Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
Lefatše le ntse le tsoela pele ho ba kotsing ea ntoa ea nuclear ka ha mebuso ea lefatše e matla e ntse e tsoela pele e eketsa libetsa tsa nuclear. Batho ba tšoenyeha haholo ha libetsa tsa nuclear li ntse li eketseha, ka ha sena se eketsa menyetla ea hore ntoa ea nuclear e be teng. Ho boetse ho na le tšabo ea hore ha naha e ’ngoe e itseng e ka sebelisa sebetsa feela se senyenyane sa nuclear, seo se ka etsa hore ntoa ea nuclear e qale lefatšeng lohle ’me ho felle ka hore lefatše le senyehe. Nako eo re phelang ho eona, e lumellana le seo buka ea Bulletin of the Atomic Scientists e ileng ea se bua ha e re “re lula re tšohile hore ho tla ba le ntoa ea nuclear.”
Na ho ka etsahala hore ntoa ea nuclear e be teng? Haeba ho joalo, na lefatše le tla pholoha? Re ka thusoa ke’ng hore re se ke ra tšoenyeha ka hore ntoa ea Nuclear e tla ba teng? Bibele e re’ng ka ntoa ea nuclear?
Sehloohong sena
Re ka thusoa keng hore re se ke ra tšoenyeha ka hore ntoa ea nuclear e tla ba teng?
Na Bibele e ile ea profeta hore ntoa ea Armagedone e tla ba ea nuclear?
Na ho na le moo lengolo la Bibele la Tšenolo le buang ka ntoa ea nuclear?
Na Bibele e ile ea bolela esale pele ka ntoa ea nuclear?
Bibele ha e bue ka ho toba ka ntoa ea nuclear. Ho ena le hoo, Bibele e bua ka liketsahalo le tsela eo batho ba neng ba tla itšoara ka eona, e ka etsang hore ho qetelle ho bile le ntoa ea nuclear.
Bapisa se hlalositsoeng litemaneng tse latelang tsa Bibele le lintho tse etsahalang kajeno lefatšeng:
Litemana tsa Bibele: Barutuoa ba Jesu ba ile ba botsa, ba re: “Re tla bona ka’ng hore o teng le hore lefatše lee lea fela?” Jesu o ile a ba araba, a re: “Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane.”—Matheu 24:3, 7.
Liketsahalo tsa lefatše: Linaha tse ngata, ho akarelletsa le tse nang le libetsa tsa nuclear, li rarolla liqabang ka hore li loantšane.
“Ho theosa le lilemo, lefatše le ntse le e-ba mabifi le ho feta: litlaleho tsa lintoa li ntse li eketseha.”—The Armed Conflict Location & Event Data Project.
Temana ea Bibele: “Nakong ea bofelo, morena oa boroa o tla sututsana le morena oa leboea.”—Daniele 11:40.
Liketsahalo tsa lefatše: Linaha tse loantšanang le linaha tse li tšehetsang li tsoela pele ho sututsana kapa ho hlolisana ka hore naha e matla ke efe, joalo kaha Bibele e ile ea bolela esale pele. Le hoja linaha tse matla tse nang le libetsa tse ngata tsa nuclear li sa hlaselane ka ho toba, li ntse li tsoela pele ho ntlafatsa le ho eketsa libetsa tsa tsona tsa nuclear.
“Lilemong tse leshome tse fetileng, litlaleho tsa linaha tse loantšanang li ile tsa eketseha, ho akarelletsa le makhetlo ao mebuso e matla e ileng ea tšehetsa linaha tse loantšanang.”—The Uppsala Conflict Data Program.
Litemana tsa Bibele: “Mehleng ea bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho . . . e tla ba . . . ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang.”—2 Timothea 3:1-3.
Liketsahalo tsa lefatše: Joalo kaha e le tloaelo hore batho ba ngangisane, le baeta-pele ba lefatše le bona baa ngangisana. Ho ena le hore ba rarolle liqabang tsa bona ba sa loane, ba ka ’na ba li rarolla ka hore ba sebelise litšoso le khatello. Liketso tse joalo li eketsa monyetla oa hore ho be le ntoa ea nuclear.
“Kaha baeta-pele ba lefatše ha ba fumane tsela ea ho sebelisana ’moho, sena se etsa hore ho be le lintoa tse ngata tse bakang tšenyo e kholo.”—S. Saran le J. Harman, World Economic Forum.
Na Molimo o tla lumella hore ho be le ntoa ea Nuclear?
Bibele ha e re bolelle empa e re “lintho tse tšosang” kapa liketsahalo tse tšosang, li tla ba teng mehleng ena. (Luka 21:11) Mohlala oa seo o akarelletsa libomo tsa athomo tse ileng tsa sebelisoa nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Bibele e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore lintoa li be teng. Ho ithuta ho eketsehileng, shebella video ea Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Mathata?
Na Lefatše le tla pholoha?
