KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Tsela e Bonolo ea ho Hatisa Bakeng sa “Batho ba Mefuta Eohle”

Tsela e Bonolo ea ho Hatisa Bakeng sa “Batho ba Mefuta Eohle”

LA 1 OCTOBER 2025

 Jehova Molimo o batla hore “batho ba mefuta eohle . . . ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Kaha bara le barali ba bo rona le batho bao re ba pakelang ba bua lipuo tse ngata tse fapaneng, selemo le selemo re hatisa lingoloa tse ka bang libilione tse peli ka lipuo tsa bona. Ke mehato efe eo re e nkileng e le hore ho be le lijo tsa moea ka lipuo tsee tse ngata re bile re ntse re sebelisa menehelo ka bohlale?

Libaka Tsa ho Hatisa Tse Seng Kae, Thepa ea Morao-rao

 Lilemong tsa bo-1980, re ne re hatisa limakasine linaheng tse ka holimo ho 40. Butle-butle re ile ra etsa liphetoho tseleng eo re hatisang ka eona hore ebe re se re hatisa linaheng tse robong feela. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang palo ea lipuo tseo lingoloa li hatisoang ka eona e imenne ka makhetlo a tšeletseng! Ho tla joang hore ebe re khona ho hatisa ka lipuo tse eketsehileng empa re e-na le libaka tse seng kae feela tsa ho hatisa? Ntho e ka sehloohong ke hore re se re sebelisa mechine e ntlafalitsoeng ea ho hatisa.

 Mechine e mecha ea ho hatisa e re lumella ho hatisa lingoloa tse eketsehileng ka nako e khutšoanyane. Ka mechine ea khale, re ne re nka nako e ngata re e hlophisa pele re hatisa empa hona joale re se re nka nako e khutšoanyane. Re se re khona ho hatisa lingoloa tse ngata ho akarelletsa le ho hatisa lingoloa ka lipuo tse buuoang ke batho ba seng bakae. Ho hatisa sengoloa ka seng ho hlokahala printing plate ea sona. Likhoeling tse 12 tse fetileng, re sebelisitse chelete e ka bang liranta tse 35 millione bakeng sa li-printing plate feela. Kahoo, ha re ne re hatisa palo e nyenyane ea lingoloa, re ne re sebelisa mokhoa o mong oa elektronike o neng o sa hloke hore re sebelise li-printing plate. Ho hatisa ka tsela ena re sebelisa theknoloji, ho re thusitse hore re boloke chelete le hore re se ke ra ba le litšenyehelo tse ngata le hoja re hatisa palo e nyenyane ea lingoloa.

Ho fetola li-printing plate ha ho ntse ho hatisoa

 Lilemong tse tharo tse fetileng, re ile ra sebelisa chelete e ka holimo ho limilione tse leshome ho ntlafatsa mechine e hatisang le thepa e kopanyang lingoloa lefatšeng lohle. Ena ke tsela eo re neng re e sebelisa ho hatisa Libibele. Nakong e fetileng ho ne ho lateloa mekhahlelo e ka holimo ho e 40 ho hatisa le ho kopanya Bibele. Mekhahlelo eo e akarelletsa ho roka, ho seha, ho hohla le ho khabisa. Ho ekelletsa moo, re ne re tlameha ho nka le ho paka Libibele ka matsoho mokhahlelong ka mong. Kajeno ho lateloa mekhahlelo e leshome feela hobane mekhahlelo e meng e mengata e khona ho etsoa ke thepa eo re seng re e-na le eona. Hape re na le mechine e sebelisoang ho tlosa Libibele sebakeng se seng ho ea ho se seng. Mechine e sebelisoang hona joale e fokolitse mosebetsi o neng o etsoa ka matsoho ho hatisa le ho etsa Libibele ka liphesente tse ka holimo ho 55. Lekaleng la Japane, ho ne ho tloaetsoe hore ho kopanngoe Libibele tse 2 000 lihoreng tse ling le tse ling tse robeli. Empa hona joale, lihoreng tseo tse robeli, ho se ho kopanngoa le ho hatisoa Libibele tse 35 000!

