Sesotho (South Africa)
David Maza: Lelapa la Rona le Thabile le Hoja le ile la ba Maqakabetsing
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/502400107/univ/art/502400107_univ_sqr_xl.jpg
lfs sehlooho 7

DAVID MAZA | PALE YA BOPHELO

Lelapa la Rona le Thabile le Hoja le ile la ba Maqakabetsing

Lelapa la Rona le Thabile le Hoja le ile la ba Maqakabetsing

Qalong ke ne ke nahana hore ho ke ke ha kgoneha ho ba le lelapa le thabileng. Empa ka mora ho ithuta Bibele le ho sebedisa seo ke ithutileng sona, lelapa la ka le ile la thaba. Nna, mosadi wa ka, ha mmoho le bana ba rona ba bararo re ne re sebeletsa Jehova ha mmoho re thabile.

Re ne re sa nahana hore re ka welwa ke koduwa e kang e ileng ya re wela ka la 24 April 2004.

 Esale ke batla ho ba hlooho ya lelapa e molemo le hoja ke ne ke sa tsebe hore na nka etsa seo jwang. Lebaka ke hore ke hotse batswadi ba ka ba lwana, yaba ba qetella ka ho hlalana. Eitse ha nna le mosadi wa ka re eba le letsibolo la rona, ke ne ke sa tsebe hore na nka ba ntate ya molemo jwang ho moradi wa rona Lauren. Re ile ra ba le ngwana wa bobedi, ra mo reha Michael. Le yena ha a hlaha, ke ne ke ntse ke se ntate ya molemo.

 Ntho e nngwe e neng e senya ditaba le ho feta ke hore ke ne ke lemalletse jwala le dithethefatsi ho tloha ke sa le motjha. Jwale ha ke se ke le moholo, ke ne ke sa kgone le ho laola bophelo ba ka ke bile ke lemalletse dintho tse ngata tse mpe ho akarelletsa le ho betjha. Ka lebaka leo, ke ne ke etsa diqeto tse ngata tse fosahetseng. Dintho di ne di le mpe hoo Kaye a ileng a nka bana mme a tsamaya ka bona. Seo se ile sa nkutlwisa bohloko haholo.

 Nakong eo ke neng ke botsa Kaye hore na nka etsang hore a kgutle, o ne a se a qadile ho ithuta Bibele le Paki ya Jehova e bitswang Gloria. Ka hoo, karabo ya hae e ile ya eba e bonolo ya hore: “Ithute Bibele.” Ka ha ke ne ke batla hore re kgutlelane, ke ile ka dumela le hoja ke ne ke sa tsebe hore na o bolelang ha a tjho jwalo, yaba ke dumela ho kopana le Gloria le monna wa hae Bill.

Puisano e ileng ya Fetola Bophelo ba ka

 Ha Bill le Gloria ba tla ha rona, ke ile ka kgahlwa ke tsela eo ke neng ke bona ba ratana ka yona. Ke ile ka utlwa hore ba na le bana ba lekanang le nna ba phelang bophelo bo fapaneng hole le ba ka. Ka yona nako eo ke ile ka qala ho nahana hore mohlomong Bibele e ka nthusa hore ke be le lelapa le thabileng.

 Ka lekgetlo lona leo la pele feela, Bill le Gloria ba ile ba bua le nna ka mathata a ka. Ba mpalla lengolo la Bagalata 6:⁠7 le reng: “Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.” Ke ile ka nahana hore nka be ke qobile mathata a mangata ana hoja ebe ke ne ke ile ka tseba keletso ena ho tloha qalong.

Kaye le David

 Ha nako e ntse e ya ke ile ka hlokomela hore ho phela ka melaomotheo ya Bibele ho nthusa haholo bophelong. Nna le Kaye re ile ra emisa ho tsuba yaba le nna ke tlohela mekgwa e meng e mebe eo ke neng ke ena le yona. Ka 1985 re ile ra ba le ngwana wa rona wa boraro e leng David eo re neng re mo reneketsa ka hore ke Davey. E ile ya eba hona ke utlwang hore nka ba ntate ya molemo.

Ho Sebeletsa Jehova ho ile ha re Momahanya

 Nna le Kaye re ile ra hlokomela hore ha re ruta bana ba rona ka Jehova le rona seo se re atametsa haufi le yena. Re ile ra ithuta ho hongata dibukeng tse akarelletsang ya Listening to the Great Teacher! Ntle ho moo, phuthehong ya rona ho ne ho ena le malapa a behelang rona le bana mohlala o motle.

