Na Kannete Johanne Mokolobetsi e ne e le Motho oa Sebele?
Ka Bibeleng, Likosepele li bua ka monna ea bitsoang Johanne Mokolobetsi, ea neng a bua ka ’Muso oa Molimo, Judea. Na tlaleho ea Bibele e buang ka monna eo e nepahetse? Nahana ka sena:
Bibele e re: “Johanne Mokolobetsi a tla lefeelleng la Judea eaba oa ruta o re: ‘Bakang hobane ’Muso oa maholimo o atametse.’” (Matheu 3:1, 2) Na bo-rahistori ba lumellana le taba ee? Ho joalo.
Rahistori e mong ea phetseng mehleng ea baapostola, e leng Flavius Josephus, o ile a bua ka monna ea bitsoang “Johanne Mokolobetsi,” ea neng “a khothalletsa Bajuda hore e be batho ba lokileng,” ba “inehele ho Molimo,” ’me ba “kolobetsoe.”—Jewish Antiquities, Book XVIII.
Bibele e re Johanne o ile a khalemela Heroda Antipase, eo e neng e le ’musisi seterekeng sa Galilea le Perea. Heroda o ne a re eena ke Mojuda ea mamelang Molao. Empa Johanne o ile a khalemela Heroda hobane o ne a nyetse Herodiase, mosali oa moholoane oa hae. (Mareka 6:18) Taba ena le eona e tšehetsoa ke bo-rahistori.
Rahistori Josephus o ile a re Antipase “o ile a rata Herodiase” eaba “o mo bolella hore o batla ho mo nyala a sa soabe le ho soaba.” Herodiase o ile a lumela eaba o siea monna oa hae hore a nyalane le Antipase.
Bibele e re “batho ba Jerusalema, Judea le libakeng tsohle tse potolohileng Jordane ba ne ba ea ho [Johanne] . . . ebe o ba kolobetsa Nokeng ea Jordane.”—Matheu 3:5, 6.
Josephus o boetse o lumellana le taba ena. O ile a ngola a re batho ba ne ba ea ho Johanne ka “bongata” ’me “lintho tseo a neng a ba ruta tsona li ne li ba finyella lipelo haholo [kapa li ba tsosa molota].”
Ho hlakile hore rahistori Josephus ea phetseng mehleng ea baapostola o ne a nka Johanne Mokolobetsi e le motho oa sebele. Kahoo, le rona re ka etsa joalo.

