LA 30 MARCH–LA 5 APRIL 2026

PINA EA 76 Na ha ho Thabise?

Ruta ’Nete ka Mosa

Ruta ’Nete ka Mosa

“Jehova Molimo ea nang le ’nete.”PES. 31:5.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka rutang ’nete ka tsela e tla tsoela batho ba bang molemo kateng.

1. Re ka etsa’ng e le hore re be karolo ea lelapa la Jehova?

 HA RE qala ho kopana le Bakreste-’moho le rona, ka tloaelo re botsana potso e reng: “U fumane ’nete joang?” Ba bang ba araba potso eo ka ho re: “Ke holetse ’neteng.” Ba bang ba ka ’na ba re: “Ke sa tsoa ithuta ’nete.” Re araba ka litsela tsena tse fapaneng hobane ’nete ea Lentsoe la Molimo e fetola bophelo ba rona ka ho felletseng. Hobane’ng? Hobane rea tseba hore re ka ba karolo ea lelapa la Jehova haeba feela re bontša hore re rata ’nete re bile re phela tumellanong le eona. Tsela e ’ngoe eo re ka etsang sena ka eona ke ka ho bua ’nete le ho tšepahala.—Pes. 15:​1-3.

2. (a) Jesu o ne a tsebahala ka eng? (b) Batho ba ne ba tla ikutloa joang ka ’nete eo Jesu a neng a e ruta ka Molimo?

2 Jesu o ne a bua ’nete ka mehla. Lira tsa hae li ne li tseba hore o bua ’nete le haeba a bua lintho tseo batho ba sa li rateng. (Mat. 22:16) Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore na batho ba ne ba tla ikutloa joang ka ’nete eo a e rutang. O ile a re: “Ke tletse ho baka karohano: Mora o tla loantša ntate, morali a loantše ’mè le ngoetsi e loantše matsale.” (Mat. 10:35) Jesu o ne a sa batle hore batho ba hanyetse molaetsa oo eena le balateli ba hae ba neng ba o phatlalatsa, empa o ne a tseba hore seo se tla etsahala. (Mat. 23:37) O ne a tseba hore molaetsa oa hae o ne o tla arola batho ba ratang ’nete ea Bibele ho ba sa e rateng.—2 Bathes. 2:​9-11.

3. Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Joaloka Jesu, re leka ho tšepahala le ho bua ’nete kamehla, le hoja batho ba sa re rate ka lebaka la seo. Hape re bolela le ho ruta ’nete ea Bibele, le hoja batho ba bang ba ka ’na ba khopisoa ke seo re se buang. Na see se bolela hore ha rea lokela ho tsotella tsela eo re buang ’nete ka eona le hore na re e bua neng? Che! Sehloohong sena, re tla qala ka ho araba potso ena ea bohlokoa: Re ka fumana ’nete hokae? Re tla boela re arabe lipotso tse ling tse tsamaisanang le eona, tse reng: Ke hobane’ng ha re lokela ho bua ’nete? Re ka e bua joang, hona neng? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re thusa ho ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho ruta ’nete ka mosa, e leng ka bohlale le ka nako e loketseng.

RE KA FUMANA ’NETE HOKAE?

4. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova ke Mohloli oa ’nete?

4 Jehova ke Mohloli oa ’nete. Lintho tsohle tseo a li buang ke ’nete. Ka mohlala, lintho tseo a li buang ka se nepahetseng le se fosahetseng ke ’nete. (Pes. 19:9; 119:​142, 151) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang ka bokamoso ea phethahala. (Esa. 55:​10, 11) O lula a phethahatsa litšepiso tsa hae. (Num. 23:19) Ha e le hantle, Jehova a ke ke a bua leshano. (Baheb. 6:18) Kahoo, hoa utloahala hore ebe Jehova o tsebahala e le “Molimo ea nang le ’nete.”—Pes. 31:5.

