BIBELE E FETOLA BATHO
Ke Fumane Maruo a Nnete
Ke Hlahile Ka: 1968
Naha ya heso: Amerika
Pele: Ke ne ke le mookamedi wa kgwebo ke rapella ho rua
BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG
Ke hodisitswe ke le Mokhatholike Rochester, New York. Batswadi ba ka ba ile ba arohana ha ke le dilemo di robedi. Hara beke ke ne ke dula le mme wa ka sebakeng seo ho dulang mafutsana, ebe mafelo beke ke dula le ntate wa ka moo ho dulang barui. Ha ke ne ke bona ka moo mme wa ka a neng a sotlehile ka teng ha a hodisa bana ba tsheletseng ke ne ke batla ho ba morui e le hore nka thusa lelapa leso.
Ntate wa ka o ne a batla hore ke atlehe bophelong, ka hoo o ile a lokisetsa hore ke tjhakele sekolo se hlomphehang se kwetlisetsang batho ho okamela dihotele. Ke ile ka se rata haholo mme ka ingodisa ka ha ke ne ke dumela hore Modimo o araba thapelo ya ka ya hore ke be morui le hore ke thabe. Ke ile ka ithuta ho okamela dihotele, molao wa kgwebo le ho sebetsana le ditjhelete tsa kgwebo ka dilemo tse hlano ha ka nako e tshwanang ke ne ke sebetsa hoteleng ya casino Las Vegas, Nevada.
Mosebetsi wa ka o ne o akareletsa ho hlokomela barui ba tlo betjha
Ha ke le dilemo di 22 ke ne ke le mothusi wa motlatsi wa mopresidente wa hotele ya casino. Ke ne ke nkwa ke le morui ebile ke atlehile. Hangata ke ne ke ja dijo tse turang, ke nwa mefuta ya veine le jwala bo turang ka ho fetisisa. Metswalle ya ka ya kgwebo e ne e dula e re, “hopola hore tjhelete ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong.” Ba ne ba nka tjhelete e le yona ntho e etsang hore motho a thabe e le ka nnete.
Mosebetsi wa ka o ne o akareletsa ho hlokomela barui ba tlileng papading ya ho betjha Las Vegas. Le hoja ba ne ba ruile haholo, ba ne ba shebahala ba sa thaba. Le nna ke ile ka qala ho ikutlwa ke sa thaba. Ha ke ntse ke rua ho ya pele, ke ne ke dula ke tshwenyehile ebile ke sa robale hantle. Ke ne ke ipotsa hore na ho sa na le thuso ya ho phela. Ke ne ke sa thabele bophelo ba ka ho hang, ka hoo ke ile ka botsa Modimo ka re, “Nka fumana thabo ya sebele hokae?”
KA MOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KA TENG
Ka nako eo, dikgaitsedi tsa ka tse pedi tseo e neng e se e le Dipaki Tsa Jehova di ile tsa fallela Las Vegas. Le hoja ke ne ke hana ho nka dingolwa tsa bona, ke ile ka dumela ho bala Bibele ya ka le bona. Phetolelong ya Bibele eo ke neng ke e sebedisa, mantswe a buuweng ke Jesu a ne a ngotswe ka mongolo o mofubedu. Ka ha ke ne ke dumela ntho e nngwe le e nngwe eo Jesu a e buileng, dikgaitsedi tsa ka di ile tsa bua haholo ka dithuto tsa Jesu. Ke ne ke bala Bibele le ha ke le mong.
Ke ne ke makatswa ke dintho tse ngata tseo ke neng ke di bala. Ka mohlala, Jesu o itse: “Ha le rapela, le se ke la bebera jwalo ka bahetene, ba nahanang hore ba tla utluwa ka lebaka la mantswe a bona a mangata.” (Matheu 6:7, The New American Bible ka Senyesemane) Le ha ho le jwalo, moruti o ne a mphile setshwantsho sa Jesu a bile a itse haeba ke rapela setshwantsho seo mme ke phetapheta thapelo ya Ntata Rona ya Mahodimong le ya Ahe Maria ka makgetlo a leshome, Modimo o ne a tla mpha tjhelete yohle eo ke e batlang. Ke ile ka hlokomela hore ha ke phetapheta dithapelo tseo, ke ne ke bebera mantswe feela a sa reng letho ho nna. Hape ke ile ka bala mantswe a Jesu a reng: “U se ke wa bitsa mang kapa mang ya lefatsheng ntate wa hao, u na le Ntate a le mong lehodimong.” (Matheu 23:9, NAB ka Senyesemane) Ka hoo, ke ile ka ipotsa ka re, ‘Ke hobaneng ha nna le Makhatholike a heso re bitsa baruti ba rona “Ntate”?’
