BATJHA BA A BOTSA
Ke Lokela ho Etsang ka Mora ho Kolobetswa—Karolo 2: Dula o Tshepahala
Bibele e re: “Jehova a ke ke a hanela ba se nang molato ka ntho le ha e le efe e ntle.” (Pesaleme ya 84:11) Ho ‘hloka molato’ ho bolelang? Ho bolela ho phetha boitlamo boo re bo etseditseng Jehova ha re ne re inehela ho yena. (Moeklesia 5:4, 5) Ke jwang o ka tswelang pele o tshepahala ka mora hore o kolobetswe?
Sehloohong sena
Tswela pele o mamella mathata
Lengolo la sehlooho: “Re tla hlahelwa ke mathata a mangata pele re kena Mmusong wa Modimo.”—Diketso 14:22.
Se bolelwang ke sena: Ho bua nnete, Bakreste kaofela ba tla hlahelwa ke mathata. A mang a mathata ao o tla kopana le wona a akareletsang ho songwa le ho hanyetswa le mathata a ka ba teng hobane o le Mokreste. Mathata a mang jwalo ka a ho hloka tjhelete le ho kula, a ama motho e mong le e mong.
Seo o ka se lebellang: Maemo a hao a bophelo a ka nna a fetoha mme ka dinako tse ding ya e ba ka tsela eo o sa e rateng. Bibele e re dintho tsena tse bohloko di etsahalla batho bohle, Bakreste le bao e seng Bakreste.—Moeklesia 9:11.
Seo o ka se etsang: Ka ha o a tseba hore o tla kopana le mathata, itokise hona jwale. Ha mathata a hlaha, matlafatsa tumelo ya hao mme o itshetlehe ka Jehova. (Jakobo 1:2, 3) Ha nako e ntse e ya, o tla ikutlwa jwalo ka moapostola Pauluse ha a ne a re: “Ke na le matla a ho etsa dintho tsohle ka lebaka la ya mphang matla.”—Bafilipi 4:13.
PALE YA SEBELE. Karen o re: “Nakwana ka mora hore ke kolobetswe, bo abuti ba ka ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Batswadi ba ka ba ile ba kula yaba le nna ke a kula. Ho ne ho ka ba bonolo hore ke nyahame le ho lebala hore ke inehetse ho Jehova, ka ba ka mo tshepisa hore borapedi ba hae bo tla tla pele bophelong ba ka. Empa ha e le hantle ho inehela ho Jehova ke yona ntho e ileng ya nthusa hore ke sebetsane le mathata a ka.”
Keletso: Ithute ka Josefa. O ka bala ka bophelo ba hae lengolong la Genese kgaolo ya 37 le kgaolo ya 39 ho ya ho 41. Ipotse: O ile a hlahelwa ke mathata afe ao a neng a sa a lebella, hona o ile a sebetsana le ona jwang? Jehova o ile a mo thusa jwang?
Na o hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
“How Can I Deal With Tragedy?”
Downlouda:
Hanela diteko
Lengolo la sehlooho: “E mong le e mong o lekwa ke ho hohelwa ke ditakatso tsa hae.”—Jakobo 1:14.
Se bolelwang ke sena: Ka dinako tse ding, kaofela ha rona re lekwa ke ditakatso tsa rona mme haeba re sa di laole re ka qetella re entse dintho tse fosahetseng.
Seo o ka se lebellang: Ka mora hore o kolobetswe, o tla nne o lekwe ke “ditakatso tse fosahetseng.” (2 Petrose 2:18) O ka boela wa lekeha hore o etse thobalano pele ho lenyalo.
Seo o ka se etsang: Etsa qeto hona jwale pele o ka lekeha ho etsa se fosahetseng, e le hore ditakatso tsa hao di se ke tsa o susumelletsa ho etsa diqeto tse fosahetseng. Hopola hore Jesu o ile a re: “Ha ho na motho ya ka sebeletsang benghadi ba babedi.” (Matheu 6:24) Ka hoo, ikgethele hona jwale hore na o tla sebeletsa ofe. Sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na takatso e fosahetseng e matla ha kae, o ntse o ka kgona ho e hlola.—Bagalata 5:16.
Keletso: Tseba matla le mefokolo ya hao. Kgetha metswalle e tla o thusa hore o etse dintho tse molemo. Qoba batho, dibaka le maemo a ka o thatafalletsang hore o etse dintho tse nepahetseng.—Pesaleme ya 26:4, 5.
Na o hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
“Nka Etsang e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?”
“Ka moo o ka Hanelang Kgatello ya Dithaka”
“Na o Nahana ka Tsela e Tshwanang le eo Jehova a Nahanang ka Yona?”
Tswela pele o matlafatsa tjheseho ya hao
Lengolo la sehlooho: ‘Sebetsang ka thata . . . ho fihlela qetellong. Le se ke la ba botswa.’—Baheberu 6:11, 12.
Se bolelwang ke sena: Motho ya sa tsepamiseng kelello mosebetsing wa hae a ka etsa dintho ka monyebe mme a qetella a le botswa ho sebetsa.
Seo o ka se lebellang: E tlameha ebe o ne o thabile ebile o na le tjheseho ha o qeta ho kolobetswa. O ne o rata Jehova ka pelo yohle. Empa ha nako e ntse e ya, ho ka nna ha e ba thata hore o tswele pele ho mamela Jehova dinthong tsohle mme seo se ka o nyahamisa sa ba sa fokotsa tjheseho eo o neng o e na le yona.—Bagalata 5:7.
Seo o ka se etsang: Tswela pele ho etsa dintho tse nepahetseng le hoja ka dinako tse ding o sa thahaselle ho etsa seo. (1 Bakorinthe 9:27) Ha ka nako e tshwanang o ka tswela pele ho atamela ho Jehova, ka ho mo tseba haholwanyane le ka ho mo rapela kgafetsa. Hape tswela pele ho haha setswalle le batho ba ratang ho sebeletsa Jehova.
Keletso: Hopola hore Jehova o o rata haholo mme o ikemiseditse ho o thusa. O se ke wa nahana hore Jehova o o kwatetse haeba o se o sa tjhesehe ka nakwana. Bibele e re: “O fana ka matla ho ya kgathetseng, ba se nang matla o ba tsosa molota.” (Esaia 40:29) Ha nako e ntse e ya, o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho batla ho tjheseha hape.
Na o hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
Shebella:
Seo Batjha ba Bang ba se Buang—Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ya ho Phela
Seo e leng nnete: Haeba o tshepahala, o tla thabisa Jehova! (Diproverbia 27:11) O tla thaba hore ebe o kgethile ho ba ka lehlakoreng la hae mme o tla o fa ntho e nngwe le e nngwe eo o e hlokang e le hore o hlole diteko tsa Satane.

