Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

IBOLYA BARTHA | PALE EA BOPHELO

Ke Ile ka Thusa Molekane oa ka ‘ke sa re Letho’

Ke Ile ka Thusa Molekane oa ka ‘ke sa re Letho’

 Ho na le lintho tse ngata tse ileng tsa etsa hore ke atamele haufi le Jehova. Ke ile ka khahloa ke lerato le tsela e mofuthu eo Lipaki li neng li ruta ’nete ea Bibele ka eona. Ke ne ke thabile ha ke ne ke ithuta hore Molimo o tsotella batho e le kannete le hore o tšepisa batho bokamoso bo molemo. Leha ho le joalo, monna oa ka o ne a sa ikutloe ka tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona, ’me seo se ile sa mpakela mathata.

Letsatsi la rona la lenyalo

 Ke hlahetse Romania ka 1952. Le hoja ’mè oa ka e ne e le Paki e kolobelitsoeng, o ne a khathetse moeeng, kahoo ke ne ke sa ee libokeng tsa Bokreste. Ho ekelletsa moo, Romania e ne e le tlas’a puso ea Bokomonisi, ’me mosebetsi o neng o etsoa ke Lipaki oa ho hatisa lingoloa le ho bolela litaba tse monate, o ne o thibetsoe. Kahoo, lilemong tse 36 tse qalang tsa bophelo ba ka, ke ne ke sa tsebe hore na Jehova ke mang le hore ke eng seo Bibele e se rutang. Nakong eo ke neng ke lula toropong ea Satu-Mare le monna oa ka, István, ka 1988, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea fetola bophelo ba ka.

Memo eo ke Neng Nke ke ka e Hana

 Ka letsatsi le leng, ’mè oa ka o ile a tla ho tl’o mpona. O ile a re: “Ke sa etela ausi oa ka. Ha u batle ho tsamaea le ’na? Ka mor’a moo, re tla ea mabenkeleng le uena.” Kaha ho ne ho se letho leo ke le etsang ka nako eo, ke ile ka lumela ho tsamaea le eena.

 Ha re fihla ha ausi oa ’mè oa ka, re ile ra fumana ho tšoaretsoe liboka tsa Lipaki Tsa Jehova moo, ’me ho e-na le batho ba bang ba robong. Ke ile ka hlokomela hore ’mè oa ka e se e le Paki e chesehang hape. Seo ke ileng ka se utloa libokeng tseo se ile sa nkama ’me sa nkhahla haholo.

 Ha liboka li tsoa, mor’abo rona ea neng a li khanna, o ile a tla ho ’na ’me a itsebisa. O ile a re: “Lebitso la ke János. Ke hlokometse hore u ne u mametse ka hloko. Na u ratile seo u se utloileng kajeno?” Ke ile ka mo bolella hore ha ke e-s’o ka ke e-ba libokeng tse tšoanang le tsena, ’me ke batla ho tla hape. O ile a boela a mpotsa, a re: “Na u ka rata ho ithuta Bibele?” Eo e ne e le memo eo ke neng nke ke ka e hana. Ke ile ka hlokomela hore Molimo ke eena ea nkatamelitseng ho batho bao.

 Letsatsi le hlahlamang, János o ile a ntsebisa Ida, eo ke ileng ka qala ho ithuta Bibele le eena. Empa ke ne ke tšaba hore na István o ne a tla etsa’ng haeba a ne a ka utloa hore ke ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka leka ka makhetlo a ’maloa ho buisana le eena ka taba ena. O ne a sa lumellane le seo ke neng ke mo bolella sona. Ke ne ke tseba hore o ne a sa thabela seo ke neng ke se etsa.

 Ho ntse ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ho ithuta Bibele ’me ka August 1989 ke ile ka kolobetsoa. Likhoeli tse ’nè hamorao, ’muso oa Bokomonisi oa Romania o ile oa oa ’me moeta-pele oa oona a bolaoa.

Khanyetso e Ile ea Eketseha

 Ha ’muso oo o oa, re ile ra fumana bolokolohi bo eketsehileng. Lipaki Tsa Jehova li ne li se li lumelletsoe ho kopana le ho paka ka bolokolohi. Leha ho le joalo, ka lehlakoreng la ka sena se ile sa ntlisetsa khanyetso e eketsehileng. István o ile a re ho ’na, “Ha ke tsotelle hore na u lumela eng, hafeela u sa ee ka ntlo le ntlo.”

 Ke ne ke sa tl’o khaotsa ho paka. (Liketso 4:20) Ke kahoo ke ileng ka leka ho ipata. Empa ka letsatsi le leng, metsoalle ea István e ile ea mpona ke le tšebeletsong ea ntlo le ntlo eaba e ea mo joetsa. Ha ke fihla hae, mohats’a ka o ile a halefa, a re: “U tlotlolla ’na le lelapa la rona!” O ile a beha thipa molaleng oa ka ’me a ntšosa ka hore o tla mpolaea hafeela ke sa tlohele ho bolela litaba tse monate.

 Ke ile ka leka ho behela István mabaka, ’me ka mo kholisa hore ke ntse ke mo rata. Mantsoe ao a ile a etsa hore a khobe matšoafo ka nakoana feela. O ile a boela a halefa haholo ha ke hana ho ea lenyalong la bolumeli la motho eo re amanang le eena. Seo se ile sa etsa hore a ntjoetse mantsoe a bohloko haholo.

