LA 23-29 MARCH 2026
PINA EA 18 Rea u Leboha ka Mora oa Hao
“U” Tla Etsa’ng ho Bontša Hore u Ananela Tefo ea Topollo?
“Lerato leo Kreste a nang le lona lea re susumetsa.”—2 BAKOR. 5:14.
NTLHA-KHOLO
Kamoo kaofela ha rona re ka bontšang kateng hore re ananela tefo ea topollo.
1, 2. Sehlabelo sa Jesu sa tefo ea topollo se lokela ho re susumelletsa hore re etse eng, hona hobane’ng? (2 Bakorinthe 5:14, 15) (Sheba setšoantšo.)
HAEBA ho na le motho ea u pholositseng ka har’a mohaho o oeleng, na ha u utloe u mo kolota hobane a pholositse bophelo ba hao? Le haeba e ne e se uena feela ea pholositsoeng, mohlomong u ne u tla batla hore uena u mo lebohe ka ho toba, e le hore motho eo a bone hore ha u khelle fatše taba ea hore o u pholositse.
2 Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, re ke ke ra khona ho itšoasolla ho litla-morao tsa sebe seo re se futsitseng. Leha ho le joalo, sehlabelo sa Jesu sa tefo ea topollo se ka re pholosa ka (1) ho etsa hore re tšoareloe libe tseo re li entseng, (2) ho re fa tšepo ea hore re tla ba batho ba phethahetseng nakong e tlang le (3) ho re boelanya le Molimo. Kahoo, re na le tšepo ea hore re ka phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Jehova. Kannete, tefo ea topollo e bontša hore Jesu o rata batho, e leng lerato leo esale a e-na le lona le pele a tla lefatšeng. (Liprov. 8:30, 31) Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re susumetsa.” (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.) Sena se bolela hore lerato leo Jesu a re ratang ka lona le lokela ho re susumetsa hore ka tsela e itseng re bontše hore ha re nke tefo ea topollo hanyane.
Ebang re pholositsoe mohahong kapa sebeng seo re se futsitseng, re kolota motho eo ea re pholositseng (Sheba serapa sa 1 le 2)
3. Ke hobane’ng ha batho ba ka bontša hore ba ananela tefo ea topollo ka litsela tse fapaneng?
3 U tla etsa’ng ho bontša hore u susumelletseha ho ananela tokisetso e lerato ea tefo ea topollo? Karabo ea hao e ka ’na ea fapana le ea motho e mong. Ka mohlala, a re re batho ba bararo ba ea sebakeng se tšoanang, empa ba tloha libakeng tse fapaneng. Ba tla sebelisa litsela tse fapaneng. Ka tsela e tšoanang, “tsela” eo u tla e nka e le hore u fihle moo u eang kapa e le hore u finyelle pakane ea hao ea ho bontša kananelo bakeng sa tefo ea topollo, e itšetlehile ka hore na hona joale u hokae kamanong ea hao le Jehova. Re ntse re nahanne ka taba eo, sehlooho sena se tl’o bua ka lihlopha tse tharo tsa batho: (1) Batho bao re ithutang Bibele le bona, (2) Bakreste ba kolobelitsoeng le (3) linku tse hlahlathetseng.
BATHO BAO RE ITHUTANG BIBELE LE BONA
4. Jehova o ikutloa joang ka batho bao re ithutang Bibele le bona?
4 Haeba u ntse u ithuta Bibele, nahana ka sena: Tsela eo u arabelang ka eona ha u utloa litaba tse monate, e bontša hore u e mong oa batho bao Jehova a ba hulelang ho eena e le hore e be metsoalle ea hae. (Joh. 6:44; Lik. 13:48) “Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.” Sena se bolela hore o hlokomela boiteko bohle boo u bo etsang ba ho ithuta ka eena, ’me oa thaba ha a bona u tsoela pele ho etsa liphetoho e le hore u phele tumellanong le melao ea hae. (Liprov. 17:3; 27:11) Tefo ea topollo e etsa hore u khone ho ba le setsoalle se haufi le Jehova. (Bar. 5:10, 11) U se ke oa nka taba eo hanyane.
5. Batho ba ithutang Bibele ba ka sebelisa keletso e ho Bafilipi 3:16 joang?
5 Haeba u ntse u ithuta Bibele, u ka bontša joang hore u ananela tefo ea topollo? Tsela e ’ngoe ke ka hore u mamele keletso eo moapostola Pauluse a e fileng Bafilipi, e reng: “A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.” (Bafil. 3:16) Phetolelo e ’ngoe ea Bibele e re: “Re lokela ho tsoela pele tseleng eo re seng re ntse re le ho eona.” Tumellanong le keletso eo, u se ke oa lumella letho ho u sitisa ho tsoela pele u tsamaea tseleng e isang bophelong.—Mat. 7:14; Luka 9:62.