5. Ke hobane’ng ha ho se thata ho fumana “Molimo ea nang le ’nete”? Hlalosa. (Liketso 17:27)

5 Ho sa tsotellehe seo batho ba bang ba se buang, ha ho thata ho fumana Jehova, “Molimo ea nang le ’nete.” Popo e fana ka bopaki ba hore o teng. (Bar. 1:20) Ha moapostola Pauluse a bua le sehlopha sa barutehi ba Bagerike ba Athene, o ile a re Molimo o batla hore re ‘mo fumane’ ’me “ha a hole le rona.” (Bala Liketso 17:27.) Ha e le hantle, Jehova o hulela batho ba ikokobelitseng ba ntseng ba batla ’nete ho eena.—Joh. 6:44.

6. Ke linnete life tse ling tse teng ka Bibeleng, hona ke hobane’ng ha re ananela ho tseba linnete tseo?

6 Tsela e ’ngoe eo re ka fumanang Jehova ka eona ke ka hore re ithute Bibele. Banna ba ngotseng libuka tsa Bibele ba susumelitsoe ke moea o halalelang oa Molimo. (2 Pet. 1:​20, 21) Kahoo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng ke ’nete ’me re ka e tšepa. Ka mohlala, re ka tšepa seo e se buang ka hore na bokahohle bo bile teng joang le hore na bophelo bo bile teng joang lefatšeng. (Gen. 1:​1, 26) Re ka lumela seo e se buang ka hore na ke hobane’ng ha re etsa sebe, re e-na le mathata re bile re shoa. (Bar. 5:12; 6:23) Re ka e tšepa ka ho felletseng ha e re Jehova o tla etsolla tšenyo eohle e bakiloeng ke Satane e leng “ntate oa leshano,” a sebelisa Mora oa hae. (Joh. 8:44; Bar. 16:20) Hape re ka tšepa tšepiso ea Bibele ea hore Jesu o tla felisa batho ba khopo, a tsose bafu, a lokise lefatše le ho re thusa hore re phethahale. (Joh. 11:​25, 26; 1 Joh. 3:8) Ke tlotla e kaakang eo Jehova a re fileng eona. O re rutile ’nete, ’me o re file monyetla oa hore re e rute batho ba bang.—Mat. 28:​19, 20.

KE HOBANE’NG HA RE BUA ’NETE?

7, 8. Na sepheo sa rona sa ho bua ’nete se bohlokoa ho Jehova? Fana ka mohlala. (Mareka 3:​11, 12) (Sheba litšoantšo.)

7 Joalokaha re ile ra bontša pejana, re lokela ho bua ’nete haeba re batla ho ba karolo ea lelapa la Jehova. Leha ho le joalo, e le hore re mo khahlise, re lokela ho etsa ho fetang feela ho bua ’nete. Lebaka leo re buang ’nete ka lona ke la bohlokoa ho Jehova. Nahana ka se ileng sa etsahala ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng. (Bala Mareka 3:​11, 12.) Ha a ntse a bolela litaba tse monate pel’a Leoatle la Galilea, batho ba bangata ba ile ba mo bokanela. Har’a bona ho ne ho e-na le batho ba bang ba kenoeng ke bademona, ba ileng ba oela fatše ka pel’a hae ’me ba hoeletsa ba re: “U Mora oa Molimo.” Ke hobane’ng ha bademona ba ne ba bua ’nete ka Jesu? E ka ’na eaba sepheo sa bona e ne e le ho etsa hore batho ba ba utloang ba ba tšepe le ho etsa hore ba khaotse ho sebeletsa Jehova. Bademona ba ne ba bua ’nete empa sepheo sa bona e ne e le sa boithati. Jesu ha aa ka a thetsoa ke seo ba neng ba se bua kapa a khahloa ke sona. Ha e le hantle, Jesu o ile a laela bademona hore ba se ke ba bua ka eena.

8 Re ithuta’ng tlalehong ee? Sepheo sa rona sa ho bua ’nete ke sa bohlokoa ho Jehova. Ho bohlokoa haholo hore sepheo sa rona sa ho ruta ’nete e be se setle le hore ha batho ba re rorisa, re ise thoriso eo ho Jehova, eseng ho rona.—Mat. 5:16; bapisa le Lik. 14:​12-15.

