HAEBA o tshoswa ke ditlaleho tse ngata tsa ditaba tse bohloko, tseba hore ha o mong. Ka 2014, mopresidente wa United States Barack Obama, o ile a bontsha hore ka baka la ditlaleho tse ngata tsa ditaba tse bohloko tse hlahang dikoranteng, ho bonahala eka batho ba bangata ba bona lefatshe le tswile taolong mme ho se motho ya kgonang ho le laola.

Empa ese kgale a buile mantswe ao, o ile a bua ka tjheseho ka maano a moraorao a ho lokisa mathata a lefatshe. O ile a re boiteko bo etswang ke mmuso, bo molemo mme bo fana ka tshepo. A fana ka maikutlo a hore boiteko ba batho ba nang le maikemisetso a matle, bo ka kgona ho etsa lefatshe sebaka se nang le taolo mme ha qojwa tlokotsi ya lefatshe lohle.

Batho ba bangata ba na le maikutlo a tshwanang le a hae. Ka mohlala, ba bang ba tshepa saense, ha ba bang bona ba akanya hore ditswelopele tsa theknoliji, di ka lokisa maemo a lefatshe. Setsebi se seng sa boqapi ba tsa theknoloji, se ile sa bua ka kgodiseho sa re ka bo 2030, theknoloji ya rona e tla be e tswetsepele ka makgetlo a dikete mme ka bo 2045 a dimilione. Se ile sa eketsa ka hore: “Kannete ntse re tla hantle. Le hoja mathata a rona a so hlwe mekwalaba hakaalo, bokgoni ba rona ba ho a hlola ka potlako, bo feta sekgahla seo a atang ka sona.”

Empa ha e le hantle maemo a lefatshe a mabe hakae? Na ehlile re dintshing tsa tlokotsi e kgolo ka ho fetisisa lefatsheng? Le hoja borasaense ba bang le boradipolotiki ba fana ka molaetsa wa tshepo, batho ba bangata ba ntse ba sa kgodiseha ka bokamoso. Ebe lebaka ke lefe?

DIBETSA TSE BOLAYANG BATHO LARITA. Matjhaba a Kopaneng le mekgatlo e meng, e lekile ho fedisa dihlomo tsa nuclear empa e hlolehile. Ha baetapele ba tellang molao bona, ba nyatsa ebile ba phoqha melao e laolang taolo ya dibetsa. Dinaha tse nang le histori ya ho etsa dibetsa tsa nuclear tsona, di ntlafatsa dibomo tsa kgale hape di etsa tse ntjha le tse kotsi le ho feta ka sekgahla. Sena se entse hore dinaha tse neng di se na bokgoni ba ho baka tshenyo e kgolo ntweng, hona jwale di kgone ho boloya batho larita.

Taba ya hore ebe hona jwale dinaha di itokiseditse ntwa ya nuclear ho feta le ha e le neng pele, e etsa hore lefatshe e be sebaka se kotsi haholo, esita le dinakong tseo batho ba reng ke tsa “kgotso.” Buka ya Bulletin of the Atomic Scientists, e bontsha hore dibetsa tse bolayang ho se na motho ya di laolang, di hlokisa botsitso le ho feta.

BOPHELO BA RONA BO KOTSING. Saense ha e kgone ho re thusa ka ho felletseng mabapi le bophelo bo botle. Tse ding tsa dintho tse behang maphelo a rona kotsing e leng kgatello e phahameng ya madi, botenya, moya o silafetseng le ho sebedisa dithethefatsi, di ntse di eketseha ka sekgahla. Batho ba bangata ba bolawa ke ho aparelwa ke mafu a sa tshwaetsaneng, a kang kankere, lefu la pelo le lefu la tswekere. Ho ntse ho na le mafu a mang a atileng a tshwanang le bohlanya. Dilemong tse seng kae tse fetileng, re ile ra bona ha dikokwanahloko tse bolayang tsa Ebola le Zika di hlasela. Ntlha e ka sehloohong feela ke hore: Ho fedisa bokudi, ke ntho e ka hodimo ho matla a batho, ka hona, ho bonahala ho se na tshepo ya hore bo tla ke bo fele!

BATHO BA HLASELA TLHAHO. Difeme di ntse di tswela pele ho silafatsa tikoloho. Selemo le selemo, ho shwa batho ba dimilione ka lebaka la ho hema moya o ditshila.

Batho, mekgatlo ya mmuso le baahi, ba ntse ba tswela pele ho silafatsa lewatle ka ho lahlela dikgwerekgwere, dithole tsa sepetlele le tsa temo, dipolasetiki le dintho tse ding tse ditshila. Encyclopedia of Marine Science e re ha e hlalosa boemo bona: “Dintho tsena e ba tjhefo ho diphoofolo le dimela tsa lewatleng, haesitana le ho batho ba jang diphoofolo tsa lewatleng.”

Ebile le metsi a hlwekileng a haufi le ho fela. Mongodi wa saense wa British ya bitswang Robin McKie, o fana ka tlhokomediso ena: “Lefatshe lohle le haufi le ho tjamelana le koduwa ya ho fellwa ke metsi.” Boradipolotiki ba dumela hore tshilafalo ya metsi, ke bothata bo boholo bo bakwang ke batho ka boomo mme bo tlisa kotsi e kgolo.

TLHAHO E HLASELA BATHO. Difefo tse matla, mahodiotswana le ditshisinyeho tsa lefatshe, di baka dikgohola tse sisimosang le mefuta e meng ya dikoduwa tsa tlhaho e bakang tshenyo. Batho ba shwa ka bongata bo tshosang ka lebaka la dikoduwa tsena ha ba bang bona, ba ameha habohloko maikutlong. Phuputso e nngwe e entsweng ke U.S. National Aeronautics and Space Administration, e re re ka lebella “difefo tse matla ka ho fetisisa, maqhubu a motjheso o ntshang kwena bodibeng, dikgohola le komello e tshosang haholo.” Na tlhaho e tla fedisa batho?

Mohlomong ho na le dintho tse ding tseo o ka di nahanang tse re hlokisang botsitso. Empa nnete ke hore ho dula o nahana ka dintho tse mpe tse etsahalang kajeno, ho ke ke ha fana ka dikarabo tseo o di batlang mabapi le bokamoso. Batho ba bang ba dumela hore ba ka fumana dikarabo tsa bona ho boradipolotiki le borasaense. Jwalo ka ha sehlooho se fetileng se bontshitse, ho na le batho ba bangata ba fumaneng dikarabo tse kgotsofatsang tsa dipotso tsa bona mabapi le maemo a lefatshe le bokamoso. Re ka fumana dikarabo tsa dipotso tseo re nang le tsona hokae?