6. Batho ba ithutang Bibele ba ka etsa’ng haeba ba thatafalloa ke ho etsa liphetoho bophelong ba bona? (Deuteronoma 30:11-14) (Sheba setšoantšo.)
6 U ka etsa’ng haeba u thatafalloa ke ho lumela thuto ea Bibele eo u sa tsoa ithuta eona? Etsa lipatlisiso ka eona ’me u rapele Jehova hore a u thuse ho e utloisisa. (Pes. 86:11) Haeba le ka mor’a moo, u ntse u thatafalloa ke ho e utloisisa, e behelle ka thoko hanyane empa u se ke oa khaotsa ho ithuta Bibele. Ho thoe’ng haeba u thatafalloa ke ho tlohela mokhoa o sa lumellaneng le Bibele? Hopola hore Jehova a ke ke a re batho ba sa phethahalang ba etse lintho tseo ba ke keng ba li khona. U ka khona ho phela ka melao ea hae. (Bala Deuteronoma 30:11-14.) Hape Jehova o tšepisa hore o tla u thusa. (Esa. 41:10, 13; 1 Bakor. 10:13) Kahoo, u se ke oa tela. Ho e-na le hore u lule u nahana ka bothata boo u tobaneng le bona, ananela lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona, ho akarelletsa le tokisetso ea tefo ea topollo. Ha lerato leo u ratang Jehova ka lona le ntse le hola, u tla bona hore “litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Joh. 5:3. a
Ha ho le ka mohla Jehova a re kopang hore re etse lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. O tla re thusa hore re phele ka melao ea hae (Sheba serapa sa 6)
7. Bana ba holetseng ka phuthehong ba ka nahanisisa ka eng?
7 Ho thoe’ng ka lona bana ba ntseng ba holela ka phuthehong? Le lona le liithuti tsa Bibele. Ha e le hantle, le liithuti tsa Bibele tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa batsoali ba lona. Bibele e re: “Atamelang ho Molimo ’me o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8; 1 Likron. 28:9) Ha u etsa boiteko ba ho atamela haufi le Jehova, le eena o tla atamela haufi le uena. Jehova ha a u nke u le karolo ea sehlopha. O hula batho ka bo-mong, ho akarelletsa le batho ba holetseng ka phuthehong. Ke eng e etsang hore uena u khone ho ba motsoalle oa Jehova ea haufi? Ke tefo ea topollo, e leng ntho eo le ka mohla u sa lokelang hore u e nke hanyane. (Bar. 5:1, 2) Kahoo, pele u ea Sehopotsong selemong sena, nahanisisa ka hore na lefu la Jesu le etsa hore u ikutloe joang? Lumella boikutlo boo hore bo u susumelletse ho sebetsa ka thata ho finyella pakane ea hao ea moea, ho sa tsotellehe hore na ke efe, e le hore u ka bontša hore u ananela tefo ea topollo eo Jehova a faneng ka eona ka Mora oa hae. b
BAKRESTE BA KOLOBELITSOENG
8. Bakreste ba kolobelitsoeng ba bontšitse joang hore ba na le tumelo tefong ea topollo?
8 Haeba u Mokreste ea kolobelitsoeng, u se u bontšitse tumelo tefong ea topollo ka litsela tse ngata. Ka mohlala, u nkile mehato ea hore u atamele haufi le Jehova le hore u phele tumellanong le melao ea hae. U mametse taelo ea Jesu ea hore re etse batho barutuoa ka hore u bolelle ba bang seo u se lumelang. U ile oa inehela ho Jehova oa ba oa kolobetsoa. Na u ile oa hanyetsoa ka lebaka la ho emela borapeli ba ’nete? (2 Tim. 3:12) Ho mamella ha hao ka botšepehi ho bontša hore u rata Jehova le hore u ananela tefo ea topollo eo a faneng ka eona ka Mora oa hae.—Baheb. 12:2, 3.
9. Ke kotsi efe eo Bakreste ba kolobelitsoeng ba lokelang ho e ela hloko?
9 Haeba u Mokreste ea kolobelitsoeng, ho na le kotsi eo u lokelang ho e ela hloko. Ha nako e ntse e ea, re ka ’na ra nka tefo ea topollo hanyane. See se ka etsahala joang? Nahana ka se ileng sa etsahalla Bakreste ba Efese. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a ba babatsa hobane ba e-na le mamello. Leha ho le joalo, o ile a re ho bona: “Ha ke thabisoe ke hore ebe ha u sa na lerato joaloka pele.” (Tšen. 2:3, 4) Joalokaha mantsoe a Jesu a bontša, hanyane ka hanyane Mokreste a ka qetella a se a sebeletsa Jehova e le ho phetha molao feela. Motho ea joalo a ka ’na a tsoela pele a rapela, a ea libokeng le ho ea tšimong, empa a etsa lintho tsena hobane feela a tloaetse ho li etsa. Ha a sa li etsa hobane a susumetsoa ke lerato. U ka etsa’ng haeba lerato leo u ratang Jehova ka lona le se le se matla joaloka pele?
