KAMAL VIRDEE | PALE YA BOPHELO
“Esale ke Labalabela Toka”
Ka August 1973, nna le bana beso ba babedi re ile ra ya Kopanong ya Matjhaba e Twickenham Engelane, e nang le sehlooho se reng: “Tlholo ya Bomodimo.” Ha re le moo, re ile ra kopana le Morabo rona Edwin Skinner, ya neng a sebeleditse e le moromuwa India ho tloha ka 1926. Ha a hlokomela hore re bua Sepunjab, o ile a re: “Le batlang moo? Tloong India!” Ka hoo, re ile ra ya mme ra sebetsa tshimo ya moo ho buang Sepunjab. E re ke le hlalosetse hore na ho ile ha etsahalang pele re qadisa moqoqo.
Ke hlahetse Kenya, Nairobi ka April 1951. Batswadi ba ka ba tswa India mme ba ne ba le bodumeding ba Bosikh. Ntate o ile a nyala mosadi wa abuti wa hae eo e neng e le mohlolohadi. Ho ne ho se seo mme a ka se etsang. Mme wa ka le mosadi wa bobedi wa ntate ba ne ba e ba le bana ka nako e le nngwe mme re ile ra hola re le bana ba supileng hammoho le motswala wa rona a le mong. Ka maswabi ka 1964, ha ke le dilemo di 13, ntate wa ka o ile a hlokahala.
Ke ne ke Batla Toka
Ho holeng ha ka ke ile ka bona ho se utlwisisane le kgethollo. Ha morao, ha ke ithuta Bibele ke ile ka hlokomela hore lelapa leso le tshwana le le hlahang ka Bibeleng, e leng lelapa la Lea le Ragele. Ke ile ka hlokomela ka moo lelapa leso le neng le tshwara batho ba tswang Kenya hampe ka teng. Ntate wa ka o ne a batla hore re be metswalle le baahisani ba rona ba tswang Europa. O ne a re re ka ithuta ho hongata ho bona. O ne a sa batle hore re be le tshebedisano le Maafrika hobane a re ha ho letho le molemo leo re ka ithutang lona ho ona. O ne a boetse a sa batle hore re be metswalle ya batho ba tswang Pakistan hobane ho thwe ke dira tsa rona. Esale ke labalabela toka hobane ke ne ke sa dumellane le tsela eo ntate a neng a nahana ka yona.
Bodumedi ba Bosikh bo ile ba qalwa ke Nānak qalong ya dilemo tsa bo 1500. Ke ne ke dumellana le dithuto tsa Nānak, tse kang hore ho na le Modimo a le mong feela wa nnete. Ke ile ka bona ho hloka toka ho hongata bodumeding ba Bosikh mme ke ile ka ba le kgwao.
Ke ntho e le nngwe feela eo ke neng ke kgathatsehile ka yona. Ka ha bodumedi ba Bosikh bo ne bo e na le dilemo tse makgolo feela, ke ne ke ipotsa hore na bo tlileng pele ho bona ke bofe. Ke bodumedi bofe ba pele boo Modimo a ileng a bo amohela? Lapeng ho ne ho e na le dikhalendara tse nang le ditshwantsho tsa baetapele ba leshome ba tsebahalang ba bodumedi ba Bosikh. Le ha ho le jwalo, ke ne ke ipotsa hore na re tsebile jwang hore ba shebahala jwang. Ke hobaneng ha re ne re lokela ho inamela ditshwantsho tsa baetapele baa empa ba ne ba dumela hore re lokela ho rapela Modimo a le mong feela wa nnete?
Ka 1965, ha ke ne ke le dilemo di 14, lelapa leso le ile la fallela India. Bophelo bo ne bo le boima haholo ka ha re ne re hula ka thata ditjheleteng. Hoo e ka bang selemo ha morao re ile ra fallela Engelane, Leicester. Ho ile ha tsamaya ba babedi pele mme ba bang ba latela ha morao.
