DEA/G. Dagli Orti/De Agostini via Getty Images

Huldrych Zwingli o Ile a Etsa Boiteko ba ho Fumana ’Nete ea Bibele

Huldrych Zwingli o Ile a Etsa Boiteko ba ho Fumana ’Nete ea Bibele

 Mehleng ena batho ba bangata ba ratang bolumeli ba ka batlisisa hore na seo ba se lumelang se thehiloe Bibeleng kapa che. Leha ho le joalo, maqalong a lilemo tsa bo-1500 ho ne ho se bonolo ho etsa joalo kaha batho ba bangata ba ne ba se na Bibele ka lipuo tsa bona. Kahoo, ke batho ba ’maloa feela ba neng ba ka bapisa lithuto tsa kereke le seo Bibele e se rutang. Empa baruti ba ne ba sa etse letho ka taba ena. Buka ea History of the Christian Church e re: “Kereke ea Switzerland e ne e tletse bobolu, baruti ba ne ba sa tsotelle, ba rata litumela-khoela ba bile ba le boitšoaro bo bobe.”

 Ka nako eo, Huldrych Zwingli o ile a qala ho batlana le ’nete ea Bibele. Na o ile a atleha? O ne a bolella ba bang joang seo a ithutileng sona? Re ka ithuta eng bophelong ba hae le linthong tseo a neng a li lumela?

Zwingli o Qala ho Batlana le ’Nete ea Bibele

 Ha Zwingli e sa le mohlankana o ne a batla ho ba moprista oa K’hatholike. Joaloka batho ba bang bohle ba ithutelang boprista, Zwingli o ne a lokela ho ithuta filosofi, meetlo ea kereke le lintho tseo Bo-fatere ba neng ba li ngotse eseng ho ithuta Bibele.

 Zwingli o ile a ithuta Bibele joang? Ha a ntse a le univesithi ea Basel e Switzerland, o ile a rutoa ke Thomas Wyttenbach, ea neng a le khahlanong le tsamaiso ea Kereke. a Ho ea ka mongoli e mong ea ngolang ka lipale tsa bophelo ba batho, Zwingli o ile a ithuta ho Wyttenbach hore “Kreste motho ea lokileng, o ile a shoela libe tsa batho ba sa lokang.” (1 Petrose 3:18) Ha Zwingli a utloisisa hore sehlabelo sa Jesu ke eona feela tsela ea hore re tšoareloe libe, o ile a hana thuto ea hore ho pataloe baeta-pele ba kereke bakeng sa ho tšoareloa libe. (Liketso 8:20) Leha ho le joalo, Zwingli o ile a tsoela pele ka lithuto tsa hae eaba ha a le lilemo li 22 e ba moruti oa K’hatholike.

 Zwingli o ile a ithuta Segerike e le hore a ka utloisisa Testamente e Ncha ea mangolo a Segerike pele a ba lilemo li 30. O ile a boela a hlahloba libuka tsa Erasmus ’me a ithuta hore joalokaha Bibele e bolela, Jesu ke eena feela ’Muelli pakeng tsa Molimo le batho. (1 Timothea 2:5) Ka lebaka leo, Zwingli o ile a qalella ho belaella thuto ea K’hatholike ea hore batho ba hloka bahalaleli hore e be babuelli ba bona ho Molimo.

 Ha a le lilemo li 30 o ile a batla ’nete ka matla. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang o ne a ntse a sebetsa e le moruti ea rapellang masole a neng a loana Europe a loanela ho laola Italy. Ka 1515 ntoeng ea Marignano, o ile a bona Mak’hatholike a bolaea Mak’hatholike a mang ka bongata. Lilemo tse ’maloa ka mor’a moo, o ile a kopitsa Mangolo a Segerike a ba a a tšoara ka hlooho a le mangata. Ka 1519 o ne a lula Zurich, moo lipolotiki li neng li iphile matla Switzerland. Ha a le moo, o ile a qetella a lumela hore Kereke e lokela ho felisa lithuto tsohle tse sa lumellaneng le seo Bibele e se rutang. Empa o ne a ka thusa batho ba bang joang hore ba lumellane le eena?

