Ho Tla Etsahala’ng ka Bolumeli?—Bibele e Reng?
Na u utloisitsoe bohloko kapa u tennoe ke bolumeli? Le hoja bolumeli bo thusitse lichaba tse ling kapa batho ba bang, bo boetse bo bakile tšenyo le ho utloisa batho ba bang bohloko. Encyclopedia of Religion and War e re: “Lintoa tse ling tse mpe ka ho fetisisa tse tlalehiloeng historing li bakiloe ke bolumeli.” Baeta-pele ba bolumeli ba bo sebelisitse ho phethahatsa merero ea lipolotiki ebile ba bang ba patile lintho tse mpe tseo ba li entseng tse joaloka ho hlekefetsa ka thobalano kapa ho utsoa chelete.
Haeba u utloisitsoe bohloko ke bolumeli, u ka inahanela feela hore na Molimo o ikutloa joang. Bibele e hlalosa hore Molimo ha a thabisoe ke malumeli a mangata ka lebaka la lintho tseo a li entseng. E boetse e na le boprofeta bo hlalosang hore o tl’o etsa’ng ka bolumeli. Ka tsela ea tšoantšetso, Bibele e hlalosa hore ntho eo Molimo a tl’o e etsa ka bolumeli, ke ntho e-s’o ka ba e etsahala le ka mohla.
Bibele e re ho tla etsahala eng ka bolumeli?
Boprofeta: Buka ea Bibele ea Tšenolo e bua ka mosali oa letekatse ea bitsoang Babilona e Moholo. Mosali enoa o lutse holim’a sebata se ’mala o mofubelu. Empa ha nako e ntse e e-ea, sebata sena se tla mo fetohela ’me se mo bolaee.—Tšenolo 17:3, 5, 16.
Tlhaloso: Babilona e Moholo, e leng mosali oa letekatse, e tšoantšetsa malumeli ’ohle a bohata ao Molimo a sa a batleng. a Sebata se ’mala o mofubelu sona se tšoantšetsa Machaba a Kopaneng (UN). b Taba ea hore mosali enoa o lutse holim’a sebata se ’mala o mofubelu e bontša hore bolumeli ba bohata bo leka ho susumetsa le ho laola mebuso ea lipolotiki lefatšeng lohle. Taba ea hore sebata se tla bolaea mosali oa letekatse, e bontša hore Machaba a Kopaneng le linaha tse a tšehetsang li tla hlasela le ho felisa bolumeli ba bohata lefatšeng lohle. Ha sena se etsahala, ho tla nkha ho sa bola.
Bolumeli ba bohata bo tla felisoa joang?
Boprofeta: “Manaka a leshome ao u a boneng le sebata li tla hloea letekatse, li le nkele sohle . . . li le chese lore! Lebaka ke hore Molimo o entse hore manaka ao a nahane ho etsa ntho eo Molimo a e batlang. Kaofela a nahanne ntho e tšoanang e leng ho fa sebata matla. . . . Likotlo tsa hae e leng lefu, ho utloa bohloko le tlala li tla tla ka letsatsi le le leng ’me o tla chesoa lore! Jehova c Molimo ea mo ahlotseng o matla.”—Tšenolo 17:16, 17; 18:8.
Tlhaloso: Molimo o tla etsa hore linaha tsa lefatše li nahane ntho eo a e batlang. O tla etsa hore li fe Machaba a Kopaneng matla a tsona a ho busa ’me Machaba a Kopaneng ona ha a se a filoe matla a ho busa a tla felisa bolumeli ba bohata lefatšeng lohle. Ketsahalo ena e hlollang, e tla nyarosa batho ba bangata hobane e tla etsahala “ka letsatsi le le leng” kapele le ka tsela e sa lebelloang.—Tšenolo 18:21.
Ke hobane’ng ha bolumeli ba bohata bo tl’o felisoa?
Boprofeta: “Libe tsa hae li ngata ebile li fihla leholimong ’me Molimo o tla mo ahlolela lintho tse mpe tseo a li entseng.”—Tšenolo 18:5.
Tlhaloso: Ka lilemo tse ngata, bolumeli ba bohata bo entse lintho tse mpe tse sa lumellaneng le thato ea Molimo. Bona tse ling tsa “libe tsa hae” tse etsang hore Molimo a batle ho mo ahlola:
O kenella lipolotiking. Jesu Kreste o ile a re balateli ba hae ba se ke ba nka lehlakore lipolotiking empa ba behe tšepo ea bona ’Musong oa Molimo o leholimong o tla nkela puso ea batho sebaka. d (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10; Johanne 6:15; 18:36) Bolumeli ba bohata bo entse se fapaneng hobane bo kenelletse lipolotiking ho e-na le ho tšepahalla Molimo. Boprofeta bo hlahang ho Tšenolo bo hlalosa Babilona e Moholo e le molato oa “bohlola” ’me ke ho utloahalang hore ebe e bitsoa “letekatse le leholo.”—Tšenolo 17:1, 2; Jakobo 4:4.