10. Ke joang u ka ‘nahanisisang’ ka lintho tseo u li etsang borapeling ba hao ho Jehova le ho ‘li etsa ka mafolofolo ’ohle’? (1 Timothea 4:13, 15)
10 Moapostola Pauluse o ile a re Timothea a ‘nahanisise’ ka lintho tseo a li etsang borapeling ba hae ho Jehova le hore a “li etse ka mafolofolo ’ohle.” (Bala 1 Timothea 4:13, 15.) Tumellanong le keletso eo, leka ho nahana ka litsela tseo ka tsona u ka etsang hore u chesehe borapeling ba hao ho Jehova, e le hore u ka tsoela pele u sebetsa ka thata. (Bar. 12:11) Ka mohlala, mohlomong u ka ntlafatsa tsela eo u mamelang ka eona ha u le libokeng ka hore u li lokisetse hantle. Mohlomong u ka khona hore u etse hore thuto ea hao ea botho e u tsoele molemo ka hore u khethe sebaka se khutsitseng, e leng se tla u lumella hore u nahanisise ka seo u ithutileng sona. Feela joalokaha u ka beselletsa mollo hore o lule o tuka, u ka tsoela pele ho ikitlaelletsa ho etsa lintho tsena e le hore u tsosolose kananelo ea hao ea lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona, ho akarelletsa le tefo ea topollo. Hape, sebelisa libeke tse tlang pele ho Sehopotso ho thuisa ka melemo e ikhethang eo u e thabelang hobane u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ha ho pelaelo hore sena se tla u thusa hore u ananele tefo ea topollo haholoanyane, e leng oona motheo oa setsoalle sa rona le Jehova.
11, 12. Na ho felloa ke cheseho ka nakoana ho bolela hore ha u sa na moea oa Molimo? Hlalosa. (Sheba setšoantšo.)
11 Haeba ka nakoana u utloa eka ha u sa chesehela borapeli ba ’nete joalokaha u batla, u se ke oa nyahama kapa oa etsa qeto ea hore ha u sa na moea oa Molimo. Hopola seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakorinthe ka tšebeletso ea hae, o ile a re: “Le haeba ke li bolela ke sa batle, ke ntse ke fuoe boikarabelo ba ho li bolela.” (1 Bakor. 9:17) O ne a bolela eng?
12 Ka linako tse ling, Pauluse o ne a e-na le ho nyahamela ho bolela litaba tse monate. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse hore a phehelle ho etsa mosebetsi oa hae ho sa tsotellehe hore na o ne a ikutloa joang ka nako eo. Le uena u ka ikemisetsa ho etsa se tšoanang. Ikemisetse ho etsa ntho e nepahetseng le haeba u se na takatso ea ho e etsa. Kopa Jehova hore a u thuse hore u ‘be le tabatabelo le matla a ho etsa lintho tse mo khahlisang.’ (Bafil. 2:13) Lula u etsa lintho tsa moea. Kholiseha hore ha nako e ntse e ea, lintho tseo u li etsang li tla ama tsela eo u ikutloang ka eona, ’me li etse hore u tsosolose lerato leo u ratang Jehova ka lona.
Lula u etsa lintho tsa moea leha u se na takatso ea ho li etsa (Sheba serapa sa 11 le 12)
13. Re ka lula re itlhahloba joang ho bona ‘hore tumelo ea rona e tiile’?
13 Ho bohlokoa hore nako le nako re itlhahlobe tumellanong le keletso e hlahang ho 2 Bakorinthe 13:5, e reng: “Le ’ne le itlhahlobe hore na tumelo ea lona e tiile, le ’ne le itlhahlobe hore na le batho ba mofuta ofe.” Nako le nako re ka ipotsa lipotso tse kang: ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša ka ho hlaka hore ho sebeletsa Jehova ke eona ntho ea bohlokoa bophelong ba ka?’ (Mat. 6:33) ‘Na boithabiso boo ke bo khethang bo bontša hore ke hloile se sebe?’ (Pes. 97:10) ‘Na ke etsa hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong?’ (Baef. 4:2, 3) Sehopotso, e leng ketsahalo eo ho eona ka ho khetheha re nahanisisang ka tokisetso eo Jehova a e entseng ea tefo ea topollo, se re fa monyetla oa hore re itlhahlobe le ho etsa bonnete ba hore ha re iphelele empa re phelela Kreste. c
LINKU TSE HLAHLATHETSENG
14. Ke eng e ka etsang hore Bakreste ba bang ba hlahlathele?
14 Bakreste ba bang ba khaolitse ho sebeletsa Jehova ka mor’a likhoeli kapa lilemo ba mo sebeletsa ka botšepehi. Hobane’ng? Hobane ba bang ba imetsoe ke “mathata a bophelo.” (Luka 21:34) Ba bang ba khopisitsoe ke mantsoe kapa liketso tsa Mokreste-’moho. (Jak. 3:2) Ha ba bang bona ba entse sebe se tebileng ’me ba soabela ho kopa thuso. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, u ka etsa’ng haeba u le nku e hlahlathetseng? Tokisetso e lerato ea tefo ea topollo e ka u susumelletsa hore u etse’ng?
