etsa eng?

20 A re ikemisetseng hore re se ke ra laoloa ke maikutlo a ho nyahama ka lebaka la lintho tseo re li entseng nakong e fetileng, mathata a ileng a re hlahela kapa mefokolo ea rona. Jehova a ka re thusa ho khoba matšoafo ha re tšoenyehile. (Pes. 143:10) Re lebelletse nako eo ka eona ho nyahama e tla beng e le pale ea maobane. Re tla tsoha hoseng ho hong le ho hong ho se na lintho tse tla re tšoenya. Re tla thabela ho sebeletsa Molimo oa rona ea lerato, Jehova.

PINA EA 34 Re Tla Lula re Tšepahala

a TLHALOSO: Sehloohong sena, polelo “ho nyahama” e bolela ho ba le maikutlo a ho se thabe ka linako tse ling le ho feto-fetoha ha maikutlo hoo re tobanang le hona. Ha e bolele khatello ea maikutlo, e leng boloetse bo hlokang lingaka.

b Lintho tseo Pauluse a li ngotseng li bontša hore o ile a ba le mathata a mahlo, e leng ntho eo e ka ’nang eaba e ile ea mo thatafalletsa ho ngola a mang a mangolo a hae le ho etsa mosebetsi oa boboleli. (Bagal. 4:15; 6:11) Kapa mohlomong o ne a bua ka lintho tseo mesuoe ea bohata e neng e li etsa, tse neng li mo tšoenya. (2 Bakor. 10:10; 11:​5, 13) Ho sa tsotellehe hore na bothata ba hae bo ne bo bakoa ke eng, bo ne bo mo nyahamisa.

c Mabitso a mang a fetotsoe.