AKO NAHANE KA SENA: O etetse misiamo wa diemahale tsa kgalekgale. Bongata ba diemahale tseo di na le dikoti, di netswe ke dipula, di otluwe ke letsatsi ebile tse ding di senyehile. Ha tse ding di se di se na dikarolo tse itseng tsa tsona. Empa ho na le se seng se ikgethang se ntseng se felletse, tsela e rarahaneng eo se entsweng ka yona, e ntse e bonahala ka ho hlaka. Jwale o botsa motho ya ntseng a le bontsha misiamo: “E le hore see sona se setjha ho feta tse ding kaofela?” Ebe o re: “Tjhe, ha o ka tseba, ke sona sa kgale ho di feta kaofela ebile ha se so ntjhafatswe.” Ka ho se mo kgolwe hantle, o ka nna wa re: “Na ebe le a se sireletsa ha maemo a lehodimo a le mabe?” A be a re: “Ha ho jwalo wa tseba, ha e le hantle, ke sona se otluweng ke moya o tshosang ka ho fetisisa le dipula tsa ditlwebelele. Le ditlokotsebe tse ngata di lekile ho se senya empa di hlolehile.” Mohlomong o ka nna wa hlollwa le ho makala yaba o re, ‘ebe seemahale see se entswe ka eng?’

Ka tsela e itseng, Bibele e jwalo ka seemahale seo se hlollang. Ke buka ya kgale ho feta dibuka tse ngata. Ke nnete hore ho ntse ho na le dibuka tse ding tsa kgale. Empa jwalo ka diemahale tse ding tsa kgale tse seng di senyehile, dingolwa tse ngata tsa kgale di se di senyehile haholo. Ka mohlala, ditlhaloso tsa tsona tsa saense, di se di siilwe ke nako hoo di hanyetsanang le saense ya moraorao e netefaditsweng. Ho e na le hore tlhahisoleseding ya tsona e thuse ho tsa bongaka, ho bonahala ha ho le kotsi haholo ho e sebedisa. Ebile ho se ho setse dikarolwana feela tsa dingolwa tsena tsa kgale, tse ding di lahlehile ha tse ding di senyehile.

Le ha ho le jwalo, Bibele yona e itlhomme pele! E qadile ho ngolwa dilemo tse 3 500 tse fetileng, ho ntse ho le jwalo e ntse e felletse. Le hoja e ile ya hlaselwa ka dilemo tse ngata, ya tjheswa, ya thibelwa yaba ya nyenyefatswa, molaetsa oo e o rutang o ntse o so fellwe ke nako. Ha se feela hore e tshwere lesedi  le letjha le le sebetsang, empa e boetse e bolela esale pele ka tsela e hlollang diketsahalo le dintho tseo re lokelang ho di lebella.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Na Seo Bibele e se Buang se Felletswe ke Nako?

MELAOMOTHEO EO RE E HLOKANG KAJENO

O ka nna wa ipotsa, ‘Ebe seo Bibele e se rutang se ntse se sebetsa le kajeno?’ E le ho araba potso eo, a ko boele o ipotse: ‘Ke mathata afe ao batho ba kopanang le ona kajeno? Ke afe a tshosang ka ho fetisisa?’ E ka nna yaba o nahanne ka ntwa, tshilafalo ya tikoloho, tlolo ya molao le bobodu. Jwale, ako nahane ka e meng ya melaomotheo eo Bibele e e rutang. Ha o ntse o etsa jwalo, ipotse, ‘Haeba batho ba ne ba phela ka melaomotheo ena, ebe lefatshe lee le ka be le se beterenyana?’

HO RATA KGOTSO

“Ho thaba ba nang le kgotso, ka ha ba tla bitswa bara ba Modimo.” (Matheu 5:9) “Haeba ho kgoneha, ho fihlela moo ho itshetlehileng ka lona, le be le kgotso le batho bohle.”—Baroma 12:18.

HO BA MOHAU LE HO TSHWARELA

“Ho thaba ba mohau, ka ha ba tla bontshwa mohau.” (Matheu 5:7) “Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a na le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong. Esita le jwalo ka ha Jehova * a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona.”—Bakolose 3:13.

HO PHELA KA KUTLWANO HO SE NA KGETHOLLO YA MORABE

Modimo “o entse ho tswa mothong a le mong setjhaba se seng le se seng sa batho, ho dula hodima lefatshe lohle.” (Liketso 17:26) “Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka o a amoheleha ho yena.”—Liketso 10:34, 35.

HO HLOKOMELA LEFATSHE

“Jehova Modimo a nka motho a mo beha serapeng sa Edene ho se lema le ho se hlokomela.” (Genese 2:15) Modimo o tlo “fedisa ba senyang lefatshe.”—Tšenolo 11:18.