Ka mora hore ke bale lengolo la Jakobo, ke ile ka qala ho nahana ka ho teba ka tsela eo ke neng ke phela ka yona. Kgaolong ya 4 Jakobo o re: “Na ha o tsebe hore ho rata lefatshe ho bolela bora ho Modimo? Ka hona, mang kapa mang ya batlang ho rata lefatshe o iketsa sera sa Modimo.” (Jakobo 4:4, NAB ka Senyesemane) Ke ile ka hlollwa haholo ke temana ya 17 e reng: “Haeba motho a tseba ntho e nepahetseng e lokelang ho etswa empa a sa e etse, ke sebe.” Ke ile ka bitsa dikgaitsedi tsa ka yaba ke di bolella hore ke tlohela mosebetsi wa casino le wa hoteleng hobane o ne o etsa hore ke kenelle dinthong tseo ke neng ke se ke nka di sa amohelehe tse kang ho betjha le meharo.
“Ka mora hore ke bale lengolo la Jakobo ke ile ka qala ho nahana ka ho teba ka hore na ke batla ho etsang ka bophelo ba ka”
Ke ne ke batla ho lokisa setswalle sa ka le Modimo, le batswadi ba ka le bana beso. Ka hoo, ke ile ka etsa qeto ya ho phela bophelo bo itekanetseng e le hore ke tle ke be le nako eo ke e hlokang hore ke etse seo. Le ha ho jwalo, ho ne ho se bonolo ho etsa diphetoho. Ka mohlala, ke ile ka fumana menyetla e hlamatsehang ya ho sebetsa dihoteleng tse nang le di casino ke na le maemo a fetang a pele ebile moputso wa ka o imenne habedi kapa hararo. Ka mora hore ke rapelle taba ena, ke ile ka etsa qeto ya hore ha ke sa batla bophelo bona. Ke ile ka tlohela mosebetsi wa ka yaba ke dula ka karatjheng ya mme wa ka mme ka qala kgwebo e nyenyane ya ho kwahela di menu tsa di restjhorente ka polasetiki (laminate).
Le hoja Bibele e ne e nthusitse hore ke etse diqeto tsa bohlokwa, ke ne sa ye dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova. Dikgaitsedi tsa ka di ile tsa mpotsa hore na ho na le ntho eo ke sa e rateng ka Dipaki. Ke ile ka araba ka ho re: “Ke hobane Modimo wa lona Jehova, o arola malapa. Nako feela eo nka e qetang ke e na le lelapa leso ke ka keresemese le ka matsatsi a tswalo mme ha le keteke matsatsi ao.” Kgaitsedi ya ka e nngwe e ile ya qala ho lla yaba e re: “Matsatsi a mang a selemo o a qeta o le hokae? Re batla ho ba le wena neng kapa neng. Le ha ho le jwalo, o batla ho tla feela ka matsatsi a phomolo le teng hobane feela o utlwa o tlamehile.” Mantswe a hae a ile a nkama pelo habohloko yaba ke lla le yena.
Eitse ha ke hlokomela hore Dipaki Tsa Jehova di rata ba malapa a bo tsona, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke fositse yaba ke etsa qeto ya ho ya dibokeng Holong ya Mmuso. Ke moo ke ileng ka kopana le ntate Kevin ya nang le boiphihlelo ba ho ruta Bibele yaba o qala ho ithuta Bibele le nna.
Ntate Kevin le mofumahadi wa hae ba ne ba phela bophelo bo itekanetseng e le hore ba be le nako e ngata ka moo ho ka kgonehang ya hore ba thuse batho ho utlwisisa Bibele. Ba ne ba etsa tjhelete e lekaneng ho kwahela ditshenyehelo tse eketsehileng tsa ho ya Afrika le Amerika Bohareng moo ba neng ba thusa ho haha mehaho ya makala a Dipaki. Ba ne ba thabile haholo ebile ba ratana. Ke ile ka re, ‘Bona ke bona bophelo boo ke bo batlang.’
Ntate Kevin o ile a ntjhebellisa video e bontshang ka moo ba thabileng ka teng tshebeletsong ya bona ya boromuwa mme ke ile ka etsa qeto ya hore le nna ke sona seo ke se batlang. Ka mora hore ke qete dikgwedi tse tsheletseng ke ithuta Bibele ka matla, ke ile ka kolobetswa ka 1995 mme ka ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Ho e na le hore ke rapelle ho rua, ke ile ka qala ho rapela Modimo tumellanong le mantswe ana: “O se ke wa mpha bofutsana kapa maruo.”—Diproverbia 30:8.
MELEMO EO KE E FUMANENG
Hona jwale ke morui wa nnete, ha ke morui wa tjhelete empa ke morui hobane ke motswalle wa Modimo ebile ke thabile e le ka nnete. Ke ile ka kopana le mofumahadi wa ka eo ke mo ratang haholo Nuria ha ke le Honduras mme re ile ra sebetsa ha mmoho re le baromuwa Panama le Mexico. Ruri ha ho na nnete e fetang e mantsweng ana: “Tlhohonolofatso ya Jehova e a ruisa, mme ha e phaelle ka bohloko”!—Diproverbia 10:22.