Ha u ruta ’nete, u isa thoriso ho mang? (Sheba serapa sa 7 le 8)


9. Re lokela ho qoba ho etsa’ng, hona hobane’ng?

9 Nahana ka boemo bo bong boo re lokelang ho qoba ho ikhapela thoriso ho bona. A re re mor’abo rona ea nang le boikarabelo o re boleletse litaba tsa lekunutu ebe re li fetisetsa ho ba bang. Haeba hamorao batho ba re mametseng ba utloa hore taba eo ke ’nete, ba ka tsota lintho tseo re li tsebang ebe ba nahana hore re tšepetsoe ho boloka litaba tse ngata tsa lekunutu. Seo se ka etsa hore ba nahane hore re batho ba bohlokoa haholo, empa Jehova a ke ke a re nkela holimo. (Liprov. 11:13) Hobane’ng? Hobane ha se feela hore re buile litaba tsa lekunutu, empa re boetse re buile ’nete ka sepheo se fosahetseng.

RE LOKELA HO BUA ’NETE JOANG?

10. U ka hlalosa mantsoe “a mosa” joang? (Bakolose 4:6)

10 Bala Bakolose 4:6. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba lulang Kolose hore mantsoe ao ba a buang a be “mosa kamehla.” Seo se bolela’ng? Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le bolela hore seo re se buang se lokela ho ruisa bamameli ba rona molemo, hape se be mosa le ho ba monate.

11, 12. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ha re ruta ’nete? Fana ka mohlala. (Sheba litšoantšo.)

11 Re lokela ho sebelisa keletso ea Pauluse ea ho bua mantsoe a mosa ha re ruta batho ba bang ’nete. Bibele e tšoantša ’nete e ka har’a eona le sabole e bohale e ka arolang seo motho a leng sona ka ntle le ka hare. Ka mantsoe a mang, e ka senola tsela eo re ikutloang ka eona le sepheo sa rona. (Baheb. 4:12) Empa haeba re sa sebelise Bibele ka bohlale, re ka khopisa ba bang le ho baka likhang ho sa hlokahale. Seo se ka etsahala joang?

12 Nahana ka boemo bona. Tšimong re kopana le monna ea pelo e ntle ea lulang a rapela litšoantšo, ’me o thabela ho keteka Keresemese le Paseka le lelapa la hae. Re ka sebelisa Bibele ho bontša monna eo hore ke booatla ho rapela litšoantšo tse sa pheleng le ho mo bontša hore mekete ea Keresemese le ea Paseka ke ea bohetene. (Esa. 44:​14-20; 2 Bakor. 6:​14-17) Haeba re mo bolella seo ka lekhetlo la pele feela re kopana le eena, re tla be re bua ’nete empa re tla be re sa sebelise Lentsoe la Molimo ka bohlale.

U ka ruta ’nete ka bohlale joang? (Sheba serapa sa 11 le 12) a


13. Re ka noka mantsoe a rona ka letsoai joang?

13 Pauluse o ile a boela a re bamameli ba hae ba lokela ho noka seo ba se buang ka letsoai. O ne a sa bolele hore re leke ho etsa eka re bua ’nete kapa hona ho e pata. Ho e-na le hoo, o ne a re re bue mantsoe a “nokiloeng” e le hore re rute batho ’nete e nang le “tatso” ka tsela e tla ba khahla. (Jobo 12:11) Ho ka ba thata ho etsa joalo. Ha re bua ka lijo tsa sebele, re ka ’na ra nahana hore batho ba bang ba ka thabela hore lijo tsa bona li nokoe ho ea ka tatso ea rona. Ka ho tšoanang, re ka nahana hore seo re se buang se tla khahla motho e mong le e mong. Empa ha ho joalo. Ka mohlala, batho ba litso tse ling ba ka bua maikutlo a bona ka tsela e tobileng, le haeba ba bua le batho ba baholo ho bona. Ba litso tse ling bona ba ka ’na ba nka mokhoa oo oa ho bua o sa amohelehe ebile o bontša ho se hlomphe. Pauluse o ile a re re tšoanela ho ‘tseba kamoo re lokelang ho araba motho e mong le e mong kateng.’ Sena se bolela hore re lokela ho noka seo re se buang, eseng ho ea ka tatso ea rona kapa setso sa rona, empa ho ea ka tatso ea motho ea re mametseng.

