Mosadi e mong ya bitswang Patricia o re: “Ha ke sa le ngwana, ke ne ke dula ke utlwa lerata la batho ba rohakanang le ba omanang. Seo se ile sa nkama haholo hoo ke ileng ka qetella ke se ke le motho ya sa tshwareleng. Esita le ha ke se ke le moholo, ke ne ke ntse ke sa kgone ho tshwarela, ke sa bo hlothe le bosiu.” Bonneteng, ho dula o kwatile ho ke ke ha o tlisetsa thabo, ho e na le hoo, ho tla o lematsa. Ha e le hantle, diphuputso di bontsha hore batho ba sa tshwareleng, ba atisa ho . . .

  • Dumella kgalefo hore e senye kamano ya bona le ba bang, e leng se etsang hore ba se batle ho ba hara batho

  • Kwata kapele, ho tshwenyeha le ho tepella maikutlo

  • Ba le maikutlo a fosahetseng a ke keng a ba tlisetsa thabo bophelong

  • Ikutlwa e ka ha ba phele ho ya ka ditekanyetso tsa bokreste

  • Ba le kgatello ya maikutlo le ho beha bophelo ba bona kotsing ya hore ba tshwarwe ke mafu a kang high blood, lefu la pelo, arthritis le ho tshwarwa ke hlooho *

HO TSHWARELA HO BOLELANG? Ho tshwarela ho bolela ho leballa motho ya o sitetsweng, ho qoba ho iphetetsa le ho qoba ho kwata nako e telele. Sena ha se bolele hore o dumella bobe, o a bo nyenyefatsa kapa o etsa e ka ha ho na phoso e etsahetseng. Ho e na le hoo, ho tshwarela ke qeto eo motho a iketsetsang yona ka lerato, e le ha a ikemiseditse ho bopa kgotso le ho ba le kamano e ntle le motho ya mo foseditseng.

Ho tshwarela ho boetse ho bontsha ho ba le kutlwisiso. Motho ya tshwarelang, o a utlwisisa hore kaofela re baetsadibe mme re etsa diphoso e bang ke ka mantswe kapa ka diketso. (Baroma 3:23) Bibele e hatisa sena ha e re: “Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a na le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong.”—Bakolose 3:13.

Bibele e boetse e hlalosa ka ho hlaka hore ha re tshwarela, re bontsha hantle hore re na le lerato, e leng “tlamo e phethahetseng ya bonngwe.” (Bakolose 3:14) Sena ke nnete hobane le websaete ya Mayo Clinic e re ha o tshwarela, . . .

  •   O tla ba le dikamano tse ntle le ba bang, jwalo ka ho ba le kutlwelobohloko, kutlwisiso le qenehelo ho motho ya o foseditseng

  • O tla ba hantle maikutlong mme o be le kamano e haufi le Modimo

  • O ke ke wa tshwenyeha, wa ba le kgatello ya maikutlo kapa wa ba le lehloyo

  • O ke ke wa dula o tetebetse maikutlo

ITSHWARELE. Buka e nngwe e bitswang Disability & Rehabilitation, e bontsha hore ho itshwarela “ke ntho e boima haholo. Le ha ho le jwalo, ho thusa motho hore a phele hantle mmeleng le maikutlong.” Keng e ka o thusang hore o itshwarele?

  • O se ke wa lebella hore o tla dula o etsa dintho tse nepahetseng jwalo ka ha e ka o phethahetse. Empa amohela hore jwalo ka batho kaofela, o tla etsa diphoso.—Moeklesia 7:20

  • Ithute diphosong tsa hao, e le hore o tle o se ke wa di pheta hape

  • Eba le mamello, ka ha dintho tse ding tseo e ka nnang yaba ha o di rate ka botho ba hao, di ke ke tsa fetoha ka ho panya ha leihlo.—Baefese 4:23, 24

  • Etsa setswalle le batho ba mosa, ba tla o kgothatsa, ba tla etsa hore o be le pono e nepahetseng ka dintho le ba tla o jwetsa nnete ka dinako tsohle.—Liproverbia 13:20

  • Haeba o utlwisitse motho e mong bohloko, amohela hore o entse phoso mme o kope tshwarelo hanghang. Ha o etsa jwalo, o tla ba le kgotso.—Matheu 5:23, 24

RURI MELAOMOTHEO YA BIBELE E A SEBETSA!

Ka mora hore Patricia eo re buileng ka yena qalong a ithute Bibele, o ile a ithuta ho tshwarela. O ile a ngola a re: “Ke utlwa ke lokolohile, ka ha bohale boo ke neng ke na le bona, bo ne bo senya bophelo ba ka. Ha ke sa dula ke utlwile bohloko, ebile ha ke sa utlwisa ba bang bohloko. Melaomotheo ya Bibele e re bontsha hore ka nnete Modimo o a re rata hape o re batlela se molemo.”

Monna e mong ya bitswang Ron, o ile a re: “Ke ne ke sa kgone ho laola menahano le dintho tseo ba bang ba neng ba di etsa. Empa ke ne nka laola menahano ya ka le dintho tseo ke di etsang. Haeba ke ne ke batla ho ba le kgotso, ke ne ke tlameha ho kgaotsa ho kwatela batho nako e telele. Ke ile ka qala ho nka hore kgotso le ho kwatela batho nako e telele, ke dintho tse pedi tseo le ka mohla di ke keng tsa kopana. Ke ile ka bona hore nke ke ka ba maemong ao ka bobedi ka nako e le nngwe. Ho na jwale letswalo la ka le kgutsitse.”

^ par. 8 Sources: Mayo Clinic and Johns Hopkins Medicine websites and the journal Social Psychiatry and Psychiatric Epidemiology.