Ha ke le dilemo di 16, ke ile ka qala ho etsa mesebetsi e fapaneng. Bosiu ke ne ke e ya sekolong, e le hore ke tswele pele ka dithuto tsa ka tse ileng tsa emisa empa ho hloka toka ho ne ho atile mosebetsing. Ka mohlala, manyesemane a ne a patalwa haholo ho feta batho ba tswang dinaheng tse ding. Ka ha ke ne ke labalabela toka, ke ile ka susumetsa basadi ba bang ba tswang dinaheng tse ding hore re ye mohwantong e le hore re lwanele hore re patalwe ka mokgwa o tshwanang le manyesemane.
Ke Fumana Tharollo
Ka 1968 ke ile ka kopana le Dipaki Tsa Jehova ka lekgetlo la pele ha ke ne ke etetswe ke bo ntate ba babedi. Tshepiso ya hore Mmuso wa Modimo o tla tlisa toka, e ile ya nthabisa haholo. E mong wa bo ntate bao, o ile a kgutla le mohatsa hae. Nna le banabeso ba babedi e leng Jaswinder le Chani re ile ra ithuta Bibele. Ka mora ho ithuta dikgaolo tse tsheletseng feela, re ile ra kgodiseha hore Jehova ke Modimo wa nnete, Bibele ke Lentswe la hae le hore Mmuso wa hae ke ona feela o tla tlisa toka ya sebele.
Le ha ho le jwalo, re ile ra fumana kganyetso e matla ka lapeng. Ka ha ntate wa ka o ne a se a hlokahetse, abuti wa ka e ne e se e le yena hlooho ya lelapa. Mosadi wa ntate e mong o ile a mo susumetsa hore a re hlorise. O ne a otla Jaswinder le Chani, a bile a ba raha ka dirifi tse tshepe nkong. O ne a tseba hore ha ho letho leo a ka nketsang lona ka ha ke ne ke le dilemo di 18. Ka ha banabeso ba ne ba le tlase dilemong, o ne a nka hore ha ba na ditokelo. Ka lekgetlo le leng, o ile a nka Bibele a e tjhesa, a e tlisa ka pela difahleho tsa bona, a re: “E reng Jehova enwa wa lona a e time!” Ka nako eo re ne re ntse re ikutswa ha re ya dibokeng. Empa re ne re batla ho sebeletsa Modimo a le mong feela wa nnete, Jehova. Ka ha re ne re bona hore ha ho bonolo ho etsa jwalo, re ile ra etsa qeto ya ho ho baleha hae mme re ye sebakeng se sireletsehileng. Re ne re tla etsa seo jwang?
Re ile ra boloka tjhelete eo re neng re e fuwa ya dijo le ya ho palama bese, ha esita le karolo e nngwe ya mokgolo wa ka. Karolo e nngwe ke ne ke lokela ho e fa mosadi wa bobedi wa ntate. Re ile ra reka mekotlana e meraro yaba re a e pata mme hanyane ka hanyane ra tshela diphahlo ka moo. Ka May 1972, ha Jaswinder a se a tlo tshwara dilemo tse 18 re ne re se re kgonne ho bokelletsa tjhelete e ka bang R4 761.33, re ile ra nka terene e yang Penzance e ka borwa bophirimela ho Engelane. Ha re fihla Penzance, re ile ra letsetsa Dipaki tsa sebakeng seo mme bara ba bo rona ba re amohela ka mofuthu. Re ile ra etsa mesebetsi e fapaneng, ho akarelletsa wa ho buwa ditlhapi e le hore re ka fumana tjhelete ya ho patalla bodulo.
Re ile ra tswela pele ka thuto ya rona ya Bibele le banyalani ba seng ba hodile, e leng Harry le Betty Briggs. Ka September 1972, ha re ntse re balehile, re ile ra kolobetswa letamong le lenyenyane le neng le le Holong ya Mmuso ya Truro. Chani e ile ya e ba pulamadiboho ya ka mehla mme nna le Jaswinder re ile ra sebetsa e le ho mo thusa ka dintho tseo a di hlokang.