Michael le mosadi wa hae Diana

 Ha nako e ntse e ya, bana ba rona kaofela e ile ya eba bopulamadiboho. Lauren o ile a ya phuthehong ya Sepanishe maqalong a 2004. Ka yona nako eo, Michael o ne a sa tswa tloha Bethele a ilo nyala Diana. Ba ne ba le haufi le ho fallela Guam e le hore ba ilo thusa ka mosebetsi wa boboledi. Davey, eo ka nako eo a neng a le dilemo di 19, o ne a sa tswa qala ho sebeletsa Dominican Republic.

 Re ne re utlwa re le batswadi ba motlotlo haholo ke diqeto tseo bana ba rona ba di entseng. Re utlwa hantle hore re phela mantswe a 3 Johanne 4 a reng: “Ha ho na ntho e nthabisang ho feta ho tseba hore bana ba ka ba ntse ba tswela pele ho phelela nnete.” Sephiri se ne se ipatetse rona. Bophelo ba rona bo ne bo le haufi le ho fetolwa ke molaetsa oo re neng re tlo o fumana.

Re Welwa ke Koduwa

 Ka la 24 April 2004, nna le Kaye le banyalani ba bang ba bane re ile ra intsha ra ya reschorenteng e bohole ba dikhilomithara tse ka hodimo ho lekgolo. Kaofela ha rona re ne re tsamaya ka koloi e le nngwe. Ka mora hore re je, re ile ra kgetha ho ya qetedisa reschorenteng e nngwe. Ka mora hore ke ba siye, ke ile ka ilo batla sebaka seo nka pakang koloi ho sona. Ha ke ntse ke paka, motswalle e mong wa ka o ile a ntetsetsa a utlwile bohloko a re:

 “Ke o tshwaretse ditaba tse bohloko. Davey o hlahetswe ke kotsi ya koloi.”

 Ke ile ka mo botsa ke tshohile hore na Davey o jwang.

 Qalong o ne a sa batle le ho bua, empa o ile a qetella a mpolelletse a re Davey o hlokahetse.

 Ha ke qeta ho kwala fono, ke ile ka rapela Jehova ke mo kopa a mphe matla yaba ke ya ea reschorenteng eo ban eng ba le ho yona. ka ba bolella hore ke utlwa ke se hantle ekare nka ya hae. Ha e le hantle, ke ne ke mpa ke sa batle ho bolella Kaye ka Davey re le hara batho.

 Ho kgutlela hae ho re nkile hora le metsotso e mashome a mararo. Eo e ne e le nako e bohloko ka ho fetisisa ya bophelo ba ka. Fonong ya ka ho ne ho kena melaetsa e mengata ya matshediso ha Kaye yena a ne a thabile, a qoqela batho ka moo a tatetseng ho kopana le Davey ha a re tjhaketse.

 Ka mora ho siya banyalani bao re neng re ntse re tsamaya le bona, re ile ra kgutlela hae. Kaye o ile a ntjheba hanngwe a bona hore ho na le ho hong ho phoso yaba o re: “Ho etsahalang?” Ke ne ke tseba hore seo ke tlo se bua se tlo hlaba Kaye ha bohloko pelong jwalo ka ha le nna se ile sa ntlhaba ha ke ne ke se utlwa.

Re ile ra Mamella Mathata

 Nna le Kaye re ne re kile ra hlahelwa ke mathata mme re tseba hore Jehova o dula a tshehetsa batho ba hae. (Esaia 41:​10, 13) Empa re ne re qala ho hlahelwa ke ntho e tjena. Ka hloohong ya ka ho ne ho dula ho duma dipotso tsena: ‘Ho tla jwang hore Davey a hlahelwe ke ntho e tjee empa a ne a itelletse Jehova hakaale? Hobaneng Jehova a sa ka a mo sireletsa?’

 Bana ba rona le bona ba ne ba utlwile bohloko haholo. Lefu la Davey le ile la utlwisa Lauren bohloko haholo hobane o ne a mo nka jwalo ka ha eka ke ngwana wa hae. Michael le yena le hoja a ne a ena le dilemo tse ka bang tse hlano a dula hole le hae, o ne a rata ngwanabo haholo a bile a le motlotlo ho bona ka moo a hodileng ka teng. Ka hoo lefu lena le ne le mo amme ha bohloko le yena.

