Imagination World/stock.adobe.com

Molaetsa o Tsoang Lentsoeng la Molimo—Tšepo Bakeng sa Baphaphathehi!

Molaetsa o Tsoang Lentsoeng la Molimo—Tšepo Bakeng sa Baphaphathehi!

 Selemo le selemo, batho ba limilione ba qobelloa ho siea mahae a bona. Na u boemong boo? Haeba ho joalo, kholiseha hore ha u mong. Molimo o u tšepisa bokamoso bo chabileng boo u ka ithutang ka bona ka Bibeleng.

 “Baphaphathehi le batho bao maemo a ba qobeletseng ho siea mahae a bona, a ha ba hloke thuso ea potlako feela, empa . . . ba hloka le tšepo ka bokamoso.” Sena ke se ileng sa buuoa ke Mokomishinara oa European Union, b e leng Christos Stylianides. Batho ba nang le tšepo ba nolofalloa ke ho ba le pono e nepahetseng ka bokamoso ba bona. Ho phaella moo, baphaphathehi ba boetse ba hloka hore ba tšelisoe e le hore ba ka fola maikutlong.

 “Ha ke ne ke tlameha ho baleha naheng ea heso ’me ke siea ba lelapa morao, ke ile ka utloa ke se na tšepo, ke tšohile, ke utloile bohloko ebile ke tšoenyehile haholo.”—Emmanuel oa Haiti.

 Na u ikutloa joaloka Emmanuel? Haeba u balehile moo u lulang, u hloka ho ba le tšepo le ho tšelisoa. Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le ka u thusa joang?

Matšeliso a tsoang Lentsoeng la Molimo

 Bibele e re: “Jehova c . . . o rata molichaba.”—Deuteronoma 10:17, 18.

 Sena se bolela hore ha u mong. Jehova Molimo, e leng Mongoli oa Bibele, o utloisisa boemo ba hao, oa u rata ebile o tsotella maikutlo a hao.

 Bibele e re: “Jehova o haufi le bohle ba llelang ho eena.”—Pesaleme ea 145:18.

 Sena se bolela hore ha u rapela, Jehova oa u utloa. A ka u thusa hore u be le khotso. Hape a ka u fa bohlale bo tsoang ka Bibeleng, bo ka u thusang hore u mamelle boemo ba hao.

 Bibele e re: “Ha se ntho e utloahalang hore Molimo oa ’nete a etse bokhopo . . . Ea Matla ’Ohle ha a ahlole ka ho hloka toka.”—Jobo 34:10, 12.

 Sena se bolela hore Molimo ha se eena ea u bakelang mathata. Ha a u fe kotlo kapa hona ho u leka ka ho etsa hore bophelo ba hao bo be thata.

Tšepo e tsoang Lentsoeng la Molimo

 Bibele ea hlalosa hore na Molimo o tl’o re etsetsa eng nakong e tlang. Ak’u nahane kamoo tšepo eo e thusitseng batho bao maemo a ba qobeletseng ho siea mahae a bona kateng.

 Bibele e re: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.

 Sena se bolela hore re tla fumana tharollo bakeng sa mathata a re hlahelang. Molimo o tšepisa hore o tla felisa mathata ’ohle a etsang hore bophelo bo bonahale eka ha bo na morero.

 “Tšepo ea hore haufinyane Molimo o tla felisa ho hloka toka le lintho tsohle tse khopo tse etsahalang, e nthusa hore ke tsepamise kelello ea ka letsatsing leo ka lona lintho tsohle tse bohloko li tla fela.”—Karla oa El Salvador.

 Bibele e re: “Lintho tsa khale li ke ke tsa hopoloa kapa tsa le utloisa bohloko.”—Esaia 65:17.

 Sena se bolela hore re ke ke ra hlola re utloisoa bohloko ke lintho tse re etsahaletseng. Molimo o tla etsa bonnete ba hore re ke ke ra lula re utloa bohloko ka lebaka la lintho tse mpe tse ileng tsa re etsahalla nakong e fetileng.

 “Bibele e tšepisa hore re ke ke ra hlola re hopola lintho tse re utloisitseng bohloko.Tšepiso ena e nthusa hore ke sebetsane le maemo a boima,hobane kea tseba hore haufinyane lintho li tla fetoha.”— Natalia oa Ukraine.

 Bibele e re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso . . . o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela.”—Daniele 2:44.

 Sena se bolela hore ’muso o phethahetseng o tla busa lefatše. Haufinyane, Molimo o tla felisa mebuso ea batho ’me a hlome ’muso oa hae. ’Muso oa hae o tla tlisa khotso ea sebele le tšireletseho, o buse ka toka ’me bohle ba atlehe.—Mikea 4:3, 4.

 “Ho tseba hore haufinyane ’Muso oa Jehova o tla felisa lintho tsohle tse re bakelang mathata, tse kang ho hatelloa, ho se tšoaroe ka toka, ho se tšeptjoe le khethollo ea merabe, ho etsa hore ke be matla.”—Mustafa oa Bochabela bo Hare.

