“Moo moya wa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.”2 BAKOR. 3:17.

DIPINA: 6265

1, 2. (a) Batho ba na le maikutlo afe a fapaneng ka bolokolohi ba ho ikgethela? (b) Bibele e re ruta eng ka bolokolohi ba ho ikgethela, hona re tla tshohla dipotso dife?

HA MOSADI e mong a ne a lokela ho etsa qeto, o ile a re ho motswalle wa hae: “Mpolelle feela hore na ke etse eng, o se ke wa mpotsa dipotso.” Mosadi eo o ne a thabela ho etsetswa diqeto, ho e na le ho sebedisa mpho eo Mmopi a re fileng yona, e leng bolokolohi ba ho ikgethela. Wena o ikutlwa jwang? Na o rata ho iketsetsa diqeto, kapa o thabela ha ba bang ba o etsetsa tsona? O ikutlwa jwang ka bolokolohi ba ho ikgethela?

2 Batho ba ile ba ba le maikutlo a fapaneng tabeng ena ka dilemo tse ngata. Ba bang ba re ha re na bolokolohi ba ho ikgethela, hobane Modimo o rerile esale pele hore na re tla etsa eng bophelong. Athe ba bang ba re bolokolohi ha bo a lokela ho behelwa meedi. Empa, e le hore re utlwisise taba ena hantle, re lokela ho sheba ka Lentsweng la Modimo, e leng Bibele. Hobaneng? Hobane ke yona e rutang hore Jehova o re bopile re e na le bolokolohi ba ho ikgethela, e leng bokgoni ba ho etsa diqeto tse bohlale. (Bala Joshua 24:15.) Ka Bibeleng, re boetse re fumana dikarabo tsa dipotso tse kang: Re lokela ho sebedisa bolokolohi ba ho ikgethela jwang? Na bolokohi boo bo na le meedi? Diqeto tseo re di etsang di ka bontsha jwang hore re hlile re rata Jehova? Re ka bontsha jwang hore re hlompha diqeto tsa ba bang?

 RE KA ITHUTA ENG HO JEHOVA LE JESU?

3. Ke jwang Jehova a re behelang mohlala o motle ha a sebedisa bolokolohi?

3 Jehova ke yena feela ya nang le bolokolohi bo felletseng, empa re ka ithuta ho hongata tseleng eo a bo sebedisang ka yona. Ka mohlala, o ile a kgetha setjhaba sa Iseraele hore e be batho ba hae, ‘thepa ya hae e kgethehileng.’ (Deut. 7:6-8) O ne a e na le lebaka la ho etsa kgetho eo. Jehova o ne a batla ho boloka tshepiso eo a ileng a e etsa ho motswalle wa hae Abrahama. (Gen. 22:15-18) Ho feta moo, kamehla Jehova o sebedisa bolokolohi ba hae ka tsela e bontshang lerato le toka. Re bona sena tseleng eo a neng a kgalemela Baiseraele ka yona ha ba ne ba furalla borapedi ba nnete. Ha ba ikwahlaela diphoso tsa bona, Jehova o ne a ba bontsha mohau. O ile a re: “Ke tla fodisa ho se tshepahale ha bona. Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka.” (Hos. 14:4) Ke mohlala o babatsehang hakaakang wa ho sebedisa bolokolohi ba ho ikgethela molemong wa ba bang!

4, 5. (a) Ke mang wa pele eo Modimo a ileng a mo fa bolokolohi ba ho ikgethela, hona o ile a bo sebedisa jwang? (b) Ke potso efe eo re lokelang ho ipotsa yona?