Ho Sebeletsa Moo ho Nang le Tlhokahalo
Le hoja Harry le Betty ba ne ba le ka hodimo ho dilemo tse 80, ba ne ba atisa ho bolela ditaba tse monate Sehlekehlekeng sa Scilly se pela lebopo le borwa bophirimela ho Engelane. Mohlala wa bona o motle o ile wa re susumelletsa hore re etse se tshwanang. Ka hona, ka 1973, ka mora hore re bue le Morabo rona Skinner, eo re buileng ka yena qalong, re ne re tseba hore na re lokela ho etsang.
Ka January 1974, re ile ra etsa qeto ya ho fallela New Delhi, India, moo Morabo rona Dick Cotterill a ileng a re amohela lehaeng la baromuwa. Chani o ile a tswela pele e le pulamadiboho ya ka mehla ha nna le Jaswinder re ile ra eketsa nako eo re e qetang re le tshimong.
Ha nako e ntse e ya, re ile ra iswa Punjab e leboya bophirimela ho India, re dula lehaeng la baromuwa le Chandigarh yaba ha morao re hira ntlo. Ke ile ka ba pulamadiboho ya ka mehla ka September 1974 yaba ka 1975 ke memelwa ho ba pulamadiboho e kgethehileng. Ha ke ntse ke bolela ditaba tse monate, ke ile ka hlokomela hore ho hlokahala dingolwa tsa Sepunjab e le hore batho ba ka ithuta ka lerato le toka ya Jehova. Ka 1976, boraro ba rona re ile ra memelwa ofising ya lekala e India e le hore re ilo fetolela dingolwa ka Sepunjab. Ho ne ho se bonolo ho etsa mosebetsi ona, ka ha re ne re se na metjhine e thaepang kapa dikhomphieutha. Re ne re lokela ho ngola dintho tseo re di fetoletseng ka letsoho, re di hlahlobe re be re di bale. Ka mora moo, re ne re isa dintho tsena shopong ya ho hatisa e neng e sebedisa metjhine ya kgale haholo.
Phutheho ya heso e Chandigarh, Punjab, India
Ke Thabile le Hoja ke Kula
Maemo a ile a fetoha ka ho panya ha leihlo. Jaswinder o ile a nyalwa yaba yena le molekane wa hae ba fallela Canada. Chani yena o ile a nyalwa ke morabo rona wa mojeremane ya neng a tswa Amerika mme ba dula teng. Ke ile ka kula haholo yaba ke kgutlela Engelane ka October 1976. Mme wa ka le abuti wa ka ba neng ba se kgahlanong le dinnete, ba ile ba ntumella ho dula le bona Leicester. Ho ile ha fumanwa hore ke na le lefu le sa tlwaelehang le neng senya disele tsa madi mme ke ile ka fumana mekgwa e fapaneng ya phekolo. Qetellong ke ile ka tlameha ho tlohella ho ba pulamadiboho ya ka mehla.
Ke ile ka rapela Jehova ka mo bolella hore ha ke ba betere ke tla boela ke be pulamadiboho. Ke ile ka fela ka etsa jwalo! Le hoja ke ne ke kula haholo ka dinako tse ding, ke ile ka fallela Wolverhampton ka 1978, ka ba pulamadiboho sebakeng seo ho neng ho buuwa Sepunjab haholo. Re ile ra etsa dimemo tsa diboka ka letsoho yaba re etsa dikopi tsa tsona dishopong tse haufinyane. Re ile ra memela batho ba buang puo ya Sepunjab dibokeng hore ba tlo mamela puo ya phatlalatsa. Hona jwale Brithani ho na le diphutheho tse hlano le dihlopha tse tharo tsa puo ya Sepunjab.