Fumana matšeliso molaetseng o tsoang ka Bibeleng o fanang ka tšepo

Bohlale bo tsoang Lentsoeng la Molimo

 Keletso e bohlale e tsoang ka Bibeleng e ka u thusa hore u mamelle bothata boo u tobaneng le bona. Hape e ka u thusa ka boemo boo u leng ho bona hammoho le lintho tse u lahlehetseng. Hlokomela kamoo melao-motheo e latelang e ka tsoelang baphaphathehi molemo kateng:

 Bibele e re: “Le haeba motho a e-na le lintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.

 Kamoo keletso ena e bohlale e ka u thusang kateng ho mamella: E ka ’na eaba u ntse u sa khole se sa tsoa etsahala ebile u utloile bohloko ka lebaka la lintho tse u lahlehetseng. Ho tseba hore bophelo ba hao ke ba bohlokoa ho feta lintho tse ling, ho ka u thusa ho fokotsa bohloko boo u bo utloileng ka thepa e u lahlehetseng.

 “Bophelo ke ba bo bohlokoa haholo. Maemong a mang, thepa kapa chelete li ke ke tsa khona ho u thusa.”—Natalia oa Ukraine.

 Bibele e re: “U se ke oa re: ‘Matsatsi a khale a ne a le molemo ho feta ana.’”—Moeklesia 7:10.

 Kamoo keletso ena e bohlale e ka u thusang kateng ho mamella: Boemo ba hao hona joale bo ka bonahala bo le boima haholo, empa ho se bapise boemo ba pele le ba hona joale ho ka u thusa ho fokotsa bohloko.

 “Ho amohela boemo boo ke leng ho bona hona joale ho nthusa hore ke be le boikutlo bo botle.”—Eli oa Rwanda.

 Bibele e re: “Ha re e-na le lijo le liaparo re tla khotsofala.”—1 Timothea 6:8.

 Kamoo keletso ena e bohlale e ka u thusang kateng ho mamella: Leka ho khotsofalla lintho tsa motheo tseo u nang le tsona. Ho khotsofala ho ka etsa hore u se ke oa tšoenyeha haholo, eleng se ka u thusang.

 “Bibele e nthusa ho bona lintho ka tsela e fapaneng le ho qoba ho nahana ka lintho tse re lahlehetseng. ’Na le mosali oa ka re thabela hore ebe rea phela ebile re sebakeng se sireletsehileng.”—Ivan oa Ukraine.

 Bibele e re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.

 Kamoo keletso ena e bohlale e ka u thusang kateng ho mamella: U tla sebelisana le batho hantle haeba u leka ka hohle ho ba le mamello le ho ba mosa. Ha u le motho ea joalo, ho tla ba bonolo hore batho ba u amohele ’me ba se ke ba u khetholla.

 “Batho ba rata ha u ba hlompha, u le mosa ebile u ba rata. Makhabane ana a ka u thusa hore u be le kamano e ntle le batho bao u seng u lula le bona.”—Angelo oa Sri Lanka.

 Bibele e re: “Le mo [Molimo] kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle . . . Ha le etsa joalo, Molimo o tla lebela lipelo tsa lona le menahano ea lona ka ho le fa khotso.”—Bafilipi 4:6, 7.

 Kamoo keletso ena e bohlale e ka u thusang kateng ho mamella: Rapela Molimo, u mo bolelle hore na u ikutloa joang, lintho tseo u li hlokang le lintho tse u tšoenyang. Thapelo e joalo e ka u thusa hore u se ke oa tšoenyeha ha u ntse u tloaela maemo ao u leng ka har’a ’ona.

 “Kamehla ha ke na le mathata ke rapela Molimo ’me oa nkaraba. Seo ke ithutileng sona Bibeleng se mpha khotso ea kelello.”—Yol oa South Sudan.

 “Keletso e molemo e tsoang Bibeleng e nthusa hore ke be le khotso. Ke hloka ho mamella boemo bona bo boima.”—Valentina oa Ukraine.

“Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova Molimo o re tšepisa bophelo bo molemo ho feta bona.”—Emmanuel oa Haiti

 Na u ka thabela ho ithuta ka litšepiso tse hlahang ka Bibeleng, tse khothatsang le tse fanang ka tšepo le hore na ke hobane’ng ha u ka li tšepa? Kopa hore e mong oa Lipaki Tsa Jehova a u etele. Ba ka thabela ho u thusa.

a Ha UN Refugee Agency e bua ka baphaphathehi, e kenyelelitse le batho ba qobeletsoeng ho tloha mahaeng a bona ka har’a naha ea habo bona hammoho le ba qobeletsoeng ho ea naheng e ’ngoe empa ka molao e se baphaphathehi.

b Mokomishinara oa European Union ea Humanitarian Aid and Crisis Management.

c Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?