4 Ka lerato, Jehova o ile a kgetha ho bopa mangeloi le batho ba e na le bolokolohi ba ho ikgethela. Mora wa Modimo wa letsibolo, eo e leng “setshwantsho sa Modimo ya sa bonahaleng,” ke yena wa pele ya ileng a fuwa bolokolohi bona. (Bakol. 1:15) Le pele Jesu a tla lefatsheng, o ile a kgetha ho tshepahala ho Ntate wa hae, ho e na le ho tshehetsa bofetohedi ba Satane. Hamorao ha a le lefatsheng, o ile a sebedisa bolokolohi ba ho ikgethela ho hanela diteko tsa Diabolose. (Mat. 4:10) Bosiung ba pele a bolawa, Jesu o ile a rapela ka tiyo, a bontsha hore o ikemiseditse ho etsa thato ya Modimo. O ile a re: “Ntate, haeba o lakatsa, tlosa senwelo sena ho nna. Leha ho le jwalo, ho ke ho etsahale thato ya hao, eseng ya ka.” (Luka 22:42) E se eka re ka etsisa Jesu ka ho sebedisa bolokolohi ba rona ba ho ikgethela ho tlotlisa Jehova le ho etsa thato ya hae! Na re ka kgona ho etsa seo?

5 E, re ka kgona ho etsisa mohlala wa Jesu, hobane le rona re entswe ka setshwantsho sa Modimo. (Gen. 1:26) Leha ho le jwalo, re behetswe meedi. Ha re na bolokolohi bo lekanang le ba Jehova. Bibele e re Jehova o re behetse meedi e loketseng, mme re lokela ho e hlompha. Ka mohlala, basadi ba lokela ho ipeha tlasa banna ba bona, le bana ba hlomphe batswadi. (Baef. 5:22; 6:1) Kaha re behetswe meedi, re lokela ho sebedisa bolokolohi ba rona ba ho ikgethela jwang? Karabo ya potso ena e tla bontsha hore na re letetswe ke bokamoso bofe.

O SEBEDISA BOLOKOLOHI BA HAO BA HO IKGETHELA JWANG?

6. Fana ka mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha re hloka ho behelwa meedi.

6 Na re ka re bolokolohi ba rona ke ba sebele empa re behetswe meedi? E, ho jwalo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Meedi eo re e behetsweng e ka re sireletsa. Ka mohlala, re ka nna ra etsa qeto ya ho etela sebakeng se seng ka koloi. Empa na o ne o tla ikutlwa o sireletsehile haeba ho ne ho sa behwa melao ya tsela, motho e mong le e mong a kganna ka lebelo leo a le batlang, ebile a kganna ka lehlakoreng la tsela le ratwang ke yena? Le letho! Ho hlokahala meedi e le hore kaofela re thabele bolokolohi ba sebele. E le hore re utlwisise ka ho eketsehileng hore na ke hobaneng ha e le habohlokwa ho hlompha meedi eo Jehova a e behileng, a re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae e ka Bibeleng.

7. (a) Adama o ne a fapane le diphoofolo jwang? (b) Hlalosa tsela eo Adama a ileng a sebedisa bolokolohi ba hae hantle kateng.

7 Ha Modimo a bopa motho wa pele e leng Adama, le yena  o ile a mo fa bolokolohi ba ho ikgethela feela jwalokaha a ile a fa mangeloi. Sena se ile sa etsa hore Adama a fapane le diphoofolo, kaha tsona di tataiswa ke melao ya tlhaho. Hlokomela kamoo Adama a ileng a sebedisa bolokolohi ba hae ba ho ikgethela ka tsela e nepahetseng kateng. Modimo o bopile diphoofolo pele a bopa motho. Empa Jehova o ile a fa motho wa pele tlotla ya hore a di rehe mabitso. Ka mora hore Adama a di shebe le ho di reha mabitso a di loketseng, Jehova ha aa ka a kenella yaba o fetola mabitso ao. Ho e na le hoo, ‘eng kapa eng eo motho a neng a e reha phoofolo, e ne e eba lebitso la yona.’Gen. 2:19.

