1-3. Ke dipotso dife tseo re atisang ho ipotsa tsona ha re hlokahalletswe, hona dikereke tse ding di araba dipotso tseo jwang?

BIBELE e re tshepisa hore ka letsatsi le leng, “lefu ha le sa tla hlola le eba teng.” (Tšenolo 21:4) Kgaolong ya 5, re ithutile hore re tlilo phela ka ho sa feleng nakong e tlang hobane Modimo o re file thekollo. Empa ha jwale batho ba ntse ba shwa. (Moeklesia 9:5) Ka hoo, e nngwe ya dipotso tseo re ipotsang tsona haholo ke e reng: Ho etsahalang ka rona ha re shwa?

2 Re ipotsa potso ena haholoholo ha re hlokahalletswe ke motho eo re mo ratang. Re ka nna ra ipotsa le tse ding tse kang: ‘Motho eo o ile hokae? Na o a re bona? Na a ka re thusa? Na re tla ke re mo bone hape?’

3 Maikutlo a batho ha a tshwane tabeng ena. Lebaka ke hobane dikereke tse ding di ruta hore ha motho ya lokileng a shwa, o ya lehodimong, athe ha a etsa dintho tse mpe o ya diheleng. Batho ba bang bona ba dumela hore ha motho a shwa o ya sebakeng se itseng ho ya phela le baholoholo ba hae. Ho boetse ho na le batho ba dumelang hore ha motho a shwa, o tla tswalwa hape e se e le motho e mong kapa e se e le phoofolo.

4. Ke ntho efe eo dikereke tse ngata di dumellanang ho yona mabapi le lefu?

4 Dikereke di ruta batho dintho tse sa tshwaneng tabeng ya lefu. Empa ho na le ntho e le nngwe eo di dumellanang ka yona. Kaofela di ruta hore ha motho a shwa, ho ba le ntho e tswang ho yena, mme ntho eo e tswela pele e phela sebakeng se seng. Na thuto eo ke nnete?

 HO ETSAHALANG KA RONA HA RE SHWA?

5, 6. Ho etsahalang ka rona ha re shwa?

5 Ke Jehova ya tsebang hore ho etsahalang ka rona ha re shwa. Modimo o re ha motho a shwa o kgaotsa ho phela. Ho shwa ho fapane le ho phela. Ha motho a shwa, monahano wa hae o kgaotsa ho sebetsa. * Ha motho a shwa a ke ke a hlola a kgona ho bona, ho utlwa kapa ho nahana.

6 Bibele e re ka batho ba shweleng: “Ho hang ha ba tsebe letho.” Ha ba sa kgona ho rata kapa ho hloya batho, ebile “ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale” Lebitleng. (Bala Moeklesia 9:5, 6, 10.) Ho Pesaleme ya 146:4, Bibele e re ha motho a shwa, “menahano ya hae e a timela” kapa e a shwa.

JESU O ILE A RENG KA LEFU?

Jehova o ne a batla hore batho ba phele ka ho sa feleng

7. Jesu o ile a reng ka lefu?

7 Ha motswalle wa hae Lazaro a shwa, Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: ‘Motswalle wa rona Lazaro o robetse.’ Empa Jesu o ne a sa bolele hore Lazaro o phomotse betheng, hobane o ile a re: “Lazaro o shwele.” (Johanne 11:11-14) Sena se bontsha hore Jesu o ne a tshwantsha lefu le boroko. Ha a ka a re Lazaro o ile lehodimong kapa ho batho ba habo ba seng ba hlokahetse. Hape ha a ka a re Lazaro o ntse a tjha diheleng kapa hore o tlo tswalwa hape e se e le motho e mong kapa phoofolo. Ho e na le hoo, Lazaro o ne a tshwana le motho ya robetseng boroko bo tebileng. Ho na le mangolo a mang a Bibele a tshwantshang lefu le boroko.  Bibele e re ha Setefane a bolawa o ile a “robala lefung.” (Liketso 7:60) Ha moapostola Pauluse a bua ka Bakreste ba bang ba shweleng, o ile a re “ba robetse lefung.”—1 Bakorinthe 15:6.