 Di sa tloha feela, Bakrestemmoho ba ne ba re tsheheditse. Ka mohlala, ha Kaye a sa ntse a leka ho iphumana, ba ne ba se ba le teng lapeng ho tla re thusa le ho re tshedisa. (Diproverbia 17:​17) Le ka mohla nke ke ka lebala ka moo ba re bontshitseng lerato ka teng.

 Re ile ra sebetsana le bothata bona ka ho dula re rapela, re bala Bibele le ho ya dibokeng. Ho etsa dintho tsena ho ne ho sa tlose bohloko boo re bo utlwileng, empa re ne re tseba hore ke ha bohlokwa hore re di etse e le hore re dule re le haufi le Jehova.​—⁠Bafilipi 3:⁠16.

Lauren le monna wa hae Justin

 Ka yona nako eo, Michael le mohatsa wa hae Diana ba ile ba fallela haufi le rona. Lauren le yena o ile a kgutlela phuthehong ya rona ya Senyesemane. Ka ha re ne re le mmoho, ho ile ha eba bonolo hore re thusane ho fola boemong bona. Ha morao Lauren o ile a nyalwa ke morabo rona ya bitswang Justin, eo le yena a ileng a re thusa haholo.

Ha Ho a ba Bonolo ho Fola

 Nakwana ka mora lefu la Davey ho na le ntho e nngwe eo re ileng ra e etsa. Le hoja ho ne ho se bonolo, e ile ya re thusa. Kaye o tla re bolella ka yona.

 “Ha monna wa ka a mpolella hore Davey o hlokahetse, ke ile ka qeta nako e telele ke utlwa ke lahlehile. Ke ne ke utlwile bohloko hoo ke sa kgoneng ho etsa letho ebile ke dula ke lla. Ho bua nnete ke ne ke utlwa ke kwatetse Jehova, ke kwatetse le hore batho ba bang ba a phela. Ke ne ke utlwa ke sa tsebe hantle hore na ke eme hokae.

 “E ne eka nka ya Dominican Republic moo Davey a neng a dula teng pele a hlokahala. Empa ke ne ke utlwa ke fokola, ke se na matla a ho nka leeto leo.

 “Motswalle wa ka e mong o ile a mpolella hore metswalle ya Davey e Dominican Republic le yona e utlwile bohloko haholo ebile e lakatsa ho kopana le lelapa la bo Davey. Tsela eo a ileng a ntshehetsa ka yona, e ile ya mpha matlanyana a hore ke ye moo.

 “Leeto leo, e ne e le yona ntho eo re neng re e hloka. Le ile la re thusa ho bona ka moo Davey a neng a rata Jehova ka teng. Phuthehong ya hae ho ne ho ena le moholo a le mong. Ha a bua ka Davey o re ka mehla o ne a dula a phetha dikabelo tsa hae.

 “Le batho bao re neng re kopana le bona seterateng seo Davey a neng a dula ho sona, ba ne ba re bolella ka moo a neng a ba thusa ka teng. Ke ne ke tseba hore Davey ke motho ya mosa, empa ho ya moo ho ile ha nthusa ho bona ka moo a neng a latela mehato ya Jesu haufiufi ka teng.

Davey ha a le Dominican Republic

 “Ntho e nngwe e ileng ya etsa hore ke be motlotlo le ho feta ke ha re kopana le ntate e mong eo Davey a neng a ithuta Bibele le yena. Ntate eo, o ne a futsanehile a dula ntlong e nyane. Bahweletsi ba phuthehong ya Davey ba re o ne a tshwere ntate eo hantle a bile a mo hlompha.

 “Le hoja ho ne ho le thata ho ya Dominican Republic, leeto leo le ile la re thusa ho lla le ho tshedisana le batho ba bang ba neng ba rata Davey. Re kgutlile moo dipelo di se di kokobetse.”

Re Matlafaditswe ke Mohlala wa Davey

 Tsoha! ya January 8 2005, e na le sehlooho se buang ka lefu la Davey le tshebeletso ya hae Dominican Republic. Ka nako eo, re ne re sa nahane hore na pale ya Davey e ka ama batho hakae. Empa re ile ra makala ha re thola molaetsa o tswang ho morabo rona Nick ka May 2019 o reng:

 “Ho elella mafelong a 2004, ke ne ke le kholejeng, ke se na dipakane tsa moya ebile ke sa thaba yaba ke rapela Jehova ke mo kopa hore a nthuse ke mo sebeletse ke sa le motjha. Nakwana ka mora moo, ke ile ka bala Tsoha! e nang le pale ya Davey. Ka nnete ena e ne e le karabelo ya thapelo ya ka!

