LULANG LE FALIMEHILE!
Na ho na le ’Muso o Tsitsitseng o ka Busang Lefatše?—Bibele e Re’ng?
Mebuso e mengata lefatšeng ka bophara e ferekane. Le linaheng tseo ho bonahalang eka e busa hantle, mebuso eo e ile ea tlotlolloa ke litlaleho tse sa thabiseng tsa bo-ralipolotiki, likhetho tse sa tsamaeeng hantle, ho loantšana ha lihlopha tsa lipolotiki le lintoa tse bakoang ke batho ba ipelaetsang.
Bibele ea bontša hore ho na le ’muso o le mong feela o tsitsitseng. Mohlomong u se u kile oa utloa ka ’muso ona. Ke ’muso oo Jesu Kreste a ileng a bua ka oona thapelong ea mohlala.
“Lona le rapele tjena: ‘Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.’”—Matheu 6:9, 10.
Bibele e re’ng ka ’Muso oo?
Ke ’Muso o tsitsitseng
’Muso ona o busa o le leholimong.
Jesu o ile a bitsa ’muso oo “’Muso oa maholimo.” (Matheu 4:17; 5:3, 10, 19, 20) Ka lebaka lena o ile a re: “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.”—Johanne 18:36.
’Muso oo o tla nkela mebuso ea batho sebaka.
Bibele e re: “’Muso ona . . . o tla silakanya o felise mebuso ena [ea batho] kaofela ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
’Muso oo Morena oa oona e leng Jesu Kreste o ke ke oa felisoa le ka mohla.
Bibele e re: “Bobusi ba hae ke bo ke keng ba fela kapa ba feta le ’muso oa hae o ke ke oa felisoa.”—Daniele 7:13, 14.
’Muso oo o tla tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng.
Bibele e re: “E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie. Ha ho na motho ea tla ba tšosa.”—Mikea 4:4.
Ithute ho eketsehileng ka ’Muso
Ha Jesu a le lefatšeng o ile a qeta nako ea hae e ngata “a bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso.” (Matheu 9:35) O ile a boela a bolela esale pele hore:
“Litaba tse monate tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe ebe ke hona bofelo bo tlang.”—Matheu 24:14.
Kajeno, litaba tsena tse monate tsa ’Muso li boleloa linaheng tse fetang 240. Rea u mema hore u ithute ho eketsehileng ka ’muso le kamoo u ka ruang molemo ho oona.
Ka kopo shebella video e reng ’Muso oa Molimo ke Eng?