LA 2-8 MARCH 2026
PINA EA 97 Lentsoe la Molimo Lea Phelisa
Tsoela Pele ho Bontša Hore oa Hlokomela Hore u “Hloka Molimo”
TEMANA EA RONA EA SELEMO EA 2026: “Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Molimo.”—MAT. 5:3.
NTLHA-KHOLO
Jehova o re file lijo, liaparo le tšireletseho ea moea tse re thabisang e le kannete. Re tl’o bona hore na re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele ho rua molemo ho tsona.
1. Jehova o bopile batho ba e-na le litlhoko life tsa mantlha? (Matheu 5:3)
JEHOVA o bopile batho ba e-na le litlhoko tsa mantlha. Ka mohlala, e le hore re phele, re hloka lijo, liaparo le bolulo. Haeba re haelloa ke e ’ngoe ea lintho tsena, leha e ka ba ka nakoana, re ka shoa kapa bophelo ba rona ba e-ba boima haholo. Jehova o boetse oa tseba hore ho na le ntho e ’ngoe eo batho ba e hlokang. O re bopile ka tsela e etsang hore re hlokomele hore re hloka Molimo. (Bala Matheu 5:3.) Haeba re batla ho thaba e le kannete, re lokela ho ela hloko tlhoko eo re be re tsoele pele ho e khotsofatsa.
2. Fana ka mohlala o bontšang hore na ho bolela eng ho ‘hlokomela’ hore re “hloka Molimo.”
2 Ho bolela eng ho ‘hlokomela’ hore re “hloka Molimo”? Polelo ea Segerike e sebelisitsoeng mona e fana ka maikutlo a motho ea kopang thuso. Nahana ka motho ea futsanehileng eo e leng mokopa-kopa. O apere liaparo tse tabohileng ’me o lutse k’honeng ea seterata toropong. Ha a na matla ka lebaka la tlala. Motšehare o otloa ke mocheso oa letsatsi ’me bosiu oa hatsela ka lebaka la serame se kenellang masapong. Batho baa mo qoba ka lebaka la tsela eo a shebahalang ka eona. Mokopa-kopa enoa oa hlokomela hore o hloka thuso e le hore a tsoele pele a phela. Ka ho tšoanang, motho ea hlokomelang hore o hloka Molimo, oa hlokomela hore o hloka thuso ea Molimo e le hore a phele. Kahoo, o labalabela ho rua molemo linthong tsa moea tse ngata tseo Jehova a li fang batho ba mo ratang.
3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
3 Sehloohong sena, re tla qala ka ho hlahloba hore na re ka ithuta’ng ho mosali oa Mofoenisia ea ileng a kopa Jesu hore a mo thuse. Tlaleho ena e hatisa makhabane a mararo ao batho ba hlokomelang hore ba hloka Molimo ba lokelang ho ba le ’ona. Ka mor’a moo, re tla hlahloba mohlala oa moapostola Petrose, moapostola Pauluse hammoho le oa Morena Davida, bao e neng e le banna ba moea.
MOHLALA O MOTLE OA BOIKOKOBETSO, HO SE TELE LE HO BA LE TUMELO
4. Mosali oa Mofoenisia o ne a batla hore Jesu a mo etsetse eng?
4 Ka letsatsi le leng, mosali oa Mofoenisia o ile a ea ho Jesu. Morali oa hae o ne a “kenoe ke modemona ea mo sotlang hampe.” (Mat. 15:21-28) Mosali enoa o ile a oa ka mangole ’me a kopa Jesu hore a mo thuse. O ile a bontša makhabane a bohlokoa ha a ntse a bua le Jesu. Nahana ka a mang a ’ona.
