Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE FALIMEHILE!

U ka Etsa’ng Hore u Lule u Thabile le Linakong Tse Thata?—Bibele e Re’ng?

U ka Etsa’ng Hore u Lule u Thabile le Linakong Tse Thata?—Bibele e Re’ng?

 Linakong tsena tse thata re ka hlaheloa ke mathata afe kapa afe. Leha ho le joalo, thabo ea rona ha ea itšetleha ka mathata a re hlahelang empa e itšetlehile ka hore na re sebetsana le ’ona joang. Ho sa tsotellehe mathata a mo hlahelang, “motho ea pelo e thabileng o lula a e-na le khotso.” (Liproverbia 15:15) Re ka etsa’ng e le hore re thabe haholoanyane? Hlokomela kamoo likeletso tsa Bibele li ka u thusang kateng.

U ka sebetsana le ho tšoenyeha joang?

 Bibele e re: “Matšoenyeho a tetebetsa pelo ea motho Empa lentsoe le nepahetseng lea e hlabolla.”—Liproverbia 12:25.

  •   Bibele e ka u thusa ho sebetsana le ho tšoenyeha. Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Ho Tšoenyeha.”

U ka sebetsana le ho hlora joang?

 Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

  •   Bibele e na le likeletso tse ka u thusang hore u se ke oa hlora ka hore u matlafatse setsoalle seo u nang le sona le batho ba bang. Bala sehloooho se reng “Bibele e ka u Thusa Hore u se ke oa Hlora.”

Rata Molimo le moahelani

 Bibele e re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle. . . . U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.” aMatheu 22:37-39.

  •   Thapelo e ka re atametsa haholoanyane ho Molimo. Ho ithuta haholoanyane, bala sehlooho se reng “Na Molimo o Utloa Lithapelo Tsa Rona?

  •   Re ka bontša hore re rata batho ka hore re ba tšoare ka tsela eo Jesu a itseng re ba tšoare ka eona. Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “What Is the Golden Rule?

 Mohlomong u ka rata ho ithuta haholoanyane ka hore na Bibele e ka u thusa joang hore u thabe linakong tsena tse thata. U ka etsa joalo ka hore u ithute Bibele mahala.

a Jehova ke lebitso la Molimo. Pesaleme ea 83:18.