Lekala la Brithani le ne le tseba hore ke ne ke le mofetoledi wa Sepunjab ha ke le India. Ka hoo, ofisi ya lekala e ile ya ntetsetsa dilemong tsa bo 1980. Ke ile ka qala ho sebetsa Bethele e London ka matsatsi. Ke ne ke thusa ho etsa melao ya tsela ya ho ngola ya Gurmukhi e neng e tla sebediswa dingolweng tsa rona. Ke ne ke phathahane haholo ka ha ke ne ke sebetsa, ke hlokomela mme wa ka ya neng a dula hole ebile ke sebeletsa Bethele ka matsatsi. Ke ne ke thabetse ho sebeletsa Bethele haholo.
Ha ke ne ke kwetliswa Bethele e London dilemong tsa bo 1980
Ka September 1991, ke ile ka fumana memo ya ho ba karolo ya lelapa la Bethele mme ka sebeletsa lefapheng la phetolelo ya dingolwa tsa Sepunjab. Ke ne ke sa lebella seo ho hang ka ha ke ne ke ikutlwa ke sa tshwanelehe, ke kula ebile ke nka hore ke moholo haholo hore nka sebeletsa Bethele. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a mpha tokelo ena e ikgethang. Le hoja ke ne ke ntse ke sebeletsa Bethele ke thabile, ke ne ke ntse ke kula. Ke ile ka fumana mekgwa e fapaneng ya phekolo mme ka makgetlo a mmalwa, dingaka di ne di batla hore ke tshele madi. Dingaka di ile tsa hlollwa ke tsela eo ke ileng ka ba betere ka yona. Ka hoo, tsa mmema ho ya kopanong ya dingaka tse 40 e neng e le sepetleleng se seholo se London. Ke ile ka bua metsotso e leshome ke hlalosa mabaka a ka a ho se tshele madi. Ka mora moo ha latela dipotso tse ileng tsa arajwa ke morabo rona ya tswang lefapheng la boitsebiso ba dipetlele.
Dinakong tsena tse thata, Jaswinder le Chani ba ile ba nthusa haholo. Ke ananela le tshehetso eo lelapa la Bethele le metswalle ya ka e meng e ileng ya mpha yona. Mathateng ohle ao ke ileng ka kopana le ona, Jehova o ile a mpha matla a hore ke tswele pele tshebeletsong ya ka.—Pesaleme ya 73:26.
Tlhohonolofatso e Tswang ho Jehova e Ruisa Motho
Dilemo tse 33 tseo ke di qetileng ke le Bethele, di nthusitse hore ke ‘latswe mme ke bone hore Jehova o molemo.’ (Pesaleme ya 34:8; Liproverbia 10:22) Ke kgothatswa ke mohlala wa bara le baradi ba bo rona ba hodileng. Ha ke hetla morao, ke thabiswa ke hore ke ile ka bona ha diithuti tsa ka tsa Bibele tse buang Sepunjab e eba metswalle e tshepahalang ya Jehova. Hona jwale ke utlwana haholo le ba lelapa leso. Le hoja mme le abuti e se Dipaki Tsa Jehova, mme o dula a re: “Ka nnete o ikemiseditse ho sebeletsa Modimo.” Ha ke ne ke batla ho tlohela ho sebetsa Bethele e le hore ke tlo hlokomela mme wa rona ya seng a hodile, abuti wa ka o ile a re: “O etsa mosebetsi wa bohlokwa. Dula moo.” Le hoja mme a dula lehaeng la maqheku le hole le Bethele, ke mo etela hangata ka moo nka kgonang.
Nako le nako ha ke ne ke hlahelwa ke mathata bophelong, ke ne ke re: ‘O se ke wa tshoha, Kamal. Jehova ke thebe ya hao. Moputso wa hao o tla ba moholo haholo.’ (Genese 15:1) Ke leboha “Modimo wa toka,” Jehova, hore ebe o ile a ntlhokomela ke sa le motjha mme a etsa hore ke phathahane ka mesebetsi e molemo bophelong. (Esaia 30:18) Hape ke lebelletse nako eo ka yona ho tla beng ho se na “moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’ ”—Esaia 33:24.
Ha ke ne ke le Bethele e Chelmsford