Pefo. Bolumeli ba bohata bo hlalosoa e le bona bo ikarabellang ka “bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Malumeli a mangata a hlolehile ho ruta litho tsa ’ona hore ebe batho ba nang le khotso ’me a boetse a susumetsa litho tsa ’ona hore a nke karolo ntoeng le liketsong tsa bokhukhuni.
Meharo. Bolumeli ba bohata bo “ipokeletse maruo [bo] sa soabe.” (Tšenolo 17:4; 18:7) Malumeli a mangata a sebelisitse matla le tšusumetso ea ’ona ho ba le maruo a mangata haholo. Molimo ha a khahlisoe ke meharo ena.—Tite 1:7.
Mashano. Bolumeli ba bohata bo khothalletsa lithuto le liketso tse khahlanong le ’nete e ka Bibeleng. e Kaha bolumeli ba bohata ke mohloli oa lithuto tse ngata le liketso tse khelosang batho ho se mamele Molimo, boprofeta bo re ke “’mè . . . oa lintho tse nyontšang tsa lefatše.”—Tšenolo 17:5; 18:23.
Na ke malumeli ’ohle a tla felisoa?
Che. Buka ea Tšenolo e bua ka sehlopha sa batho ba tsoang linaheng tsohle se bitsoang “bongata bo boholo.” (Tšenolo 7:9) Bongata bona bo boholo bo “apere liaparo tse telele tse tšoeu” e leng se bolelang hore bo rapela Molimo ka botšepehi le ka tsela eo a e batlang. Batho bana ba phonyohile “mahlomola a maholo” e leng seo Bibele e se bitsang hore ke nako eo ka eona lira tsohle tsa Molimo le bolumeli ba bohata li tla felisoa. (Tšenolo 7:13, 14; 19:11, 19-21) Bongata bona bo boholo bo apereng liaparo tse telele tse tšoeu ke karolo ea bolumeli ba ’nete bo tla lula bo le teng ka ho sa feleng. f
Letšoele le leholo la batho ba Molimo le tla pholoha ha ho felisoa bolumeli ba bohata
Ho felisoa ha bolumeli ba bohata ho bolela eng ho uena?
Ho tseba hore Molimo ha a lumellane le lintho tse khopo tseo bolumeli bo li entseng ho ka u fa khotso ea kelello. U ka ba le tšepo ka bokamoso hobane u tla be u tseba hore haufinyane ho tla be ho se na bolumeli bo sa hlompheng Molimo le bo utloisang batho bohloko.
Kholiseha hore u ka rapela Molimo ka tsela eo a e amohelang. Bibele e re “barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ba tataisoa ke moea le ’nete hobane Ntate o batla hore ba joalo ba mo rapele.” (Johanne 4:23) Molimo o re: “Tsoang ho eena [Babilona e Moholo] sechaba sa ka haeba ha le batle ho kenella libeng tsa hae le ho fumana karolo ea likotlo tsa hae.” (Tšenolo 18:4, 5) Molimo o mema batho hore ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang. (1 Timothea 2:3, 4) O tšepisa batho ba amohelang memo ea hae hore ba tla phela ka ho sa feleng.—1 Johanne 2:17.
a E le hore u ithute ka lintlha tse ’nè tse tla u thusa ho tseba hore na Babilona e Moholo ke eng, bala sehlooho se reng “Babilona e Moholo ke Eng?”
b E le hore u ithute ka lintlha tse tšeletseng tse tla u thusa hore u tsebe sebata, bala sehlooho se reng “Sebata se ’Mala o Mofubelu se ho Tšenolo Khaolo ea 17 se Emela’ng?”
c Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”
d E le hore u ithute ho eketsehileng, shebella video ea ’Muso oa Molimo ke Eng?
e Ho bona mehlala, sheba lebokose le reng “ Na ho na le Malumeli a ‘Bokreste’ ao e Leng Karolo ea Babilona e Moholo?”
f Ho ithuta kamoo Bibele e ka u thusang hore u tsebe bolumeli ba ’nete, bala sehlooho se reng “Nka Fumana Bolumeli ba ’Nete Joang?”