8. Re tseba jwang hore Modimo o utlwa bohloko ha batho ba shwa?

8 Na Modimo o ne a batla hore Adama le Eva ba shwe? Tjhe! Ha Jehova a ba bopa, o ne a batla hore ba phele ka ho sa feleng ba sa kule. Jehova o entse hore batho ba lakatse ho phela ka ho sa feleng. (Moeklesia 3:11) Jwalo ka ha ho se na motswadi ya batlang hore bana ba hae ba shwe, le Jehova o utlwa bohloko ha re shwa. Empa haeba  Modimo o re bopetse ho phela ka ho sa feleng, ke hobaneng ha re shwa?

KE HOBANENG HA RE SHWA?

9. Ke hobaneng ha taelo eo Jehova a neng a e file Adama le Eva e ne e se thata?

9 Serapeng sa Edene, Jehova o ile a re ho Adama: “O ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore o kgotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe o se ke wa ja tsa sona, etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.” (Genese 2:9, 16, 17) Ho ne ho se thata hore Adama le Eva ba mamele taelo eo, ebile Jehova o ne a na le tokelo ya ho ba behela melao. Haeba ba ne ba ka mamela Jehova, ba ne ba tla bontsha hore ba hlompha bolaodi ba hae. Hape ba ne ba tla bontsha hore ba ananela dintho tsohle tseo Modimo a ba fileng tsona.

10, 11. (a) Satane o ile a reng ha a thetsa Eva? (b) Ke hobaneng ha ho se na lebaka leo Adama le Eva ba ka le behang ho buella phoso ya bona?

10 Ka maswabi, Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Jehova. Satane o ile a re ho Eva: “Na ehlile Modimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eva a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng. Empa ha e le ho ja ditholwana tsa sefate se hara serapa, Modimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, tjhe, le se ke la di ama e le hore le se ke la shwa.’”—Genese 3:1-3.

11 Yaba Satane o re: “Ka sebele le ke ke la shwa. Etswe Modimo o a tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha mme le tla ba jwaloka Modimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:4-6) Ho ya ka mantswe a Satane, Eva o ne a ka iphelela ka tsela e batlwang ke yena, ho se na motho ya mo behelang melao. Satane o ile a boela a bua leshano ha a re Eva o ne a ke ke  a shwa. Eva o ile a mo kgolwa, yaba o ja e nngwe ya ditholwana tsa sefate seo mme hamorao a fa le monna wa hae. Adama le Eva ba ne ba tseba hantle hore ba tlola molao wa Modimo. Ka ho ja tholwana eo Modimo a ba hanetseng ho e ja, ba ne ba kgetha ka boomo ho tlola taelo ya Modimo e hlakileng le e bonolo. Ba ne ba boetse ba bontsha hore ha ba hlomphe Modimo. Ho ne ho se lebaka leo ba ka ikemelang ka lona ka seo ba se entseng!

12. Ke hobaneng ha ho utlwisa bohloko hore ebe Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Jehova?

12 Ho utlwisa bohloko ho bona kamoo Adama le Eva ba ileng ba tella Modimo kateng. O ne o ka ikutlwa jwang ha mora kapa moradi wa hao eo o mo hodisitseng ka thata a sa o mamele? Ka sebele o ne o tla utlwa bohloko!

Adama o ne a entswe ka lerole mme o ile a kgutlela ho lona

13. Jehova o ne a bolelang ha a re Adama “o tla kgutlela leroleng”?

13 Adama le Eva ba ile ba lahlehelwa ke monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Jehova o ile a ahlola Adama a re ho yena: “O lerole mme o tla kgutlela leroleng.” (Bala Genese 3:19.) Hopola hore Adama o ne a bopilwe ka lerole. Jwale ha Modimo a re Adama o tla kgutlela leroleng, o ne a bolela hore Adama a ke ke a hlola a ba teng jwalo ka ha a ne a le siyo pele a mo bopa. (Genese 2:7) Ka hoo Adama o ile a shwa ka mora hore a etse sebe.

14. Ke hobaneng ha re shwa?

 14 Hoja Adama le Eva ba mamela Modimo, ba ka be ba ntse ba phela le kajeno. Empa ba ile ba etsa sebe ka ho tlola molao wa hae mme qetellong ba shwa. Sebe se tshwana le bolwetse boo re bo futsitseng ho Adama le Eva. Ka hoo kaofela ha rona re a shwa hobane re hlahile re le baetsadibe. (Baroma 5:12) Empa Modimo o ne a sa batle hore ho be jwalo. Ha a batle hore batho ba shwe ebile Bibele e re lefu ke “sera.”—1 Bakorinthe 15:26.