15. Jehova o bontša joang hore o tsotella linku tsa hae tse hlahlathetseng? (Ezekiele 34:11, 12, 16)
15 Nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka linku tse hlahlathetseng. Ha aa li lahla. Ho e-na le hoo, o batlana le tsona. Oa li fepa le ho li thusa hore li khutlele ho eena. (Bala Ezekiele 34:11, 12, 16.) Na Jehova oa u thusa le uena hona joale? Ho joalo! Taba ea hore u ntse u bala sehlooho sena, e bontša hore u ntse u batla ho thabisa Jehova. Feela joalokaha Jehova a ile a bona pelo ea hao ’me a u hulela ’neteng, e ka ’na eaba o etsa se tšoanang le hona joale.
16. Ke eng e ka thusang nku e lahlehileng hore e khutlele ho Jehova? (Sheba setšoantšo.)
16 Bukana ea Khutlela ho Jehova e na le mantsoe ana a khothatsang: “Kholiseha hore Jehova o tla u tšehetsa ha u khutlela ho eena. O tla u thusa hore u sebetsane le matšoenyeho, u loantšane le ho utloa bohloko le hore u khotsofale ka ho felletseng ka lebaka la ho ba le letsoalo le hloekileng. Mohlomong u tla boela u susumelletsehe ho sebeletsa Jehova hammoho le balumeli-’moho le uena.” Hape hopola hore baholo ba labalabela ho u thusa. E ka “ba sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esa. 32:2) Kaha u ananela tefo ea topollo, ipotse, “Ke mehato efe eo nka e nkang hona joale ‘ho lokisa litaba’ le Jehova?” (Esa. 1:18; 1 Pet. 2:25) Ka mohlala, na u ka ea libokeng Holong ea ’Muso? Na u ka bua le moholo e mong e le hore a ka u thusa hore u khutlele ho Jehova? A ka ’na a boela a hlophisa hore ho be le motho ea ithutang Bibele le uena ka nakoana. U ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho bontša hore u ananela tefo ea topollo eo a faneng ka eona ka Mora oa hae.
Ipotse, “Ke mehato efe eo nka e nkang hona joale ‘ho lokisa litaba’ le Jehova?” (Sheba serapa sa 16)
U TLA ETSA’NG?
17, 18. U ka sebelisa nako ea hao hamolemo joang pele ho Sehopotso sa selemong see?
17 Jesu o ile a re tefo ea topollo e fanoe “e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Tefo ea topollo ke tsela eo Jehova a e sebelisang ho re lopolla sebeng le lefung. Ha ho le ea mong oa rona ea lokelang ho e nka hanyane. (Bar. 3:23, 24; 2 Bakor. 6:1) Matsatsi a tlang pele ho Sehopotso, a re fa monyetla oa hore re nahanisise ka lerato leo Jehova le Jesu ba re ratang ka lona, ’me lerato leo le re susumelletsa hore re bontše kananelo.
18 Tefo ea topollo e ka u susumelletsa hore u etse’ng? Mohlomong karabo ea hao e ke ke ea tšoana le ea motho e mong. Empa u ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho ba karolo ea barapeli ba hae ba limilione ‘ba sa ipheleleng empa ba phelela ea ileng a ba shoela.’—2 Bakor. 5:15.
PINA EA 14 Rorisang Morena e Mocha oa Lefatše
a E le ho u thusa hore u sebelise seo u ithutang sona ka Bibeleng, sebelisa lebokose la “Seo u ka se Etsang” le hlahang qetellong ea khaolo ka ’ngoe ea buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!
b Sheba sehlooho se reng “Bacha—‘Le ’ne le Sebeletse Poloko ea Lona’” ho Molula-Qhooa oa December 2017, e le hore u fumane litlhahiso tsa kamoo u ka tsoelang pele ho hola moeeng kateng.
c E le hore u fumane litlhahiso tsa kamoo u ka tsoelang pele u bontša kananelo kateng, sheba sehlooho se reng “Ke Eng se U Susumelletsang ho Sebeletsa Molimo?” ho Molula-Qhooa oa June 15, 1995.