RE LOKELA HO BUA ’NETE NENG?

14. Ha Jesu a le lefatšeng, na o ile a ruta balateli ba hae lintho tsohle tseo a neng a li tseba? Hlalosa.

14 Jesu o ne a lula a bua le balateli ba hae ka mosa le ho ba ruta lintho tse ngata ka bonolo. (Mar. 6:34) Empa ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ba neng ba lokela ho ithuta tsona. Jesu ha aa ka a leka ho ba ruta ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e tseba. O ne a ela hloko mefokolo ea bona. O ne a utloisisa hore e ne e se nako e nepahetseng ea hore ba ithute tse ling tsa linnete. Ha e le hantle, o ile a re ba ke ke ba khona ho utloisisa linnete tseo ka nako eo. (Joh. 16:12) Re ithuta’ng?

15. Na re lokela ho ruta batho bao re ithutang Bibele le bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e tsebang ka nako e le ’ngoe? Hlalosa. (Liproverbia 25:11) (Sheba setšoantšo.)

15 Mohlala oa Jesu o bontša hore ho tseba ’nete ha ho bolele hore re lokela ho e ruta motho kaofela ka nako e le ’ngoe. Re ka etsisa mohlala oa Jesu joang? Re lokela ho nahana ka maemo a batho. Nahana hape ka monna ea thabelang ho keteka Keresemese le Paseka le ba lelapa la hae. Rea tseba hore mekete ena e simoloha borapeling ba bohata ’me Molimo ha a e amohele. Empa a re re u sa tsoa qala ho ithuta Bibele le monna eo beke kapa tse peli pele ho Keresemese. Na re tla be re bua ka mosa haeba re ka mo bontša hore na Bibele e re’ng ka mekete eo ea bohetene ’me re lebelle hore a khaotse ho keteka Keresemese hang-hang? Ke ’nete hore batho ba bang bao re ithutang Bibele le bona ba sebelisa sohle seo ba ithutileng sona ka Bibeleng kapele. Leha ho le joalo, ba bang bona ba hloka nako ea ho fetola tsela eo ba nahanang le ho etsa lintho ka eona. Re ka thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba hatele pele haeba re ba bolella seo ba lokelang ho se tseba ka nako eo ba lokelang ho se tseba ka eona, e leng nako eo ba tla khona ho utloisisa seo ba ithutang sona.—Bala Liproverbia 25:11.

Etsisa mohlala oa Jesu ha u etsa qeto ea hore na u tla bua ’nete neng le hore na u tla bua lintho tse kae (Sheba serapa sa 15)


16. Re ka thusa batho bao re ithutang Bibele le bona joang ho “tsoela pele ho phelela ’nete”?

16 E ’ngoe ea lintho tse re thabisang haholo ke ho thusa batho hore ba ithute ’nete ka Jehova. Re ka ba thusa ho “tsoela pele ho phelela ’nete” haeba re etsa lintho tse latelang: Ha re tsoela pele ho ba behela mohlala o motle. (3 Joh. 3, 4) Ha re etsa bonnete ba hore tsela ea rona ea bophelo e bontša hore re lumela litšepiso tse hlahang ka Lentsoeng la Molimo le ha re bua ’nete ka sepheo se setle. Bua ka mosa le ka bonolo ka nako e nepahetseng ha u ruta batho ’nete. Lebisa thoriso eo u e fuoang ho Jehova. Ha u etsa joalo, u tla bontša hore u sebeletsa Jehova, Molimo oa ’nete.

PINA EA 160 A re Boleleng Litaba Tsena

a TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Setšoantšong sa pele, mor’abo rona o bona sefate sa Keresemese ha mong’a ntlo ’me o mo bontša sehlooho se bontšang hore Keresemese e simoloha boheteneng. Setšoantšong sa bobeli, mor’abo rona o bontša mong’a ntlo sehlooho se buang ka likeletso tse ka thusang bo-ntate. Ke sehlooho sefe ho tsee tse peli, se tla atleha?