LA 16-22 MARCH 2026
PINA EA 20 U Fane ka Mora oa Hao
Ke Hobane’ng ha re Hloka Tefo ea Topollo?
“Ke mang ea tla mpholosa ’meleng oo o nkisang lefung?”—BAR. 7:24.
NTLHA-KHOLO
Jehova oa re tšoarela, o re fa tšepo ebile o re boelanya le eena ka lebaka la tefo ea topollo.
1, 2. Ke hobane’ng ha re hloka motho ea tla re pholosa? (Baroma 7:22-24) (Sheba setšoantšo.)
NAHANA ka boemo bona. Ntlo ea oela ’me ho na le motho ka har’a eona. O ntse a phela empa ha a khone ho tsoa hobane a tšoasehile. Ntho feela eo a khonang ho e etsa ke ho hoeletsa ho kopa thuso, a tšepile hore ho na le motho ea tla mo pholosa.
2 Motho e mong le e mong o boemong bo tšoanang. Ka tsela efe? Ha Adama a fetohela ’Mopi oa hae, e ile ea e-ba moetsalibe. Hamorao, bana ba hae ba ile ba futsa sebe seo. Kahoo, batho bohle ba tšoasehile sebeng seo ba se futsitseng ho Adama, ’me ha re khone ho itšoasolla ho sona. Moapostola Pauluse o hlalosa hantle boemo ba rona ba boetsalibe lengolong leo a le ngolletseng Baroma. (Bala Baroma 7:22-24.) O ile a kopa hore a pholosoe ‘’meleng oo o mo isang lefung.’ Pauluse o ne a tšoasehile sebeng seo a se futsitseng, seo liphello tsa sona e leng lefu. (Bar. 6:23) Le rona re bothateng bo tšoanang. Re hloka motho ea tla re pholosa.
Feela joalokaha monna ea tšoasehileng ka har’a mohaho o oeleng a hloka ho pholosoa, le rona re tšoasitsoe ke sebe seo re se futsitseng ’me re hloka ho pholosoa (Sheba serapa sa 1 le 2)
3. Tefo ea topollo e re pholosa ka litsela life?
3 Pauluse ha aa ka a qetella seo a ileng a se bua mabapi le sebe ka tsela e nyahamisang. Ka mor’a hore a re: “Ke mang ea tla mpholosa ’meleng oo o nkisang lefung?” o ile a re: “Ke leboha Molimo hobane o mpholosa ka Jesu Kreste Morena oa rona.” (Bar. 7:25) Pauluse o ne a bua ka sehlabelo sa Jesu sa tefo ea topollo. a Ka lebaka la tefo eo ea topollo, Jehova (1) oa re tšoarela, (2) o re fa tšepo ea hore re tla ba batho ba phethahetseng le (3) ho re boelanya le eena. Ha re ntse re hlahloba lintlha tsena, re tla rata Jehova le ho feta, e leng “Molimo ea fanang ka tšepo.” (Bar. 15:13) Re tla boela re ananele Jesu le ho feta, hobane ke “ea ileng a re lefella e le hore re lopolloe libeng.”—Bakol. 1:14.
TEFO EA TOPOLLO E ETSA HORE RE TŠOARELOE
4, 5. Ke hobane’ng ha kaofela ha rona re hloka tefo ea topollo? (Moeklesia 7:20)
4 Re hloka tefo ea topollo e le hore Jehova a re tšoarele libe. Motho e mong le e mong o etsa libe, ebang ke ka seo a se buang kapa seo a se etsang. (Bala Moeklesia 7:20.) Libe tse ling li tebile. Ka mohlala, ho latela Molao oa Moshe, haeba motho a ne a febile le ho bolaea, o ne a tšoaneloa ke lefu. (Lev. 20:10; Num. 35:30, 31) Ke ’nete hore libe tse ngata ha lia teba joaloka tsena empa e ntse e le libe. Ka mohlala, mopesaleme Davida o ile a re: “Ke tla ela hloko lintho tseo ke li etsang hore ke se ke ka etsa sebe ka seo ke se buang.” (Pes. 39:1) Kannete ka linako tse ling re ka etsa sebe ka lintho tseo re li buang.—Jak. 3:2.
5 Nahana ka lintho tseo u ileng oa li bua le ho li etsa nakong e fetileng. Na u kile oa bua lintho tseo u utloang eka u ka be u sa li bua? Na u kile oa etsa liphoso tseo u ikoahlaelang tsona? Ha ho pelaelo hore karabo ea hao lipotsong tsena ka bobeli, ke e. Bibele e re: “Haeba re re: ‘Ha re na sebe,’ rea ithetsa ebile ha re lumele lithuto tsa ’nete.”—1 Joh. 1:8.
6, 7. Ke eng e fang Jehova lebaka la hore a re tšoarele libe? (Sheba setšoantšo.)
