LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Rua Molemo Litšoantšong
Lingoloa tsa rona li na le litšoantšo tse ngata tse rutang lintlha tsa bohlokoa. U ka rua molemo joang litšoantšong tseo?
-
Sheba litšoantšo pele u bala sehlooho. Litšoantšo li ka etsa hore u batle ho tseba lintlha tse eketsehileng ’me tsa u susumelletsa hore u bale sehlooho. Joaloka lijo tse rothisang mathe, mahlo a li “latsoa” pele. Kahoo, pele u bala sehlooho ipotse: ‘Ke bona eng?’—Amose 7:7, 8.
-
Ha u ntse u bala sehlooho, nahana hore na ke hobane’ng ha litšoantšo tsena li khethiloe. Bala mantsoe a tsamaisanang le setšoantšo kapa tlhaloso ea setšoantšo haeba e le teng. Nahana ka hore na litšoantšo li amana joang le taba eo sehlooho se buang ka eona le hore na li ama bophelo ba hao joang.
-
Ka mor’a ho bala sehlooho, sebelisa litšoantšo ho ikhopotsa lintlha tsa bohlokoa tsa sehlooho seo. Ka mor’a moo, koala mahlo ebe u leka ho hopola litšoantšo tseo ka hlooho le seo u ithutileng sona ho tsona.
-
Sheba litšoantšo tse hlahang makasineng ena hape, ’me u bone hore na u sa hopola seo u ithutileng sona ho tsona.