 “Ke ile ka tlohela sekolo yaba ke ba pulamadiboho. Ka ipehela pakane ya ho ithuta Sepanishe le ho fallela naheng e nngwe. Ka mora nako, ke ile ka kgona ho ya Nicaragua ka ba ka ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso le mosadi wa ka. Ha batho ba mpotsa hore na ke eng e ntshusumeleditseng hore ke be pulamadiboho, ke ba phetela pale ya Davey.”

 Ntho e nngwe hape e ileng ya re makatsa ha re ne re le Kopanong ya Matjhaba ka 2019, Buenos Aires, Argentina, re ile ra fihlela hoteleng e le nngwe le moradi wa bo rona ya bitswang Abi, ya neng a re hopotsa Davey. O ne a le mosa a bile a rata batho.

Pale ya Davey e susumelleditse Abi hore e be pulamadiboho le hore a e tlhokahalong

 Ka letsatsi le leng ha re fihla hoteleng, re ile ra romella Abi sehlooho sa Tsoha! se buang ka Davey. Metsotso ha morao, o ile a re bolella hore o hloka ho kopana le rona hanghang yaba re yo kopana le yena. Ha re fihla o ile a re bolella a tletse dikgapha ka mahlong hore pale ya Davey ke yona e mo kgothaleditseng hore a qale ho ba pulamadiboho ka September 2011 le hore a ye tlhokahalong. O ile a re: “Ha ke ba le mathata tshebeletsong ya ka, ke bala sehlooho seo hape.” O ne a bile a ena le Tsoha! eo ho yena.

 Mehlala e kang ena e re bontsha hore re karolo ya lelapa la Jehova le lefatsheng lohle. Ha ho na ntho e ka bapiswang le bonngwe bo teng hara batho ba Jehova!

 Nna le Kaye re tshediseha haholo ha re bona ka moo mohlala wa Davey o kgothaditseng ba bang ka teng. Ha e le hantle batjha bohle ba ekeditseng tshebeletso ya bona ho Jehova ba a re kgothatsa kaofela. Ka dinako tse ding ho ka etsahala hore ebe ha ba tsebe hore ho na le batho ba ba shebeletseng bao e reng ha ba bona tjheseho ya bona ba kgothalang hoo ba itellang ho sebeletsa Jehova.

“Ho Yena Ba a Phela Kaofela”

 Ho Luka 20:​37, Jesu o pheta mantswe ao Jehova a ileng a a bua ha a re: “Ke Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo.” Jehova o ile a re e ntse e le Modimo wa bona le hoja ba sa phele. Jesu o re hlalosetsa lebaka leo a neng a tjho jwalo ka lona temaneng ya 38 ha a re: “Ho yena ba a phela kaofela.”

 Ka nnete Jehova o ikemiseditse ho tsosa bahlanka bohle ba hae ba tshepahalang ke ka hona a nkang eka ba a phela. (Jobo 14:​15; Johanne 5:​28, 29) Ke kgodisehile hore Jehova o ikutlwa ka tsela e tshwanang ka Davey le bahlanka ba hae ba bang ba hlokahetseng.

 Ke nnete hore ke batla ho bona Davey empa nka thaba le ho feta ha a ka boela a kopana le Kaye. Lengolo la Luka 7:​15 le re: “Mohlankana eo a tsoha, a dula mme a qala ho bua yaba Jesu o mo isa ho mme wa hae.” Lengolo lena le bohlokwa haholo ho nna hobane ke batla ho bona le phethahala ho Kaye ka ha ha ke eso bone ha motho a utlwile bohloko jwalo ka ha a ne a utlwile bohloko.

 Ka September 2005, ke ile ka etsa qeto ya ho ba pulamadiboho. Ke motlotlo haholo hore ebe nna, mosadi wa ka, bana ba rona ha mmoho le balekane ba bona re sebetsa mmoho re le bo pulamadiboho. Re a tshehetsana re le lelapa e le hore kaofela re dule re ena le tshepo ya ho phela lefatsheng le letjha moo re tla boela re kopane le Davey.