“Ha re e-s’o ka re Utloa Thuto e Tjena Haesale re Tsoaloa”

 Zwingli o ne a lumela hore batho ba ne ba tla nyahlatsa mashano a rutoang kerekeng ha ba ne ba ka utloa ’nete ea Bibele. E ile eare ha e e-ba moprista kerekeng e kholo ea Grossmünster e Zurich, o ile a bolella batho ka morero o moholo oo a neng a e-na le oona. O ne a ke ke a hlola a bala pokello ea libuka tsa Latin tseo baruti ba neng ba li pheta-pheta ka lilemo tse ngata. Ho e-na le hoo o ne a tl’a ruta Likosepele ka ho li bala ka Bibeleng, khaolo e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha qalong ho ea qetellong. O ne a sebelisa Bibele ho hlalosa Mangolo ho e-na le hore a hlalosoe ke Bo-fatere. O ile a etsa sena ka ho lumella hore likarolo tse bonolo tsa Bibele li hlalose tse thata.—2 Timothea 3:16.

Sergio Azenha/Alamy Stock Photo

Kereke ea Grossmünster e Zurich

 Zwingli o ile a thusa batho ho bona hore Bibele e ka ba thusa bophelong ba letsatsi le letsatsi. O ile a ruta batho ho bona hore na Bibele e re’ng ka boitšoaro bo botle le ka ho rapela Maria ’mè oa Jesu le bahalaleli. A boela a ba ruta hore na Bibele e re’ng ka ho patala baruti e le hore ba tšoareloe libe le ka boitšoaro bo hlephileng ba baruti. Batho ba ile ba ikutloa joang ka litaba tsee? Ka mor’a thuto ea hae ea pele ba bang ba ile ba re: “Ha re e-s’o ka re utloa thuto e tjena haesale re tsoaloa.” Rahistori e mong o ile a ngola tjena ka bamameli ba Zwingli ba Mak’hatholike: “Batho ba neng ba se ba emisitse ho ea kerekeng ka lebaka la ho tenoa ke ho hloka tsebo hoa baruti le boitšoaro ba bona bo bobe ba ile ba qala ho ea kerekeng.”

 Ka 1522, baruti ba ile ba leka ho susumetsa bo-ralipolotiki ba Zurich hore ba thibele batho ba neng ba etsa lintho tse khahlanong le thuto ea bona. Ka lebaka leo, Zwingli o ile a qosoa ka ho ba khahlanong le thuto ea K’hatholike. O ile a tlohela ho ba moruti oa K’hatholike hobane o ne a sa batle ho tlohela seo a neng a ithutile sona.

Zwingli o Ile a Etsa’ng?

 Zwingli e ne e se e se moprista, empa o ile a tsoela pele a ruta batho ka Bibele le ho leka ho ba kholisa hore seo a se fumaneng ke ’nete. O ne a se a tumme haholo ka lebaka la ho ruta batho Bibele, ’me sena se ile sa etsa hore bo-ralipolotiki ba Zurich ba mo mamele. Ka lebaka leo, o ile a susumetsa hore ho be le liphetoho melaong e amanang le bolumeli ea Zurich. Ka mohlala, ka 1523, o ile a susumetsa ba boholong hore ba etse molao o thibelang lithuto tse se nang bopaki ba mangolo a Bibele. Ka 1524, o ile a boela a ba susumetsa hore ba etse hore borapeli ba litšoantšo e be tlolo ea molao. Bo-’maseterata ka thuso ea baruti le batho ba lulang motseng oo ba ile ba felisa lialetare, litšoantšo tse rapeloang, le lintho tse neng li sebelisoa ke balumeli nakong e fetileng. Buka ea Zwingli—God’s Armed Prophet e re: “Balumeli ba ne ba qala ho bona tšenyo e kaalo e etsoang ka boomo ntle le e neng e ile ea etsoa ke masholu.” Ka 1525, o ne a se a susumelitse balaoli hore ba fetole likereke hore e be lipetlele le hore baitlami ba basali le ba banna ba lumelloe ho nyala. O ile a boela a kopa hore ’Misa o nkeloe sebaka ke mokete o thehiloeng Bibeleng. (1 Bakorinthe 11:23-25) Bo-rahistori ba re boiteko ba Zwingli bo entse hore malumeli a Zurich le baeta-pele ba lipolotiki ba teng ba kopane hape bo entse hore batho ba fetohele bolumeli ba K’hatholike ho be le bolumeli bo bocha ba Maprostanta.