8. Ke jwang Adama a ileng a sebedisa hampe bolokolohi ba hae ba ho ikgethela, hona seo se ile sa e ba le diphello dife?

8 Ka maswabi, Adama ha aa ka a kgotsofalla mosebetsi oo Modimo a neng a mo file wona, wa hore a leme le ho hlokomela lefatshe la paradeise. O ne a boetse a sa kgotsofalla bolokolohi boo Modimo a neng a mo file bona ha a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse, mme le laole ditlhapi  . . . le dibopuwa tse fofang . . . . le sebopuwa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatsheng.” (Gen. 1:28) Ho e na le hoo, o ile a kgetha ho tlola meedi eo Modimo a mo behetseng yona, ka hore a je tholwana e hanetsweng. Ho sebedisa bolokolohi ba ho ikgethela ka tsela ena e mpe, ho ile ha fella ka bohloko le mahlomola ho Adama le bana ba hae. (Bar. 5:12) Diphello tse bohloko tseo Adama a ileng a di fumana, di lokela ho re susumelletsa ho hlompha meedi ya Jehova ha re etsa diqeto.

9. Jehova o ile a fa Baiseraele kgetho efe, hona ba ile ba arabela jwang?

9 Ka lebaka la ho se mamele ha Adama le Eva, bana bohle ba bona ba ile ba futsa sebe le lefu. Empa ba ile ba tswela pele ba e na le bolokolohi ba ho ikgethela. Sena se bonahala tseleng eo Modimo a ileng a sebedisana le Baiseraele ka yona. Jehova o ile a ba fa bolokolohi ba hore ba kgethe hore na e tla ba setjhaba sa hae se kgethehileng kapa tjhe. (Ex. 19:3-6) Ba ile ba arabela jwang? Ba ile ba kgetha ho mamela melao eo Modimo a ba fileng yona, yaba ba bua ka tumellano ba re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiseditse ho se etsa.” (Ex. 19:8) Ka maswabi, ha nako e ntse e ya, ba ile ba sebedisa bolokolohi ba bona hampe, yaba ba tlola molao wa Modimo. A re ithuteng mohlaleng ona, mme kamehla re sebedise bolokolohi ba ho ikgethela hantle, ka hore re itshetlehe ka Jehova le ho mamela melao ya hae.1 Bakor. 10:11.

10. Ke mehlala efe e bontshang hore re ka sebedisa bolokolohi ba rona ka tsela e kgahlisang Modimo? (Sheba setshwantsho se qalong.)

10 Baheberu kgaolo ya 11 e thathamisa mabitso a bahlanka ba Modimo ba 16 ba ileng ba kgetha ho sebedisa bolokolohi ba bona ka tsela e mo kgahlisang. Ka lebaka leo, ba fumana ditlhohonolofatso le tshepo ya bophelo bo sa feleng. Ka mohlala, Noe o ile a bontsha tumelo ka hore a kgethe ho mamela Modimo mme a hahe areka e ileng ya pholosa yena le lelapa la hae, hammoho le moloko o tlang. (Baheb. 11:7) Abrahama le Sara ba ile ba ithaopela ho mamela Modimo mme ba ya naheng ya tshepiso. Le hoja ba ile ba tsamaya, ba ne ba ntse ba e na le ‘monyetla wa ho kgutlela’ naheng ya Ure. Empa ba ile ba beha tumelo ya bona ditshepisong tsa Modimo. Bibele e re ba ile ba “hahamalla sebaka se molemo.” (Baheb. 11:8, 13, 15, 16) Moshe o ile a siya maruo a Egepeta, “a kgetha ho tshwarwa hampe hammoho le setjhaba sa Modimo ho e na le hore a thabele sebe ka nakwana.” (Baheb. 11:24-26) E se eka re ka etsisa tumelo ya bahlanka bana ba nakong  e fetileng, ka hore re sebedise bolokolohi ba ho ikgethela ka tsela e nepahetseng mme re etse thato ya Modimo.