E, le tla pholoha. Le haeba batho ba ka sebelisa libetsa tsa nuclear hape, Molimo a ke ke a lumella hore boemo bo fihle boholeng ba hore ho be le tšenyo e feletseng. Bibele e re lefatše le ke ke la fela hape le tla lula le ena le batho ka ho sa feleng.
Batho ba bang ba nahana hore nakong e tlang, lefatšeng ho tla be ho ena le batho feela ba seng bakae ba phelang ka thata ka lebaka la tšenyo e bakiloeng ke ntoa ea nuclear. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore tšenyo e bakiloeng ke ntoa lefatšeng e tla lokisoa.
Molimo o batla hore re lule re thabile lefatšeng le letle
’Mopi oa rona o entse lefatše le ena le bokhoni ba ho itokisa ha le senyehile. Re a tseba hore Molimo o tla sebelisa matla a hae ho lokisa lefatše; ’me le tla lula e le lehae le letle bakeng sa batho ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 21:5.
Re ka thusoa keng hore re se ke ra tšoenyeha ka hore ntoa ea nuclear e tla ba teng?
Batho ba bang ba tšoenyehile haholo ka ntoa ea nuclear ’me ba tšohile litla-morao tse ka bakoang ke eona. Litšepiso le likeletso tsa Bibele li ka thusa batho hore ba se ke ba tšoenyeha haholo. Joang?
Bibele e hlalosa hore lefatše le batho ba tla ba le bokamoso bo botle. Ho ithuta ka tšepo eo ho tšoana le ho ba le ankora e u thusang hore u se ke oa tšoenyeha haholo. (Baheberu 6:19) E le hore re se ke ra tšoenyeha haholo, re lokela ho nahana ka lintho tsa letsatsi le le leng. Re se ke ra tšoenyeha haholo ka lintho tse ka ’nang tsa etsahala nakong e tlang, kaha Jesu o ile a re, “letsatsi ka leng le na le mathata a lona.”—Matheu 6:34.
Ke ha bohlokoa hore kaofela ha rona re itlhokomele e le hore re ka nahana hantle le ho khoba matšoafo. Re ka etsa seo ka hore re se ke ra bala, ra shebella kapa ra mamela lintho tse tla etsa hore re tšoenyehe, tse kang lipuisano, lintho tseo batho ba nahanang hore li tla etsahala le maikutlo a batho ka lintlafatso tsa moraorao tsa nuclear. Sena ha se bolele hore re iphapanyetsa lintho tse etsahalang. Ho ena le hoo, re etsa sohle seo re ka se khonang hore re se ke ra tšoenyeha haholo ka lintho tseo re ke keng ra khona ho li laola le tseo mohlomong li ke keng tsa etsahala.
Qeta nako o nahana ka lintho tse molemo tse etsahalang bophelong ba hao ho ena le ho nahana ka litaba tse bohloko.
Bibele e re fa tšepo ea sebele ka bokamoso
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka litšepiso tsa Molimo ho ka o fa tšepo, thabo le khotso ea kelello.
Na Bibele e ile ea profeta hore ntoa ea Armagedone e tla ba ea nuclear?
Batho ba bang ba nahana hore Armagedone ke ntoa ea lefatše ea nuclear. Ba nahana joalo hobane ba nahanne ka tšenyo e ka bakoang ke ketsahalo eo.
Leha ho le joalo, Bibele e sebelisa lentsoe “Armagedone” ha e bua ka ntoa e pakeng tsa “marena a lefatše lohle,” kapa mebuso ea batho le Molimo. a (Tšenolo 16:14, 16) Ho fapana le bomo ea nuclear, Armagedone e ke ke ea baka tšenyo e tla felisa lefatše le batho kaofela. Ho ena le hoo, ka Armagedone, Molimo o tla felisa batho ba khopo ’me a etse hore ho be le khotso le tšireletseho tsa sebele.—Pesaleme ea 37:9, 10; Esaia 32:17, 18; Matheu 6:10.
Bibele e re lintoa li tla felisoa joang?
Jehova b Molimo o tla sebelisa matla a hae ho felisa lintoa tse pakeng tsa linaha le libetsa tsa ntoa. O tla etsa sena a sebelisa ’Muso oa hae oa leholimo, o tla busa lefatše lohle.—Daniele 2:44.
’Muso oa Molimo o tla ruta batho phela ka khotso le ka kutloano. Kaha ’muso o le mong o tla busa lefatše lohle, ha ho sa tla ba le lintoa pakeng tsa mebuso; ebile batho ha ba sa tla ithuta ntoa! (Mikea 4:1-3) Phello e tla ba efe? “Motho e mong le e mong o tla phela ka khotso tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie, ha ho na motho ea tla mo tšosa.”—Mikea 4:4, Today’s English Version.
a Bala sehlooho se re’ng “Ntoa ea Armagedone ke’ng?”
b Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se re’ng “Jehova ke Mang?”