Na o se o kile wa bala dihlooho tsa moraorao tsa Tora ya ho Lebela le tsa Molula-Qhooa? Leka ho araba dipotso tse latelang:

Ha mokgatlo wa Modimo o fana ka tataiso, balebedi ba potoloho le baholo ba lokela ho etsang?

Ba lokela ho potlakela ho e latela. Hape ba lokela ho ipotsa: ‘Na ke matlafatsa badumedi mmoho le nna tumelong? Na ke potlakela ho amohela tataiso eo barababo rona ba etellang pele ba fanang ka yona esita le ho ba tshehetsa?’w16.11, leq. 11.

Bakreste ba nnete ba bile botlamuweng ba Babylona neng?

Sena se ile sa etsahala hang feela ka mora hore baapostola ba shwe. Ka nako eo ho ile ha hlaha sehlopha sa baruti. Kereke e ile ya sebedisana le Mmuso ho theha Bokreste ba bohata mme ba leka ho bipetsa lentswe la Bakreste ba kang koro. Empa ho elella dilemong tsa bo1914, batlotsuwa ba ile ba qala ho itokolla botlamuweng ba Babylona.—w16.11, leq. 23-25.

Ke hobaneng ha mosebetsi wa Lefèvre d’Étaples e ne e le wa bohlokwa?

Dilemong tsa bo1520, Lefèvre o ile a fetolela Bibele ho tloha ho Selatin ho ya ho Sefrench e le hore batho ba bangata ba kgone ho ipalla yona. Tsela eo Lefèvre a neng a hlalosa dikarolo tsa Bibele ka yona e ile ya susumetsa Martin Luther, William Tyndale le John Calvin.—wp16.6, leq. 10-12.

Ho na le phapang efe pakeng tsa “ho beha kelello nameng” le “ho beha kelello moyeng”? (Bar. 8:6)

Motho ya ‘behang kelello nameng’ o laolwa kapa o ikemiseditse ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae tsa boetsadibe, o dula a nahana ka dintho tsa nama, a bua ka tsona ebile a di etsa. Motho ya ‘behang kelello moyeng’ o dumella kelello ya hae hore e susumetswe ke moya o halalelang mme e dumellane le monahano wa Modimo. Sena se etsa hore a be le kgotso mme a tle a fumane bophelo bo sa feleng, empa yane ya behang kelello ya hae nameng seo se mo lebisa lefung.w16.12, leq. 15-17.

O ka etsang hore o fokotse ho tshwenyeha?

Etsa hore dintho tsa bohlokwa di tle pele, o se ke wa lebella dintho tse ke keng tsa etsahala, iphe nako ya ho phomola, boha popo ya Modimo, thabela metlae, ikwetlise mme o robale ka nako.w16.12, leq. 22-23.

“Enoke o ile a falliswa e le hore a se ke a bona lefu.” (Baheb. 11:5) Jwang?

Ho ka etsahala hore Modimo o ile a robatsa Enoke lefung ka tsela e monate hoo Enoke a neng a sa hlokomele hore o a shwa.—wp17.1, leq. 12-13.

Ke hobaneng ha boinyenyefatso e ntse e le ba bohlokwa?

Ho inyenyefatsa ho akarelletsa ho tseba moo matla a rona a fellang teng le ho tseba dintho tseo re sa dumellwang ho di etsa. Re lokela ho ela hloko kamoo boitshwaro ba rona bo amang ba bang kateng mme re ikokobetse.—w17.01, leq. 18.

Ho na le bopaki bofe bo bontshang hore Modimo o ne a tataisa sehlopha se busang mehleng ya baapostola jwalokaha a tataisa Sehlopha se Busang kajeno?

Moya o halalelang o ile wa ba thusa hore ba utlwisise dithuto tsa Mangolo. Hape mangeloi a ile a ba thusa hore ba etelle pele mosebetsing wa boboledi ebile ba ne ba itshetleha ka Lentswe la Modimo ha ba fana ka tataiso. Sehlopha se Busang kajeno se ntse se etsa dintho jwalo ka sa mehleng ya pele.w17.02, leq. 26-28.

Ke dintlha dife tse etsang hore re nke thekollo e le ya bohlokwa?

Ke dintlha tsena tse nne: Hore ke mang ya faneng ka yona, hobaneng a fane ka yona, ke boitelo bofe boo mofani a bo entseng le hore re ne re hlile re e hloka na. Re lokela ho nahanisisa kamoo dintlha tsena di amanang kateng le seo Modimo a re etseditseng sona.wp17.2, leq. 4-6.

Na Mokreste a ka fetola qeto eo a seng a e entse?

Re lokela ho tshepahalla diqeto tsa rona. Leha ho le jwalo, ka dinako tse ding re hloka ho fetola diqeto tseo re di entseng. Ka mora hore Baninive ba bake, Modimo o ile a fetola qeto ya hae ya ho ba fedisa. Ka dinako tse ding le rona re ka nna ra etsa jwalo ha maemo a fetoha kapa re fumana boitsebiso bo eketsehileng ka qeto eo re entseng.w17.03, leq. 16-17.

Ke hobaneng ha lesebo le le kotsi?

Lesebo le ka etsa hore bothata bo mpefale le ho feta. Ho sa tsotellehe hore na re nepile kapa tjhe, ho hlabana ka mantswe ho ke ke ha ntlafatsa boemo.w17.04, leq. 21.