11. (a) Ke tlhohonolofatso efe e tliswang ke bolokolohi ba ho ikgethela? (b) Ke eng e o susumetsang hore o sebedise bolokolohi ba hao ka tsela e nepahetseng?

11 Le hoja ho ka bonahala eka ho betere ha ba bang ba re etsetsa diqeto, seo se tla re tima tlhohonolofatso e tliswang ke ho sebedisa mpho ya ho ikgethela. Tlhohonolofatso ena e hlaloswa hantle ho Deuteronoma 30:19, 20. (E bale.) Temana ya 19 e hlalosa kgetho eo Modimo a ileng a e fa Baiseraele. Temana ya 20 e re Jehova o ile a ba fa monyetla wa hore ba bontshe hore na ba mo rata hakae. Le rona re ka kgetha ho sebeletsa Jehova. Ha ho ntho ya bohlokwa eo re ka e etsang ho feta ho sebedisa bolokolohi ba rona ba ho ikgethela hore re rate Modimo le ho mo tlotlisa!

QOBA HO SEBEDISA BOLOKOLOHI BA HAO HAMPE

12. Ke eng seo re sa lokelang ho se etsa ka mpho eo re e filweng ya ho ikgethela?

12 Nka hore o file motswalle wa hao mpho ya bohlokwa. O ne o tla utlwa bohloko hakaakang ha o utlwa hore o e lahlile, kapa o e sebedisitse ho ntsha motho e mong kotsi! Jwale nahana hore na Jehova o ikutlwa jwang ha a bona batho ba bangata ba sebedisa bolokolohi ba bona hampe, mohlomong ba bile ba lematsa batho ba bang. Ho jwalokaha Bibele e ile ya bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela,” batho e ne e tla ba “ba se nang teboho.” (2 Tim. 3:1, 2) Le ka mohla a re se keng ra sebedisa mpho ena ya bohlokwa e tswang ho Jehova hampe, kapa ra e nka habobebe. Empa re ka etsang hore re qobe ho sebedisa bolokolohi ba ho ikgethela hampe?

13. Re ka qoba jwang ho sebedisa bolokolohi ba rona hampe?

13 Kaofela re na le bolokolohi ba ho ikgethela metswalle, tsela eo re aparang le ho itokisa ka yona hammoho le boithabiso. Leha ho le jwalo, haeba re le makgoba a ditakatso tsa nama kapa re etsisa mekgwa e mebe ya lefatshe, re tla be re sebedisa bolokolohi ba rona hore e be “lesira le patang bobe.” (Bala 1 Petrose 2:16.) Ho e na le hore re sebedise bolokolohi ba rona e le monyetla wa ho phehella ditakatso tse mpe, re batla ho ikemisetsa ho etsa diqeto tse tla re thusa ho mamela keletso ena e reng: “Le etse dintho tsohle bakeng sa  thoriso ya Modimo.”Bagal. 5:13; 1 Bakor. 10:31.

14. Ke hobaneng ha re lokela ho tshepa Jehova ha re sebedisa bolokolohi ba rona ba ho ikgethela?

14 Ntho e tla re thusa ho sebedisa bolokolohi ba rona hantle, ke hore re tshepe Jehova, re mo dumelle hore a re tataise mme re hlomphe meedi eo a re behetseng yona. Ke yena ‘ya re rutang hore re itswele molemo, ya etsang hore re tsamaye tseleng eo re lokelang ho tsamaya ka yona.’ (Esa. 48:17) Re lokela ho dumela hore seo Lentswe la Modimo le se buang ke nnete ha le re: “Tsela ya motho wa lefatshe ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ya tsamayang hore a tsamaise mehato ya hae.” (Jer. 10:23) Le ka mohla a re se keng ra itshetleha ka kutlwisiso ya rona, jwalokaha Adama a ile a etsa, hammoho le Baiseraele ba marabele. Ho e na le hoo, e se eka re ka ‘tshepa Jehova ka dipelo tsa rona tsohle.’Liprov. 3:5.