5. Ke makhabane afe ao mosali oa Mofoenisia a ileng a a bontša, hona Jesu o ile a etsa’ng? (Sheba setšoantšo.)
5 Mosali oa Mofoenisia o ile a bontša boikokobetso ba ’nete. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Hobane ha aa ka a nka Jesu hampe ha a ne a etsa mohlala o neng o mo tšoantša le ntjanyana, e leng phoofolo eo Balichaba ba neng ba e rata haholo, ba lula le eona ka tlung ebile e bapala le bana ba bona. U ka be u ile oa etsa’ng haeba Jesu a ne a ka cho joalo ho uena? Na u ka be u ile oa utloa a u rohaka ’me oa khaotsa ho kopa thuso ho eena? Ha se seo mosali oa Mofoenisia a ileng a se etsa. O ile a bontša boikokobetso le ho se tele. Re bona sena tseleng eo a ileng a tsoela pele ho kopa Jesu hore a mo thuse. Ke eng e ileng ea mo susumelletsa ho etsa joalo? Ke ho ba le tumelo ho Jesu. Ha e le hantle, tumelo ea mosali enoa e ile ea susumetsa Jesu haholo hoo a ileng a etsa qeto ea ho mo thusa. Le hoja Jesu a ne a qeta hore ha aa romeloa ho mang kapa mang ha e se ‘linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele,’ o ile a ntša modemona eo ho morali oa mosali eo oa Molichaba.
Mosali oa Mofoenisia o ne a hloka ho ba le boikokobetso, ho se tele le tumelo e le hore a fumane thuso eo a neng a e batla (Sheba serapa sa 5)
6. Re ithuta eng tlalehong ea mosali oa Mofoenisia?
6 E le hore Jehova a re thuse, re lokela ho ba le makhabane a tšoanang le a mosali eo. Re lokela ho ikokobetsa, ho bontša ho se tele le ho ba le tumelo e matla. Ke motho ea ikokobelitseng feela ea tla kopa Molimo hore a mo thuse a sa tele. Re boetse re lokela ho bontša tumelo e matla ho Kreste Jesu le ho tšepa batho bao a ba sebelisang hore ba tataise barutuoa ba hae. (Mat. 24:45-47) Jehova le Mora oa hae ba thabela ho thusa le ho tataisa batho ba bontšang makhabane ana. (Bapisa le Jakobo 1:5-7.) Hona joale a re hlahlobeng tsela eo Jehova a re fang lijo, liaparo le tšireletso ea moea kateng. Re tla ithuta hore na re ka etsa’ng e le hore re fumane litlhoko tsena tsa mantlha ka ho ithuta mohlaleng oa moapostola Petrose, moapostola Pauluse hammoho le oa Morena Davida.
LULA U JA LIJO TSA MOEA TSE NANG LE PHEPO JOALOKA PETROSE
7. Ke taelo efe eo Petrose a ileng a e fuoa, empa o ne a boetse a lokela ho etsa’ng? Hlalosa. (Baheberu 5:14–6:1)
7 Nahana ka mohlala oa moapostola Petrose. E ne e le e mong oa Bajuda ba pele ba ileng ba hlokomela hore Jesu ke Mesia eo Jehova a neng a mo sebelisa ho fepa batho ba hae ‘mantsoe a fanang ka bophelo bo sa feleng.’ (Joh. 6:66-68) Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a fa Petrose taelo ena: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” (Joh. 21:17) Petrose o ile a phetha taelo eo ka botšepehi, ’me Jehova a ba a mo sebelisa ho ngola mangolo a mabeli a Bibele. Empa Petrose o ne a boetse a hloka ho iphepa ka lijo tsa moea. Ka mohlala, o ile a ithuta mangolo ao moapostola Pauluse a ileng a susumetsoa ho a ngola. Petrose o ile a hlokomela hore tse ling tsa lintho tseo Pauluse a li ngotseng li ne li le “thata.” (2 Pet. 3:15, 16) Empa ho hlakile hore Petrose ha aa ka a tela, o ile a phehella a e-na le tumelo ea hore Jehova o tla mo thusa ho utloisisa le ho sebelisa, kapa ho sila “lijo tse tiileng” tseo Pauluse a ileng a susumetsoa ke moea o halalelang hore a fana ke tsona mangolong a hae.—Bala Baheberu 5:14–6:1.
