Sesotho (South Africa)
Nka Etsang Hore ke Utlwane le Titjhere ya ka?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/500600108/univ/art/500600108_univ_sqr_xl.jpg
ijwyp sehlooho 106

BATJHA BA A BOTSA

Nka Etsang Hore ke Utlwane le Titjhere ya ka?

Nka Etsang Hore ke Utlwane le Titjhere ya ka?

 Matitjhere a etsa diphoso

 Ho ka etsahala hore ngwana e mong le e mong sekolong, o na le titjhere e kgethollang, e batlang dintho tse ngata kapa e sa rateng batho.

  •   Luis ya dilemo di 21, o re: “Ke ne ke ena le titjhere e sa hlompheng bana ba sekolo ebile e rohakana. E ne e tseba hore e tlo ya pensheneng haufinyane, ka hoo e ke ke ya lelekwa.”

  •   Melanie ya dilemo di 25, o hopola hore titjhere ya hae e ne e mo tshwara hampe ho feta bana ba bang. E ile ya re e tshwara Melanie hampe hobane e se karolo ya bodumedi bo tlwaelehileng mme ya mo bolella hore o lokela ho tlwaela ho tshwarwa hampe.

 Haeba o bona eka titjhere e o tshwara hampe, o ka leka dintho tse latelang e le hore o natefelwe ke sekolo.

 Dintho tse ka o thusang

  •   Tseba matitjhere a hao. Dintho tseo matitjhere a di batlang ho bana ba sekolo ha di tshwane. Leka ho tseba hore na titjhere ya hao e batla hore o etseng mme o etse seo e se batlang.

     Molaomotheo wa Bibele: “Motho ya bohlale o a mamela mme o tswela pele ho ithuta.”​—Diproverbia 1:5.

     Christopher o re: “Ke ile ka ithuta hore na titjhere ya ka e batla hore ke etseng mme ke ile ka etsa sohle seo nka se kgonang ho etsa mosebetsi ka tsela eo e e batlang. Sena se ile sa etsa hore re utlwane.”

  •   Eba ya hlomphang. Leka ho bua le matitjhere a hao ka mosa mme o se ke wa a arabisa le haeba o nahana hore ho a hlokahala. Hopola hore o ngwana wa sekolo eseng thaka ya ona.

     Molaomotheo wa Bibele: “Mantswe ao le a buang e ke e be a mosa ka mehla, a nokilweng ka letswai e le hore le tsebe ka moo le lokelang ho araba motho e mong le e mong ka teng.”​—Bakolose 4:6.

     Ciara o re: “Ha se ka mehla bana ba sekolo ba hlomphang matitjhere. Ka hoo, ha o leka ka matla ho a hlompha le ona a tla o hlompha.”

  •   Eba motho ya utlwisisang. Matitjhere le ona ke batho. A na le dintho tse a imelang jwalo ka motho e mong le e mong. Ka hoo, o se ke wa tatela ho nahana hore titjhere ya hao ke motho ya mobe kapa o o hloile.

     Molaomotheo wa Bibele: “Kaofela ha rona re etsa diphoso.”​—Jakobo 3:2.

     Alexis o re: “Mosebetsi wa matitjhere o boima. O se o ka inahanela feela hore na ho jwang ho kgalemela bana, ha ka nako e tshwanang o lokela ho ba ruta. Ke ne ke utlwa eka nka ba fokoletsa mosebetsi ka hore ke itshware hantle.”

  •    Bua le batswadi ba hao. Batswadi ba hao ba ka o tshehetsa haholo mme ba o thusa hore o atlehe sekolong. Hape ba ka o thusa hore na o etseng ho mamella titjhere e sa o tshwareng hantle.

     Molaomotheo wa Bibele: “Merero e a senyeha moo ho sa buisanweng.”​—Diproverbia 15:22.

     Olivia o re: “Batswadi ba na le phihlelo ya ho sebetsana le mathata ho o feta. Ka hoo, ho mamela keletso ya bona ho ka o thusa hore o atlehe.”

 O ka bua le titjhere ya hao jwang?

 Maemong a mang, ho ka hlokahala hore o bue le titjhere ya hao ka bothata boo o nang le bona ka yena. Haeba o tshaba ho bua le yena le shebane mahlong, hopola hore ha le tlo ngangisana empa le tlo buisana. Ho ka etsahala hore puisano ya lona e tsamaye hantle e be e le tswele molemo.

 Molaomotheo wa Bibele: ‘A re etseng sohle seo re ka se kgonang e le hore re be le kgotso.’​—Baroma 14:19.

 Juliana o re: “Haeba ho bonahala eka titjhere e tshwara wena feela hampe, o ka e botsa hore na ho na le ntho eo o e entseng e e utlwisitseng bohloko. Karabo ya hae e ka o thusa hore o bone hore na ke hokae moo o ka ntlafatsang teng.”

 Benjamin o re: “E ka ba hantle hore o hlalosetse titjhere ya hao moo le leng bang hore na o ikutlwa jwang, o kgobile matshwafo. Mohlomong e ka utlwisisa le ho hlompha tsela eo o buileng le yena ka yona.”

 SE ETSAHETSENG

 Maria o re: “Ke ne ke feila sekolong mme titjhere ya ka e ne e sa nthuse, ebile ke ne ke batla ho tlohella sekolo hobane e ne e ntshulafalletsa bophelo.

 Ke ile ka ya ho titjhere e nngwe ho kopa keletso. E ile ya re ho nna: ‘Titjhere ya hao ha e o tsebe mme le wena ha o e tsebe. O lokela ho e bolella hore o na le bothata. Mohlomong o ka thusa le bana ba bang ba tshabang ho bua le yona.’

 Ke ne ke sa batle ho bua le yena empa ke ile ka nahana ka keletso eo titjhere ela e mphileng yona. E ne e nepile. Haeba ke batla hore dintho di fetohe, ke ne ke lokela ho nka bohato.

 Ka letsatsi le hlahlamang, ke ile ka bua le titjhere ya ka mme ka tlhompho ka e bolella hore ke nka tlelase ya hae e le ya bohlokwa ebile ke batla ho rua molemo ho yona. Empa ho na le dintho tseo ke sa di utlwisiseng ka tlelaseng mme ke ne ke sa tsebe hore na ke etseng. E ile ya mpolella hore na nka etsang, ya ba ya ithaopela hore e tla nthusa ka mora tlelase kapa ka e-mail.

 Ke ne ke hlolletswe hore puisano eo e entse hore re utlwane le titjhere ya ka mme bophelo ba ka sekolong bo ile ba eba monate.”

 Keletso: Haeba o bona eka titjhere ya hao ha e o tshware hantle, nka seo e le kwetliso ya ha batho ba sa o tshware hantle ha o se o hodile. Katie ya dilemo di 22, o re: “O ka nna wa kopana le batho ba nang le maemo a itseng ba sa o tshwareng hantle ka mora hore o qete sekolo. Haeba o ka kgona ho mamella titjhere e sa o tshwareng hantle, o ka nna wa kgona ho mamella batho ba sa o tshwareng hantle ka moso.”