HO TSEBA NNETE KA BAFU HO A RE THUSA

15. Ho tseba nnete ka bafu ho re thusa jwang?

15 Ho tseba hore na ho etsahalang ka rona ha re shwa ho tla re thusa ho qoba ho etsa dintho tseo Modimo a sa di batleng. Bibele e re ruta hore bafu ha ba utlwe bohloko. Re ke ke ra kgona ho bua le bona mme le bona ba ke ke ba kgona ho bua le rona. Re ke ke ra kgona ho ba thusa mme le bona ba ka se re thuse. Ha re a lokela ho ba tshaba hobane ba ka se kgone ho re lematsa. Le ha ho le jwalo, dikereke tse ngata di ruta hore bafu ba ntse ba phela sebakeng se itseng, le hore batho ba ka thusa bafu ba bona ka ho fa baruti tjhelete. Empa ho tseba seo Bibele e se buang ka bafu, ho re thusa hore re se ke ra kgolwa mashano ao.

16. Dikereke tse ngata di ruta batho leshano lefe?

16 Satane o sebedisa bodumedi ba bohata ho re thetsa. O batla re nahane hore bafu ba ntse ba phela. Ka mohlala, dikereke tse ding di ruta hore ha re shwa, moya wa rona o tswela pele o phela sebakeng se itseng. Na seo o se dumelang ka bafu se dumellana le seo Bibele e se rutang? Satane o sebedisa mashano ho etsa hore batho ba se ke ba mamela Jehova.

17. Ke hobaneng ha dikereke tse reng Modimo o isa batho diheleng di rohaka Jehova?

 17 Dikereke tse ngata di ruta hore Modimo o isa batho ba sa lokang diheleng hore ba ilo tjha ka ho sa feleng. Ha e le hantle, dikereke tse rutang sena di rohaka Jehova. Modimo a ke ke a dumella ntho e jwalo! (Bala 1 Johanne 4:8.) Na ho na le motswadi eo e ka reng ha ngwana wa hae a sa mo mamele, ebe o beha matsoho a ngwana mollong? Kannete motswadi ya jwalo o sehloho! Ebile o ne o ke ke wa batla ho ba motswalle wa motho ya jwalo. Satane o batla hore re ikutlwe ka tsela e tshwanang ka Jehova.

18. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba bafu?

18 Batho ba bang ba rutwa hore ba lokela ho tshaba bafu. Ba rutwa hore bafu ba ka ba thusa kapa ba ba ntsha kotsi haeba ba sa ba hlomphe. Batho ba bangata ba dumela mashano ana. Ka ha ba tshaba bafu, ba a ba rapela ho e na le ho rapela Jehova. Empa hopola hore bafu ha ba kgone ho etsa letho, ka hoo ha re a lokela ho ba tshaba. Jehova ke Mmopi wa rona. Ke yena Modimo wa nnete mme re lokela ho rapela yena feela.—Tšenolo 4:11.

19. Ho tseba hore na ho etsahalang ka rona ha re shwa ho re tswela molemo jwang?

19 Ha re tseba hore na ho etsahalang ka rona ha re shwa, re ke ke ra thetswa ke dikereke. Ho tseba seo e leng nnete ka lefu ho boetse ho re thusa ho utlwisisa dintho tse ntle tseo Jehova a tla re etsetsa tsona nakong e tlang.

20. Re tla bua kang kgaolong e latelang?

20 Mehleng ya kgale, mohlanka wa Modimo ya bitswang Jobo o ile a botsa a re: ‘Haeba motho a shwa, na a ka boela a phela?’ (Jobo 14:14) Na kannete ho ka etsahala hore motho ya shweleng a boele a phele? Modimo o araba potso ena ka Bibeleng. Re tla fumana karabo eo kgaolong e latelang.

^ par. 5 Batho ba bang ba dumela hore ha motho a shwa, moya wa hae o tswela pele o phela sebakeng se seng. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, sheba Ntlha ya 17 e hlahang qetellong ya buka.