8. Petrose o ile a etsa’ng ka mor’a hore Jehova a mo khantšetse leseli le lecha?
8 Petrose o ile a bontša hore o ne a e-na le tumelo ho Jehova ka ho latela tataiso eo a ileng a e fuoa. Ka mohlala, ha a le motseng oa Jopa, Petrose o ile a ba le pono eo ho eona lengeloi le ileng la mo bolella hore a hlabe le ho ja nama ea liphoofolo tseo ho ea ka Molao oa Moshe li neng li sa hloeka. Ho Bajuda, tataiso e joalo e ne e tšosa. Qalong, Petrose o ile a re: “Nke ke ka etsa joalo Morena hobane ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hloekang.” Lengeloi le ile la mo bolella la re: “Khaotsa ho re lintho tseo Molimo a li hloekisitseng ha lia hloeka.” (Lik. 10:9-15) Petrose o ile a thola ntlha. Re tseba seo joang? Hang ka mor’a ho ba le pono ena, banna ba bararo ba neng ba ronngoe ke Korneliase oa Molichaba ba ile ba fihla ho Petrose ’me ba mo mema hore a e’o bua le mong’a bona. Ka tloaelo, Petrose o ne a ke ke a lumela ho le beha ntlong ea Molichaba hobane Bajuda ba ne ba nka Balichaba ba sa hloeka. (Lik. 10:28, 29) Empa hang-hang Petrose o ile a amohela leseli lena le lecha leo Jehova a ileng a mo khantšetsa lona. (Liprov. 4:18) O ile a bolella Korneliase le ba lelapa la hae litaba tse monate, ’me a thabela ho ba bona ha ba amohela ’nete, moea o halalelang ba bile ba kolobetsoa.—Lik. 10:44-48.
9. Ke ka litsela life tse peli re ka ruang molemo ha re hlaolela tabatabelo ea ho ja lijo tse tiileng tsa moea?
9 Le rona re lokela ho lula re iphepa lebese kapa linnete tsa motheo tsa Lentsoe la Molimo joaloka Petrose. Re boetse re lokela ho hlaolela tabatabelo ea ho ja lijo tse tiileng tsa moea, e leng linnete tseo ho ka ’nang ha e-ba thata ho li utloisisa. Ke habohlokoa hore re ipehele nako le ho ikemisetsa ho ithuta linnete tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. Hobane’ng? Hobane re ka rua molemo bonyane ka litsela tsena tse peli: Ea pele, re ithuta lintho ka Jehova tse etsang hore re mo rate le ho mo hlompha haholoanyane. Ea bobeli, re susumelletseha le ho feta ho bolella ba bang ka Ntate oa rona oa leholimo ea hlollang. (Bar. 11:33; Tšen. 4:11) Mohlala oa Petrose o re ruta thuto e ’ngoe ea hore ha kutloisiso ea rona ea Lentsoe la Molimo e ntlafatsoa, re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona le eo re etsang lintho ka eona kapele. Ha re etsa joalo, re tla lula re ja lijo tse nang le phepo ’me Jehova o tla re sebelisa haholoanyane.
LULA U APERE HANTLE MOEENG JOALOKA PAULUSE
10. Ho apara hantle moeeng ho bolela eng? (Bakolose 3:8-10)
10 E le hore re khahlise Molimo, re lokela ho nka monyetla ka ho sebelisa liaparo tsa moea tseo Jehova a re fang tsona. Re bolela’ng? Moapostola Pauluse o ile a ngola hore re lokela ho ‘hlobola botho ba khale’ ’me re apare “botho bo bocha.” (Bala Bakolose 3:8-10.) Ho hloka nako le boiteko ho apara botho bo bocha. Nahana ka mohlala oa Pauluse. Ho tloha ha a sa le mocha, o ile a sebetsa ka thata hore Molimo a mo amohele. (Bagal. 1:14; Bafil. 3:4, 5) Empa o ne a se na tsebo e nepahetseng ea morero oa Molimo ’me seo se ile sa etsa hore a futsanehe moeeng. Ho iphapanyetsa lithuto tsa Kreste le boikakaso, ho ile ha etsa hore e be motho ‘ea ikhohomosang’ ea neng a apere botho bo sa khahliseng Molimo.—1 Tim. 1:13.