6 Tefo ea topollo e etsa hore Jehova a re tšoarele libe. (Baef. 1:7) Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore Jehova o tlolisa liphoso tsa rona mahlo, joalokaha eka ha li na taba. Jehova ha a rate ha re etsa sebe. (Esa. 59:2) Toka ea Jehova e phethahetseng e mo susumelletsa hore a etse ho hong, e le hore a be le lebaka la ho re tšoarela.
7 Molao oa Moshe o ne o re Baiseraele ba fane ka mahlabelo a liphoofolo e le hore ba tšoareloe libe. (Lev. 4:27-31; 17:11) Mahlabelo ao a ne a tšoantšetsa sehlabelo se seholo sa Jesu le litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke sona. Sehlabelo sa hae se ne se tla fa Jehova lebaka la ho re tšoarela libe. Pauluse o ne a utloisisa boleng ba sehlabelo sa lefu la Jesu, joalokaha re bona ho seo a se ngolletseng Bakreste ba phutheho ea Korinthe. Ka mor’a hore a thathamise lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa nakong e fetileng, o ile a re ho bona: “Le hloekisitsoe, le halalelitsoe hape le nkoa le lokile ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rona.”—1 Bakor. 6:9-11.
Mahlabelo a liphoofolo a neng a fanoa bakeng sa tšoarelo ea libe a ne a tšoantšetsa sehlabelo sa Jesu sa tefo ea topollo le litlhohonolofatso tse neng li tla tlisoa ke sona (Sheba serapa sa 6 le 7)
8. Ha u ntse u itokisetsa ho ea Sehopotsong sa selemo sena, u ka nahana ka eng?
8 Ha u ntse u itokisetsa ho ea Sehopotsong sa selemo sena, iphe nako ea ho nahana kamoo tšoarelo ea Jehova e etsang hore u ikutloe kateng. Ka mohlala, ka lebaka la tefo ea topollo, ha ho hlokahale hore u ikutloe u le molato ho feta tekano ka libe tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng tseo u li baketseng. Empa ho thoe’ng haeba u thatafalloa ke ho lumela hore Jehova o u tšoaretse? Mohlomong u ile oa ipolella hore, ‘Kea utloisisa hore Jehova o ntšoaretse, empa ’na ha ke khone ho itšoarela.’ Haeba u ikutloa joalo, hopola sena: Jehova ke eena ea tšoarelang le hore o file Mora oa hae matla a ho ahlola. Ha aa fa uena kapa motho leha e le ofe mosebetsi oa ho khetha hore na ke mang ea tla tšoareloa. Bibele e re: “Haeba re tsamaea leseling joalokaha [Jehova] a le leseling, . . . mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.” (1 Joh. 1:6, 7) Re ka kholiseha ka ’nete ena feela joalokaha re kholisehile ka linnete tse ling tsa Bibele. Tefo ea topollo e file Jehova lebaka la ho re bontša mohau, ’me Lentsoe la hae le re o “ikemiselitse ho tšoarela.”—Pes. 86:5.
TEFO EA TOPOLLO E RE FA TŠEPO
9. Ntle ho liketso tse mpe, sebe se akarelletsa eng? (Pesaleme ea 51:5)
9 Ka Bibeleng, lentsoe “sebe” ha le bolele feela lintho tseo re li etsang empa le boetse le bolela boemo boo re bo futsitseng hang feela ha re emoloa. (Bala Pesaleme ea 51:5.) Boemo bona ha bo re susumelletse ho etsa lintho tse mpe feela, empa bo boetse bo etsa hore re fokole e leng ntho e etsang hore re kule, re tsofale re be re shoe. Taba ena e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha masea a e-s’o ka a etsa liketso tse mpe a kula a bile a shoa. E boetse e thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba khopo le ba lokileng ba utloa bohloko ebile ba shoa. Ngoana e mong le e mong oa Adama o futsitse boemo bona.
10. Adama le Eva ba ile ba ikutloa joang ka mor’a hore ba etse sebe?
10 Nahana kamoo banyalani ba pele ba ileng ba ikutloa kateng ka mor’a hore ba etse sebe. Sebe se ile sa etsa hore ba be le maikutlo a sa thabiseng. Ka mor’a hore Adama le Eva ba fetohele Molimo, hang-hang ba ile ba utloa litla-morao tsa ho tlola molao oa Molimo, e leng molao o neng o “ngotsoe ka lipelong tsa bona.” (Bar. 2:15) Ba ile ba utloa hore ho na le ho hong ho phoso ho etsahalang. Ba ile ba utloa ba tlameha ho koahela likarolo tse ling tsa ’mele ea bona le ho ipatela ’Mopi oa bona joalokaha eka ke litsotsi. (Gen. 3:7, 8) Ka lekhetlo la pele, Adama le Eva ba ile ba ikutloa ba le molato, ba qala ho tšoenyeha, ho ikhalala, ho utloa bohloko le ho soaba. Ba ne ba tla ba le maikutlo ao ho fihlela ba shoa.—Gen. 3:16-19.
