Se ka Tšohloang ke Lelapa
RE KA ITHUTA’NG HO . . . Abrahama?
NA U NAHANA HORE KE HABOHLOKOA HO BONTŠA BA BANG MOSA?
• Takang litšoantšo tsena. • Balang litemana tsa Bibele, ’me le li hlalose ha le ntse le kenya mantsoe lipuisanong tse latelang. • Batlang lintho tsena tse patehileng: (1) mokholutsoane le (2) thipa.
Ke liketso life tse mosa tseo Abrahama a ileng a li etsa e le hore batho ba bang ba ikutloe ba amohelehile?
NTLHA E THUSANG: Balang Genese 18:2, 4-5.
Ke eng seo u ka se etsang ho bontša ba bang mosa?
NTLHA E THUSANG: Balang Baroma 12:13.
U ithuta’ng tlalehong ee ea Genese?
U nahana’ng ka see?
Ke bo-mang ka ho khetheha bao re lokelang ho leka ho ba bontša mosa?
NTLHA E THUSANG: Balang Bagalata 6:10.
Li Bokelleng ’me le Ithute
KARETE EA BIBELE 24 SAMSONE
LIPOTSO
- A. Lebitso la ntate oa hae e ne e le ․․․․․.
- B. Ke ketso efe e bontšang matla a maholo eo Samsone a ileng a e etsa motseng oa Gaza?
- C. Ke mang ea ileng a eka Samsone?
PALE EA HAE EA BOPHELO
Moahloli ea ikhethang ea ileng a sireletsa Baiseraele ka lilemo tse 20. (Baahloli 15:20) Jehova o ile a sebelisa Samsone ho “etella pele ho pholoseng Baiseraele matsohong a Bafilista.” (Baahloli 13:5) Moea oa Molimo o ile oa mo matlafatsa haholo. Habohlokoa le ho feta, Samsone o ne a e-na le tumelo e matla ho Jehova.—Baheberu 11:32-34.
LIKARABO
- A. Manooa.—Baahloli 13:8, 24.
- B. O ile a jara heke ea motse, lipalo tsa eona le leballo a li isa tlhōrōng ea thaba e ka pel’a Hebrone.—Baahloli 16:2, 3.
- C. Delila.—Baahloli 16:4, 5.
Batho ba Libakeng Tse Ling
Lebitso la ka ke Lesly, ke lilemo li 10, ke na le Cathleen ea lilemo li 8 hammoho le Alondra ea lilemo li 7. Re lula Mexico. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Mexico? Na li 295 400, 455 000, kapa li 724 700?
Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Mexico.
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
LIKARABO
- Mokholutsoane setšoantšong sa bohlano.
- Thipa setšoantšong sa bobeli.
- 724 700.
- A.