11. Ke mefokolo efe eo Pauluse a neng a lokela ho sebetsa ka thata hore a e hlole? Hlalosa.
11 Pele Pauluse e ba Mokreste, e ne e le sefela-peloana. Tlaleho e ho Liketso e bontša hore Pauluse o ile a halefela barutuoa ba Jesu hoo a ileng a ba hlorisa le ho batla ho ba bolaea. (Lik. 9:1) Ka mor’a hore e be Mokreste, e tlameha ebe o ile a sebetsa ka thata ho hlobola botho ba khale. (Baef. 4:22, 31) Ho ntse ho le joalo, ha Pauluse le Barnabase ba ne ba sa lumellane ka taba e itseng “ba ile ba halefelana haholo.” (Lik. 15:37-39) E tlameha ebe taba ena e ile ea nyahamisa Pauluse, empa ha aa ka a tela. O ile a tsoela pele ho ‘tšoara ’mele oa hae ka thata,’ a loantša mefokolo ea hae e le hore a tsoele pele a amoheloa ke Jehova.—1 Bakor. 9:27.
12. Ke eng e thusitseng Pauluse hore a atlehe ho hlobola mekhoa e mebe?
12 Pauluse o ile a atleha ho hlobola mekhoa e mebe ’me a apara botho bo bocha hobane o ne a sa itšetleha ka matla a hae. (Bafil. 4:13) O ne a ‘itšetlehile ka matla a Molimo’ joaloka Petrose. (1 Pet. 4:11) Ho ntse ho le joalo, ka linako tse ling Pauluse o ne a etsa liphoso ’me a nyahamisoa ke seo. Empa ha a ne a nyahame, o ne a nahana ka lintho tse ntle tseo Ntate oa hae ea leholimong a mo etselitseng tsona, ’me seo se ne se mo matlafatsa e le hore a tsoele pele a etsa lintho tse khahlisang Molimo.—Bar. 7:21-25.
13. Re ka etsisa Pauluse joang?
13 Re ka etsisa Pauluse ka ho hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re hlobole botho ba khale ’me re apare botho bo bocha, e leng liaparo tsa moea tseo Molimo a re fang tsona. Haeba re etsa phoso, joaloka ho fela pelo kapa ho buisa motho e mong hampe, ha rea lokela ho inka re hlolehile. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ka matla ho fetola tsela eo re nahanang le ho etsa lintho ka eona. (Bar. 12:1, 2; Baef. 4:24) Ha re ntse re etsa joalo, re lokela ho hopola ntlha ena ea bohlokoa: Ho fapana le liaparo tse lokelang ho lokisoa e le hore li re lekane, rona re lokela ho itokisa e le hore liaparo tsa moea tseo Jehova a fanang ka tsona li re lekane. Ke ho utloahalang hore re fetole seo re leng sona e le hore re phele tumellanong le melao ea Molimo.
LULA U SIRELETSEHILE HANTLE MOEENG JOALOKA DAVIDA
14, 15. Ke ka tsela efe Jehova a fang batho ba hae tšireletseho ea moea? (Pesaleme ea 27:5) (Sheba setšoantšo.)
14 E le hore re thabe e le kannete, re hloka ntho e ’ngoe ntle le lijo le liaparo tsa moea. Re boetse re hloka tšireletseho ea moea. Tšireletsoho ee ke eng hona re ka etsa bonnete ba hore re lula re sireletsehileng moeeng joang?
