LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Bona Litlaleho Tsa Bibele ka Mahlo a Kelello
Bibele e na le litlaleho tse ngata tsa liketsahalo tsa ’nete tse ka re rutang lithuto tsa bohlokoa. Ha re iketsetsa litšoantšo tsa litlaleho tsena likelellong tsa rona, re ka utloisisa haholoanyane seo re se balang ra ba ra rua molemo ho sona. Lintho tse latelang li ka u thusa hore u khone ho bona litlaleho tsa Bibele ka mahlo a kelello.
-
Balla holimo. Ho balla Bibele holimo ho ka u thusa hore u bone ketsahalo eo u e balang ka ho hlaka. Ha le ntse le bala Bibele le le lelapa, le ka etsa hore tlaleho eo le ntseng le e bala e phele ka hore le fe motho e mong le e mong karolo ea tla e bala e emelang motho ea itseng ka Bibeleng.
-
Iketsetse setšoantšo sa lintho tse etsahetseng. Leka ho utloisisa menahano le maikutlo a batho bao u ntseng u bala ka bona. Ka mohlala, ipotse: ‘Ke hobane’ng ha motho eo a ile a bua kapa a etsa lintho ka tsela e itseng? Ke ne ke tla nahana kapa ke ikutloe joang ha ke ne ke le boemong ba hae?’
-
Toroea. Le haeba u se motle hakaalo ka ho toroea, ho toroea litlaleho tsa Bibele ho ka u thusa hore ka mahlo a kelello, u bone u be u hopole litlaleho tseo tse hlahang ka Bibeleng haholoanyane.