Ho sebelisoa li-barcode ho khetha, ho bokella le ho hlophisa likarolo tsohle tsa Bibele

Re Boloka Chelete ka ho Hatisa Lingoloa Tse Seng Kae

 Lintlafatso tsena li re thusitse ho boloka menehelo. Ka mohlala, hona joale re se re ka khona ho etsa mesebetsi e menyenyane ea ho hatisa. Mesebetsi ena e re thusitse hore re fokotse palo ea lingoloa tseo re li bolokang libakeng tsa ho hatisa. Gary ea sebeletsang lekaleng la United States o re: “Ho hatisa lingoloa tse seng kae khafetsa ho ne ho bonahala eka ke ntho e ke keng ea khoneha qalong. Ho ne ho bonahala eka ho molemo ho hatisa lingoloa tse ngata ka makhetlo a seng makae.” Gary o tsoela pele o re: “Ka selemo sa pele re qalile ho etsa mesebetsi e menyenyane ea ho hatisa, chelete eo re e sebelisang bakeng sa li-printing plate le pampiri e sebelitseng e lokeloang ho lahloa e ile ea nyoloha ka liranta tse ka holimo ho millione. Leha ho le joalo, ho etsa mesebetsi e eketsehileng ea ho hatisa lingoloa tse seng kae, ho ile ha re bolokela chelete e ka holimo ho liranta tse fetang 26 millione hona selemong seo, bakeng sa ho boloka pampiri le ho hatisa libuka.” Chelete e ileng ea bolokoa e ile ea sebelisoa bakeng sa litlhoko tse ling tsa bohlokoa tse akarelletsang ho hahoa ha Liholo Tsa ’Muso le ho fana ka liphallelo nakong ea koluoa.

 Ho ba le libaka tse seng kae tsa ho boloka lingoloa ho etsa hore ho be le libaka tse eketsehileng liofising tse ling tsa makala e le hore li ka sebelisetsoa litlhoko tse ling tsa Bethele. Ho ekelletsa moo, ho ba le libaka tsa ho hatisa libakeng tse itseng feela, ho etsa hore liprojeke tsa kaho li fokotsehe. Ka mohlala, ka 2018, mosebetsi oa ho hatisa o neng o etsoa ke lekala la Brithani o ile oa qala ho etsoa ke lekala la Central Europe le makala a mang. Ho sebetsa ka tsela ena, ho entse hore re khone ho boloka chelete e ngata haholo mosebetsing oa kaho o neng o etsoa lekaleng le lecha la Chelmsford e Engelane.

“U Nkhopotse!”

 Habohlokoa le ho feta ke hore tsela ena e ncha ea ho hatisa e thusa batho ba bangata hore ba atamele haufi le Jehova. Re se re khona ho hatisa ka lipuo tse ngata le haeba ho hlokahala likopi tse makholo a seng makae. Ka mohlala, ho na le batho ba ka bang 35 000 ba buang puo ea Sewallise ba lulang New Caledonia, Wallis le Futuna. Empa ka August 2024, re ile ra lokolla Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sewallise. Mohoeletsi e mong ea buang Sewallise ea bitsoang Selafina o re: “Ke ne ke tloaetse ho bala mantsoe a itseng ao ke neng ke sa a utloisise ka Bibeleng ea Sefora. Ha ke fumana Bibele ea Sewallise, ke ile ka tlala likhapha ka mahlong, ka rapela ka re, ‘Jehova, u nkhopotse! Ha u Molimo ea leeme.’”

Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e se e fumaneha ka Sewallise

 Le hoja ho na le batho ba ka tlase ho 500 000 Democratic Republic of the Congo ba buang Sesanga, ba na le buka e feletseng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ka puo ea bona. Josué, ea kopanelang phuthehong ea Sesanga o re: “Ho ne ho hlokahala boiteko bo matla hore motho a hlalose kapa a fetolele mantsoe a mang ho liithuti tsa Bibele. Ka linako tse ling, liithuti tsa ka li ne li sa utloisise seo buka e neng e se bua. E ile ea e-ba ntho e thabisang ho fumana buka ena ka Sesanga! Hona joale, liithuti tsa ka li utloisisa seo li ithutang sona, ha ho sa hlokahala hore ke etse litlhaloso tse telele.”

Thuto ea Bibele Honduras, ho sebelisoa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ka Segarifuna e leng puo e buuoang ke batho ba ka bang 120 000

 Re hatisa le ho fana ka lingoloa tse thehiloeng Bibeleng ho batho ba bangata le ka lipuo tse ngata ho feta le ha e le neng pele. Menehelo ea lona, ho akarelletsa le eo le e ntšang ho donate.jw.org, e re thusa ho etsa sena. Rea leboha ka ho ba seatla se bulehileng.