Phetolelo ea 1536 ea Bibele ea Zurich, e fumanehang Ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e Warwick, New York

 Mosebetsi o ka sehloohong oo Zwingli a neng a o etsa e ne e le oa ho fetolela Bibele. Lilemong tsa bo-1520 o ile a sebetsa le sehlopha sa litsebi se neng se fetolela ho tloha Seheberung le Segerikeng sa qalong le ho tloha ho Septuagint ea Segerike le Latin Vulgate. Mokhoa oo ba neng ba sebetsa ka oona o ne o le bonolo. Ba ne ba bala mangolo ka bonngoe ho tloha mangolong a qalong le liphetolelong tse ling tse neng li nkoa e le tsa bohlokoa. Ba ne ba buisana ka moelelo oa temana ka ’ngoe e be ka mor’a moo ba ngola seo ba se fumaneng. Ka lebaka la mosebetsi oa bona oa ho hlalosa le ho fetolela Lentsoe la Molimo ho ile ha qetella ho e-na le Bibele ea Zurich ka 1531.

 Leha Zwingli a ne a e-na le boikemisetso bo botle, o ne a sa hlomphe maikutlo a batho ba bang a bile a le bohale. Ka mohlala, ka 1525, o ile a kenya letsoho nyeoeng ea batho ba neng ba lumela hore batho ba lokela ho kolobetsoa hape ha ba se ba holile e neng e le khahlanong le thuto ea Zwingli ea hore batho ba lokela ho kolobetsoa feela ha e le masea. Ha lekhotla le liea kahlolo e boima ea hore mang kapa mang ea hananang le ho kolobetsoa ha masea a bolaoe ha aa ka a hanana le eona. O ile a boela a susumeletsa baeta-pele ba lipolotiki ho sebelisa sesole ho qobella batho hore ba amohele tumelo ena e ncha. Leha ho le joalo Mak’hatholike a mangata a Switzerland a ile a hanana le tumelo ena ea hae. Ka lebaka leo, ho ile ha qetella ho e-na le ntoa. Zwingli o ile a tsamaea le masole a Zurich ho ea ntoeng ’me o ile a bolaeloa moo a le lilemo li 47.

Botumo ba Zwingli

 Le hoja Huldrych Zwingli a ne a sa tuma joaloka Martin Luther le John Calvin bao e neng e le Maprostanta, o entse liphetoho tse ngata historing. Zwingli o ile a hanyetsa lithuto tsa K’hatholike haholo ho feta Luther ’me seo se ile sa thusa batho hore ba amohele lithuto tsa Calvin habonolo. Ka lebaka leo, o ile a tsejoa e le Motho oa Boraro oa ho Tlisa Liphetoho.

 Zwingli o ile a etsa lintho tse ntle le tse mpe. E le hore maikutlo a hae a tsebahale, o ile a kenella haholo lipolotiking le lintoeng. O ile a hloleha ho latela mohlala oa Jesu Kreste ea neng a sa kenelle lipolotiking a bile a ruta balateli ba hae ho rata lira tsa bona eseng ho li bolaea.—Matheu 5:43, 44; Johanne 6:14, 15.

 Ho ntse ho le joalo, Zwingli o tla lula a hopoloa e le seithuti se hloahloa sa Bibele a bile a ikemiselitse ho arolelana le ba bang seo a ithutileng sona. O ile a ithuta linnete tsa Bibele ’me a thusa le batho ba bang ho etsa joalo.

a Lectionary ke buka e nang le litemana tsa Bibele tse lokiselitsoe hore li baloe selemong ka seng.