 Ka masoabi, ke ile ka mamella khalefo ea István ka lilemo tse 13. Nakong eo o ile a ntšosa ka hore o tla ntlhala. Ka linako tse ling o ne a ’notlela ka ntle,ha ka tse ling a ne a re ke pake lithoto tsa ka ke tsamaee.

 Ke eng se ileng sa nthusa hore ke mamelle mathata aa a boima? Ke ile ka rapela ’me ka kopa Jehova hore a nthuse ke khobe matsoafo, ’me kannete o ile a ntšehetsa. (Pesaleme ea 55:22) Le phutheho e ile ea ntšehetsa haholo. Baholo le barali ba bo rona ba nang le phihlelo ba ile ba nkhothalletsa hore ke se ke ka tlohela tšebeletso ea ka. Ba ile ba nkhopotsa hore Bibele e re basali ba ka thusa banna ba bona hore ‘ba be le tumelo ka liketso tsa bona ba sa re letho,’ ka hore ba tsitse ’me ba tšepahalle Jehova. (1 Petrose 3:1) Ka mor’a nako e itseng, mantsoe ao a ile a phethahala ho ’na.

Ha Lintho li Fetoha

 Ka 2001, István o ile a otloa ke seterouku ’me o ne a sa khone ho tsamaea. O ile a lula sepetlele khoeli le libeke tse seng kae ba ntse ba mo thusa hore a hlaphoheloe. Ka nako eo e thata, ke ile ka lula ke e-na le eena ka linako tsohle. Ke ne ke etsa bonnete ba hore o ba le lintho tsohle tseo a li hlokang, ke mo fa lijo ke bile ke bua le eena.

 Bara le barali ba bo rona le bona ba ile ba tla ho mo tšehetsa. István o ile a bona kamoo bara le barali ba bo rona ba mo ratang le ho mo tsotella kateng. Ba bangata ba ile ba ithaopela ho re thusa ka mesebetsi ea ka tlung. Baholo ba ne ba lula ba ikemiselitse ho re tšelisa le ho re tšehetsa.

 Ho eteloa hoo ho ile ha ama István pelo hoo a ileng a soabela tsela eo a neng a ntšoara ka eona. O ile a lemoha hore metsoalle ea hae ha ea ka ea tla ho tl’o mo bona. Ha a lokolloa sepetlele, István o ile a re, “Ke batla ho ithuta Bibele e le hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Ke ne ke thabile hoo ke ileng ka ntša likhapha!

 Ka May 2005, István o ile a kolobetsoa. Kaha o ne a sa khone ho tsamaea, barab’eso ba ile ba mo nka ka wheelchair ’me ba mo atametsa letamong la kolobetso, ba mo jara hantle ba mo kenya ka har’a metsi ’me ba mo kolobetsa. István o ne a chesehela ho bolela litaba tsa ’Muso. Ke hopola nako e monate eo ke neng ke sebetsa le eena tšebeletsong ea tšimo. Sena sea makatsa! Nahana—monna eo pele a neng a nkhanyetsa ho bolela ’nete ea Lentsoe la Molimo joale o ne a le lehlakoreng la ka, re bolela litaba tse monate hammoho re thabile!

 István o ne a rata Jehova haholo ’me a sebelisa nako ea hae ho ithuta le ho tšoara litemana tsa Bibele ka hlooho. O ne a thabela ho bua ka litemana tseo le bara le barali ba bo rona, ’me a sebelisa menyetla eo ho ba khothatsa.

Re na le metsoalle ea rona kopanong ea setereke

 István o ile a kula le ho feta. Ka mor’a hore ka makhetlo a otloe ke seterouku, o ile a lahleheloa ke bokhoni ba ho bua ’me qetellong eaba ha a khone ho tsoha betheng. Na boemo boo bo ile ba etsa hore a khaotse ho sebeletsa Jehova? Ho hang! O ile a etsa sohle seo a ka se khonang e le hore a ka tsoela pele ho bala le ho ithuta. Ha metsoalle ea hae e ne e mo etetse, o ne a sebelisa sesebelisoa sa elektronike se neng se mo thusa ho bua le bona le ho ba matlafatsa. Mor’abo rona e mong o ile a re: “Ke thabela ho bona István. Ka mehla ha ke khutlela hae ke ikutloa ke matlafatse ebile ke thabile.”

 Ka masoabi, ka December 2015, István o ile a hlokahala. E ne e le tahlehelo e ileng ea nkutloisa bohloko haholo. Ka lehlakoreng le leng ke ile ka ba le le khotso ea kelello hobane pele ho lefu la hae, István e ile ea e-ba motsoalle oa Jehova. Ke e ’ngoe ea lintho tse nthabisang haholo. István le ’mè oa ka ba mohopolong oa Jehova. E tla ba ho thabisang ho ba le bona le ho ba amohela lefatšeng le lecha leo Jehova a re tšepisitseng lona la ho loka.

 Ho se ho fetile lilemo tse 35 ka mor’a hore ’na le ’mè oa ka re etele ausi oa hae, ke ketelo eo nke keng ka hlola ke e lebala. Ke lilemo tse fetang 70 ebile ke sebetsa ke le pula-maliboho ea kamehla. Ha ke tsebe nka leboha Jehova ka tsela efe ka lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona. (Pesaleme ea 116:12) O nthusitse hore ke mo tšepahalle le ho khoba matšoafo ha ke ne ke hanyetsoa. Ho sa tsotellehe khanyetso, ke ithutile hore maemo a ka fetoha. Le hoja ke ne ke sa lebella, ke ile ka thusa monna oa ka hore a be le tumelo le hoja ke sa bua letho.