ITHUTE HO JESU
Na ho ba Mabifi ke Tharollo?
Batho ba bangata kajeno ba lumela hore ho ba bo-ntoa-lumela ho ka rarolla liqabang kapa mathata a bang teng. Empa ho nahana ka tsela eo, ho hanyetsa lithuto tsa Jesu Kreste le tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. Ak’o nahane ka tse ling tsa lintho tseo a ileng a li bua le ho li etsa.
Seo Jesu a se buileng
Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a ruta hore ho koata, ho ba bohale le ho ba mabifi, ha se eona tharollo ea ho se utloisisane. Nahana ka mehlala ena.
“Lintho tsohle . . . tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.” (Matheu 7:12; Luka 6:31) Molao ona o tsebahala ka hore ke Molao oa Khauta, a o re khothalletsa hore re tšoare batho ba bang ka tsela eo re batlang hore ba re tšoare ka eona. Kaha ha ho na motho ea batlang ho tšoaroa ka mabifi, na ha hoa lokela hore le rona re tšoare batho bohle ka mosa le ho ba hlompha le haeba re sa utloisisane?
“Mang kapa mang ea u otlang lerameng le letona, u mo fe le leng.” (Matheu 5:38, 39; Luka 6:29) Jesu o ne a sa bolele hore re iketse bo-ntetekeng. Empa o ne a lokisa monahano o fosahetseng, oo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba o ruta oa hore ho loketse hore re iphetetse. Jesu o ne a ruta balateli ba hae hore ho e-na le hore ba iphetetse, ba lokela ho ba mosa ha batho ba ba tšoara hampe. b
“Le ’ne le rate lira tsa lona.” (Matheu 5:43, 44; Luka 6:27) Jesu o ile a ruta hore re lokela ho ba mosa ho batho ba re hloileng le ba re tšoarang ka ho hloka toka. O ne a sa bolele hore re lokela ho lumella boitšoaro ba bona bo fosahetseng. c Ha re ba mosa ho batho ba re hloileng, re ka ba thusa hore ba khobe matšoafo le hore ba be mosa ho rona.
Seo Jesu a ileng a se etsa le seo a tl’o se etsa
Jesu o ile a ruta hore ho ba mabifi ha se eona tharollo ’me a ba a phelela seo. Bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona, e mong oa balateli ba hae o ile a loana e le ho mo sireletsa. Jesu o ile a re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona kaha bohle ba loanang ka sabole ba tla bolaoa ka sabole.” (Matheu 26:52) Jesu o ile a bontša hore o rata lira tsa hae ka hore ebe o ile a li tšoarela ha li ne li mo tšoara hampe, a ba a li rapella.—Luka 23:33, 34; 1 Petrose 2:23.
Kaha Jesu ke Khosana ea Khotso, Bibele e tšepisa hore haufinyane o tla felisa mabifi. (Esaia 9:6, 7) E le hore u ithute ka ho eketsehileng ka bokamoso bona bo khothatsang, bala sehlooho se reng “Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Tla Felisoa Joang?”
a E le hore u ithute ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Molao oa Khauta Ke’ng?”
b E le hore u ithute ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Poleloana ‘Leihlo Bakeng sa Leihlo’ e Bolela’ng?”
c E le hore u ithute ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Ho Bolela’ng ho ‘Rata Lira Tsa Lona’?”