HO HLOYA MEHARO LE BOITSHWARO BO BOBE

“Le itebele kgahlanong le ho tjhatjheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a na le ho hongata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) “Bohlola le ho se hlweke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho bolelwa di se ke tsa bolelwa hara lona, feela jwalo ka ha ho tshwanela batho ba halalelang.”—Baefese 5:3.

HO TSHEPAHALA LE HO SEBETSA KA THATA

“Re lakatsa ho itshwara ka botshepehi dinthong tsohle.” (Baheberu 13:18) “Ya utswang a se ke a hlola a utswa, empa ho e na le hoo, a sebetse ka thata.”—Baefese 4:28.

BOHLOKWA BA HO THUSA BA HLOKANG

“Le bue ka mokgwa o tshedisang le meya e tepeletseng maikutlo, le tshehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.” (1 Bathesalonika 5:14) “Hlokomela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona.”—Jakobo 1:27.

Bibele ha e thathamise melaomotheo eo ntle ho lebaka. Empa e re ruta ho e nka e le ya bohlokwa le hore re e sebedise letsatsi le letsatsi. Haeba batho ba bangata ba ne ba sebedisa dithuto tsena tsa Bibele, na mathata a rona a ka be a sa fokotseha? Nnete ke hore melaomotheo ya Bibele e ntse e sebetsa ebile e  nakong ho feta le ha e le neng pele! Empa melaomotheo ena e ka o thusa jwang hona jwale?

KAMOO MELAOMOTHEO YA BIBELE E KA O TSWELANG MOLEMO KATENG HONA JWALE

Monna e mong ya bohlale ka ho fetisisa o kile a re: “Bohlale bo pakwa ke mesebetsi ya bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) Na seo ha se nnete? E le hore o tle o bone hore ehlile bohlale bo a sebetsa, o lokela ho bo dumella hore bo o susumetse ha o etsa dintho tse itseng. Kahoo, o ka nna wa re: ‘Haeba ehlile ke nnete hore Bibele e ntse e sebetsa, na ha e a lokela ho nthusa hore ke ntlafatse bophelo ba ka? Na e ka nthusa ho sebetsana le mathata ao ke nang le ona hona jwale?’ A ko nahane ka mohlala o latelang.

Bophelo ba Delphine * bo ne bo ntse bo itswella pele, a le maphathaphathe a bile a phela hamonate. Ka tshohanyetso, o ile a lahlehelwa ke dintho tsa bohlokwa ka tatellano. Moradinyana wa hae ya dilemong tsa borwetsana o ile a hlokahala. Lenyalo la hae la senyeha. A ba le mathata a ditjhelete. O re: “Ke ne ke sa itsebe hohang, ke se na moradi, monna le lehae. Ke ne ke ikutlwa ke se na thuso, ke sa tsebe le hore na ke sa phelelang.”

Delphine o ile a bona ka ho hlaka nnete ya mantswe a na a reng: “Matsatsi a dilemo tsa rona ke dilemo tse 70; haeba e le ka lebaka la matla a kgethehileng e ba dilemo tse 80, empa le ha ho le jwalo a tsitlella kgathatsong  le dinthong tse kotsi; etswe a lokela ho feta kapele, mme re a fofa.”—Pesaleme ya 90:10.

Bibele e ile ya thusa Delphine hore a mamelle mathata a hae. E ile ya mo thusa ka tsela e hlollang. Jwalo ka ha dihlooho tse tharo tse latelang di tla bontsha, batho ba bangata ba kgonne ho hlola mathata bophelong ba bona ka ho sebedisa tataiso ya Bibele. Ba a hlokomela hore Bibele e tshwana le seemahale sa ne seo re buileng ka sona qalong. E fapane hole le dibuka tse ngata tse fellwang ke nako. Na ebe ke hobane Bibele e entswe ka ntho e itseng e sa tshwaneng le eo dibuka tse ding di entsweng ka yona? Na ehlile ke nnete hore e fupere dikgopolo tsa Modimo, e seng tsa batho feela tjee?—1 Bathesalonika 2:13.

Ho ka etsahala hore ebe le wena o hlokometse hore bophelo bo bokgutshwanyane ebile bo tletse mathata. Jwale, o ye o thuswe keng ha ho bonahala e ka mathata a o bipeditse?

A re ke re hlahlobeng dintlha tse tharo tse ka sehloohong tseo Bibele e ka o thusang ho tsona bophelong. E ka o thusa ho

  1. qoba mathata.

  2. rarolla mathata.

  3. mamella mathata kapa maemo ao o ke keng wa a fetola.

Dihloohong tse tharo tse latelang, re tla tshohla ditsela tsena tse tharo.

^ par. 10 Bibele e re lebitso la Modimo ke Jehova.—Pesaleme ya 83:18.

^ par. 24 Sehloohong sena le tse tharo tse latelang, mabitso a mang a fetotswe.