Bokamoso bo Tsotehang
Haufinyane Satane le bademona ba tla etsoa hore ba se hlole ba sebetsa
Satane le bademona ba hae ba ke ke ba hlola ba thetsa batho ka nako e telele. Jehova o se a ba lahletse ntle leholimong. (Tšenolo 12:9) Haufinyane, Molimo o tla boela o nka khato ea ho loantša Satane le bademona ba hae. Ponong e neng e tsoa ho Molimo, moapostola Johanne o itse: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe.” (Tšenolo 20:1-3) Hamorao, Diabolose le bademona ba hae ba tla timetsoa ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:10.
Batho ba babe ba leng lefatšeng le bona ba tla felisoa.—Pesaleme ea 37:9, 10; Luka 13:5.
Bafu ba Tla Phela Hape!
Bafu ba tla tsosoa hore ba boele ba phele lefatšeng
Ka mor’a hore Satane le bademona ba tlosoe tseleng, Jehova o tla tlisetsa batho mahlohonolo a mangata. U tla hopola hore bafu ha ba phele, ha ba eo. Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko—boroko bo tebileng boo ho bona motho a sa loreng litoro. (Johanne 11:11-14) O ile a etsa joalo hobane o ne a tseba hore nako e tla tla eo ka eona ba robetseng lefung ba neng ba tla tsosoa hore ba boele ba phele. O itse: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla . . . tsoa ho ’ona.”—Johanne 5:28, 29; bapisa le Liketso 24:15.
Ba tla tsosetsoa mona lefatšeng. Ho e-na le hore ho be le lipehi tsa bafu, ho tla ba le litlaleho tse thabisang tse bolelang ka ba tsositsoeng! E tla ba thabo e kaakang ho amohela baratuoa ba tsoang mabitleng!