11. Ho se phethahale ho etsa hore re ikutloe joang?
11 Ho se phethahale ho entse hore re utloe litla-morao tse tšoanang le tseo banyalani ba pele ba ileng ba li utloa. Ka lebaka la ho se phethahale, re utloa bohloko le ho tšoenyeha haholo. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka thata hakae ho ntlafatsa bophelo ba rona le ho qoba mathata, ho tla lula ho e-na le mathata ao re ke keng ra khona ho a qoba. Hobane’ng? Hobane Bibele e re ‘re ahloletsoe bophelo bo se nang bokamoso.’ (Bar. 8:20) Sena ke ’nete ho motho ka mong le ho moloko oohle oa batho. Ka mohlala, nahana ka boiteko boo batho ba bo etsang ba ho hloekisa lefatše, ho felisa tlolo ea molao le bofutsana le ho etsa hore ho be le khotso. Leha ho le joalo, boiteko boo ba bo etsang ke ba lefeela. Empa ka lebaka la tefo ea topollo re na le tšepo. Ke tšepo efe?
12. Tefo ea topollo e fana ka tšepo efe?
12 Tefo ea topollo e fana ka tšepo ea hore “popo . . . e tla lokolloa bokhobeng ba tšenyeho.” (Bar. 8:21) Ha tefo ea topollo e se e re tsoela molemo ka ho felletseng lefatšeng le lecha la Molimo, re ke ke ra hlola re utloa bohloko ’meleng, kelellong kapa maikutlong. Re boetse re ke ke ra hlola re imeloa ke ho ikutloa re le molato, ho tšoenyeha, ho ikhalala, ho utloa bohloko kapa ho soaba. Ho ekelletsa moo, boiteko ba rona ba ho lokisa lefatše le ho phela ka khotso ha e sa tla ba ba lefeela, empa bo tla atleha tlas’a puso ea ea re lopollotseng e leng “Khosana ea Khotso,” Jesu Kreste.—Esa. 9:6, 7.
13. Ke eng hape eo u ka nahanang ka eona ha u ntse u itokisetsa ho ea Sehopotsong sa selemo see?
13 Nahana hore na ho tla ba joang ha u se u pholositsoe bokhobeng ba sebe. U tla tsoha hoseng ho hong le ho hong u phetse hantle, u phela letsatsi le leng le le leng u sa tšabe hore uena kapa batho bao u ba ratang le tla lapa, le kule kapa le hlokahale. Le hona joale, u ka ba le khotso ho isa boholeng bo itseng haeba u lula u “e-na le tšepo e matla. . . . Feela joalokaha ankora e etsa hore sekepe se tsitse, tšepo ena e re thusa hore re eme re tiile, re sa belaele.” (Baheb. 6:18, 19) Joalokaha ankora e tsitsisa sekepe, tšepo eo u nang le eona joaloka Mokreste, e ka tsitsisa tumelo ea hao le ho u thusa hore u mamelle mathata leha e le afe ao u tobanang le ’ona hona joale. Kannete u ka kholiseha hore Jehova “o putsa ba mo batlang e le kannete.” (Baheb. 11:6) Ke tefo ea topollo feela e etsang hore re khothale hona joale le ho ba le tšepo ka bokamoso.
TEFO EA TOPOLLO E RE BOELANYA LE JEHOVA
14. Sebe se amme kamano ea rona le ’Mopi joang, hona hobane’ng?
14 Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, batho ba ile ba aroloa ho Molimo. Bibele e re moloko oohle oa batho o arohile ho ’Mopi. (Bar. 8:7, 8; Bakol. 1:21) Hobane’ng? Hobane melao e phethahetseng ea Jehova ha e mo lumelle hore a iphapanyetse sebe. Bibele e re ka Jehova: “U hloekile haholo hore u ka bona lintho tse fosahetseng ebile ha u khone ho mamella bokhopo.” (Hab. 1:13) Kahoo, sebe se entse hore ho be le lekhalo pakeng tsa Molimo le batho. Ha ho na motho ea ka bang le kamano e ntle le Jehova ntle le hore ho be le borokho bo tla re kopanya le ho re boelanya le Molimo. Tefo ea topollo e etsa hore poelano eo e khonehe.