RE LOKELA HO HLOMPHA DIQETO TSA BA BANG

15. Re ithutang molao motheong o fumanwang ho Bagalata 6:5?

15 Moedi o mong oo re o behetsweng, ke hore re hlomphe tokelo eo ba bang ba nang le yona ya ho iketsetsa diqeto. Hobaneng? Kaha kaofela re na le bolokolohi ba ho ikgethela, re ke ke ra lebella hore Bakreste ba babedi ba etse qeto e tshwanang. Sena se ka etsahala esita le ditabeng tse amang boitshwaro ba rona le borapedi. Hopola molaomotheo o fumanwang ho Bagalata 6:5. (E bale.) Ha re hopola hore Mokreste “e mong le e mong o tla jara mojaro wa hae,” re tla hlompha tokelo eo ba bang ba nang le yona ya ho iketsetsa diqeto.

Ha re etsa qeto ha re a lokela ho lebella hore ba bang ba etse qeto e tshwanang (Sheba serapa sa 15)

16, 17. (a) Ho ile ha ba le ho se dumellane hofe phuthehong ya Korinthe? (b) Pauluse o ile a rarolla bothata boo jwang, hona see se re rutang tabeng ya ho hlompha liqeto tsa ba bang?

16 Nahana ka mohlala o hlahang ka Bibeleng o bontshang hore na ke hobaneng ha re lokela ho hlompha diqeto tsa ba bang ha ho tluwa ditabeng tse amang letswalo. Bakreste ba Korinthe ba ile ba ba le maikutlo a sa tshwaneng tabeng ya ho ja nama e neng e nyehetswe ho ditshwantsho, ebe hamorao e rekiswa mmarakeng. Ba bang ba ne ba re: ‘Ditshwantsho hase letho, kahoo re ka ja nama ka letswalo le kgutsitseng.’ Empa ba bang ba neng ba rapela ditshwantsho nakong e fetileng, ba ne ba nka ho ja nama eo e le karolo ya borapedi. (1 Bakor. 8:4, 7) Taba ena e ne e le thata, kaha e ne e ka nna ya baka dikarohano ka phuthehong. Pauluse o ile a thusa Bakreste ba Korinthe jwang hore ba tadime dintho ka tsela eo Modimo a di tadimang ka yona?

17 Pauluse o ile a qala ka ho ba hopotsa hore dijo di ke ke tsa ba atametsa ho Modimo. (1 Bakor. 8:8) Yaba o ba lemosa hore seo ba se kgethang, ‘se se ke sa fetoha kgopiso ho ba fokolang.’ (1 Bakor. 8:9) Hamorao, o ile a bolella ba matswalo a fokolang hore ba se ke ba ahlola ba kgethang ho ja nama eo. (1 Bakor. 10:25, 29, 30) Kahoo, tabeng ena ya bohlokwa e amang borapedi, Mokreste ka mong o ne a lokela ho iketsetsa qeto a tataiswa ke letswalo la hae. Jwale, na le rona ha rea lokela ho hlompha diqeto tseo ba bang ba iketsetsang tsona, esita le ha di ka bonahala e ka di nyenyane?1 Bakor. 10:32, 33.

18. O ka bontsha jwang hore o ananela bolokolohi boo Modimo a re fileng bona ba ho ikgethela?

18 Jehova o re file bolokolohi ba ho ikgethela, e leng se etsang hore re lokolohe e le kannete. (2 Bakor. 3:17) Re ananela mpho ena, hobane e re dumella ho etsa diqeto tse bontshang hore na re rata Jehova hakae. E se eka re ka tswela pele ho e ananela ka hore re e sebedise ka tsela e tlotlisang Modimo le ka ho hlompha tokelo eo ba bang ba nang le yona ya ho iketsetsa diqeto.