15 Morena Davida o ile a bua ka tšireletseho ea moea eo Jehova a fanang ka eona. (Bala Pesaleme ea 27:5.) Jehova o sireletsa batho ba hae ho mang kapa mang le ho eng kapa eng e ka ba lematsang ka ho sa feleng. Jehova o sireletsa bahlanka ba hae joang mehleng ee? O tšepisa hore ha ho na sebetsa se etselitsoeng ho re loantša se tla atleha. (Pes. 34:7; Esa. 54:17) Satane le baetsana ba hae ba matla, empa Jehova o matla ho ba feta. Le haeba ba ka re bolaea, Jehova o tla re tsosa. (1 Bakor. 15:55-57; Tšen. 21:3, 4) Jehova o boetse oa re thusa ha re tšoenyehile e le hore re se ke ra khaotsa ho mo sebeletsa. (Liprov. 12:25; Mat. 6:27-29) Ntate oa rona ea lerato o re file lelapa la moea la bara le barali ba bo rona ba re tšehetsang le baholo ba re lisang. (Esa. 32:1, 2) Ha re le libokeng, re lula re hopotsoa litsela tse tobileng tsa kamoo re ka ruang molemo tšireletsehong eo Jehova a re fang eona kateng.—Baheb. 10:24, 25.
Morali oa bo rona o batla thuso ea moea ka hore a ee libokeng le bara le barali babo (Sheba serapa sa 14 le 15)
16. Jehova o ile a sireletsa Davida ka litsela life?
16 Ha Davida a ne a mamela Jehova, Jehova o ne a mo thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng ’me Davida o ne a thaba. Ka tsela eo, Jehova o ne a mo sireletsa. (Bapisa le Liproverbia 5:1, 2.) Empa ha Davida a ne a sa mamele melao ea Molimo, Jehova o ne a sa mo sireletse ho litla-morao tsa liketso tsa hae. (2 Sam. 12:9, 10) Ho thoe’ng ka makhetlo ao Davida a ileng a ba le mathata e se molato oa hae? Davida o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova ka thapelo, ’me Jehova o ile a mo thusa hore a se ke a tšoenyeha haholo ka ho mo tiisetsa hore oa mo rata le hore o tla mo hlokomela.—Pes. 23:1-6.
17. Re ka etsisa Davida joang?
17 Re ka etsisa Davida ka ho batla keletso ea Jehova ha re etsa liqeto. Re boetse rea hlokomela hore ka linako tse ling re hlaheloa ke mathata, eseng hobane Jehova a hlolehile ho re sireletsa, empa hobane re entse liqeto tse booatla. (Bagal. 6:7, 8) Hape ha re hlaheloa ke mathata ao re sa ipakelang ’ona, re tšollela lipelo tsa rona ho Jehova ka thapelo, re tšepile hore o tla sireletsa lipelo tsa rona le menahano ea rona.—Bafil. 4:6, 7.
TSOELA PELE HO BONTŠA HORE OA HLOKOMELA HORE U HLOKA MOLIMO
18. Ke mathata afe ao re tobanang le ’ona, hona re ka tsoela pele ho bontša hore rea hlokomela hore re hloka Molimo joang? (Sheba litšoantšo.)
18 Temana ea rona ea selemo ea 2026 e re: “Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Molimo.” Taba eo ke ’nete kajeno ho feta leha e le neng pele. Hobane’ng? Hobane re pota-potiloe ke batho ba sa thabang, ba sa lumeleng hore ba hloka Molimo kapa ba lekang ho sebeletsa Molimo ka tsela eo ba e batlang ba latela malumeli a bohata kapa lifilosofi tsa batho. Re lokela ho qoba ho susumetsoa ke tsela eo ba ikutloang ka eona. Re ka etsa seo joang? Ka ho iphepa ka lijo tsa moea tseo Jehova a re fang tsona, ka ho apara botho bo bocha le ka ho batla tšireletseho eo Jehova a re fang eona.
Re lokela ho tsoela pele ho khotsofatsa tlhoko ea rona ea lijo, liaparo le tšireletseho ea moea (Sheba serapa sa 18) a
PINA EA 162 Ke Hloka Molimo
a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Morali oa bo rona ea hlahileng setšoantšong se fetileng o iphepa ka lijo tsa moea ka ho ithuta Molula-Qhooa, ho bontša batho ba bang mosa e le karolo ea hae ea botho bo bocha le ho batla thuso ho baholo ba mo ratang ba mo etsetsang leeto la bolisa.