15. Tefo ea topollo e ile ea khotsofatsa Jehova joang, hona liphello e ile ea e-ba life?
15 Bibele e re Jesu ke “sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” (1 Joh. 2:2, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “sehlabelo sa poelano” le ka bolela “ho khotsofatsa.” Ke ka tsela efe tefo ea topollo e neng e tla khotsofatsa Jehova? Ha rea lokela ho nahana hore lefu la Mora oa hae le entse hore a tšelisehe ka tsela e itseng. Ho e-na le hoo, tefo ea topollo e khotsofalitse melao ea Jehova ea toka. Hona joale o na le lebaka la hore a etse hore re boele re be metsoalle ea hae. (Bar. 3:23-26) O ne a boetse a ka nka batho ba mo sebelelitseng ka botšepehi pele Jesu a shoa e le ba lokileng. (Gen. 15:1, 6) Hobane’ng? Hobane Jehova o ne a kholisehile hore Mora oa hae Jesu, o tla fana ka tefo ea topollo. (Esa. 46:10) Tefo ea topollo e buletse batho tsela ea hore ba boelane le Molimo.
16. Ke eng hape eo u ka nahanang ka eona ha u ntse u itokisetsa ho ea Sehopotsong sa selemo see? (Sheba setšoantšo.)
16 Nahana hore na ho boelanngoa le Molimo ho etsa hore u ikutloe joang. Ka mohlala, mohlomong u bitsa Jehova “Ntate” joalokaha Jesu a re rutile. (Mat. 6:9) Ka linako tse ling, u ka ba oa bitsa Jehova “Motsoalle” oa hao. Ha re sebelisa mantsoe a kang “Ntate” kapa “Motsoalle,” re lokela ho etsa joalo ka tlhompho e nang le tšabo le ka boikokobetso. Hobane’ng? Kaha ha rea phethahala, ha re bitse Jehova “Ntate” kapa “Motsoalle” hobane ho e-na le ntho eo re e entseng. Ke ka lebaka la tefo ea topollo feela re ka khonang ho ba metsoalle ea Jehova. Ka Jesu, Jehova o entse hore “lintho tsohle tse ling . . . li boelane le eena hape e le hore ho be le khotso ka lebaka la mali ao [Jesu] a ileng a a tšolla palong.” (Bakol. 1:19, 20) Ke ka hona re thabelang ho ba metsoalle ea Jehova le hona joale, le hoja re sa phethahala.
Ke lefu la Jesu feela le faneng ka lebaka la hore Jehova a boele a etse hore re be le setsoalle le eena (Sheba serapa sa 16)
TEFO EA TOPOLLO E BONTŠA HORE JEHOVA O MOHAU
17. Tefo ea topollo e hatisa ntlha ea hore Jehova o mohau joang? (Baefese 2:4, 5)
17 Tefo ea topollo e hatisa ntlha ea hore Jehova o “mohau haholo.” O ile a “etsa hore re phele . . . le hoja e ne eka re shoele ka lebaka la liphoso tsa rona.” (Bala Baefese 2:4, 5.) Batho ‘bao lipelo tsa bona li ba susumetsang hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng’ baa lla ho kopa thuso hobane baa hlokomela hore ba tšoasehile sebeng seo ba se futsitseng ’me ba hloka ho pholosoa. (Lik. 13:48) Jehova o arabela sello seo sa bona a sebelisa litaba tse monate tsa ’Muso, e le hore ba ka mo tseba le ho tseba Mora oa hae, Jesu. (Joh. 17:3) Haeba Satane o ne a nahana hore ho se mamele ha Adama le Eva ho sentse morero oa Molimo, o ne a fositse.
18. Ha re ntse re nahanisisa ka tefo ea topollo, re lokela ho hopola eng?
18 Ha re ntse re nahanisisa ka melemo eo re e fumanang ka lebaka la tefo ea topollo, re lokela ho hopola lebaka le ka sehloohong la hore na ke hobane’ng ha Jehova a fane ka tefo ea topollo. Ho e-na le hore re nke hore tefo ea topollo e molemong oa rona feela, re lokela ho hopola hore ke tsela eo Jehova a e sebelisang ho arabela qoso eo Satane a ileng a e phahamisa serapeng sa Edene. (Gen. 3:1-5, 15) Jehova o sebelisa tefo ea topollo ho halaletsa lebitso la hae le ho tlosa thohako ho lona. O boetse o re pholosa sebeng le lefung, e leng ntho e bontšang hore ke Molimo ea lerato. Kaha Jehova o mosa, o re lumella hore re kenye letsoho ho arabela qoso ea Satane le hoja re sa phethahala. (Liprov. 27:11) U ka bontša joang hore u ananela tefo ea topollo? Re tla araba potso eo sehloohong se latelang.
PINA EA 19 Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
a TLHALOSO: Tefo ea topollo ke tefo e fanoang ho lokolla motho botlamuoeng. Sehlabelo sa lefu la Jesu ke tefo ea topollo ka hore se lokolla batho bohle ba mamelang botlamuoeng ba sebe le lefu.

