NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Jehova o tswela pele ho re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re rute batho ba ditjhaba, meloko le maleme ohle

1, 2. (a) Keng se ileng sa thusa Bakreste ba pele hore ba bolele ditaba tse molemo ho fihla Mmusong wa Roma? (b) Re na le bopaki bofe ba hore Jehova o re tsheheditse mehleng ya rona? (Sheba lebokose le reng “ Ditaba Tse Molemo di Bolelwa ka Dipuo Tse Fetang 670.”)

BATHO ba neng ba etetse Jerusalema ha ba a ka ba dumela seo ba neng ba se utlwa. Bagalilea ba ne ba bua dipuo disele ka mokgwa o phollatsi mme molaetsa oo ba neng ba fana ka wona o ne o kgahla batho. E ne e le ka Pentekonta ya selemo sa 33 mme ka mohlolo barutuwa ba ne ba fuwe mpho ya ho bua dipuo disele, e leng se neng se bontsha hore Modimo o ba tsheheditse. (Bala Liketso 2:1-8, 12, 15-17.) Ditaba tse molemo tseo ba ileng ba di bolela letsatsing leo di ile tsa finyella batho ba dimelo tse sa tshwaneng mme ka mora moo tsa fihla Mmusong wa Roma.—Bakol. 1:23.

2 Kajeno, bahlanka ba Modimo ha ba bue dipuo disele ka mohlolo. Ho ntse ho le jwalo, ba fetolela molaetsa wa Mmuso ka dipuo tse fetang 670, e leng dipuo tse ngata ho feta tseo Bakreste ba pele ba neng ba di bua. (Lik. 2:9-11) Batho ba Modimo ba hatisa dingolwa ka bongata hoo molaetsa wa Mmuso o finyelletseng dikgutlong tsohle tsa lefatshe. * Sena le sona ke bopaki bo totobetseng ba hore Jehova o sebedisa Morena Jesu Kreste ho tsamaisa mosebetsi wa rona wa boboledi. (Mat. 28:19, 20) Ha re hlahloba tse ding tsa dintho tseo re ileng ra nna ra di sebedisa ho finyella mosebetsi ona ka dilemo tse lekgolo, re hlokomela kamoo Morena a ileng a re kwetlisetsa ho rata batho bao re ba pakelang le ho re kgothalletsa ho ba mesuwe ya Lentswe la Modimo.—2 Tim. 2:2.

Morena o fa Bahlanka ba Hae Dintho Tseo ba di Hlokang e le Hore ba Jale Peo ya Nnete

3. Ke hobaneng ha re sebedisa dintho tse fapaneng mosebetsing wa rona wa boboledi?

3 Jesu o ile a tshwantsha “lentswe la mmuso” le peo mme a tshwantsha pelo ya motho le mobu. (Mat. 13:18, 19) Jwalokaha mohlokomedi wa serapa a ka sebedisa dithulusi tse fapaneng e le hore a nolofatse mobu le ho o lokisa pele a jala peo, batho ba Jehova ba ile ba nna ba sebedisa dintho tse fapaneng tse ba thusitseng ho lokisa dipelo tsa batho ba dimilione hore di amohele molaetsa wa Mmuso. Tse ding tsa tsona di ile tsa sebetsa  ka nako e itseng feela. Tse ding, tse kang dibuka le dimakasine di ntse di tswela pele ho phetha mosebetsi wa bohlokwa. Ho fapana le metjha ya puisano e sebediswang ke batho ba bangata eo ho builweng ka yona kgaolong e fetileng, dintho tseo ho builweng ka tsona mona di ile tsa thusa baboledi ba Mmuso hore ba bue le batho difahleho di tadimane.—Lik. 5:42; 17:2, 3.

Ho etsa dikeramafono le thepa ya modumo Toronto, Canada

4, 5. Direkoto tsa keramafono di ne di sebediswa jwang, empa di ne di hloleha ho etsang?

4 Dipuo tse rekotilweng. Dilemong tsa bo1930 le 1940, bahweletsi ba ne ba bapalla beng ba matlo dipuo tsa Bibele tse rekotilweng ba sebedisa dikeramafono. Puo e nngwe le e nngwe e ne e nka metsotso e mehlano. Ka dinako tse ding dipuo tseo di ne di e na le dihlooho tse kgutshwanyane tse kang, “Boraro bo bong,” “Pelekatori” le “Mmuso.” Direkoto tseo di ne di sebediswa jwang? Morabo rona Clayton Woodworth e Monyenyane ya kolobeditsweng ka 1930 United States, o ile a re: “Ke ne ke tsamaya ka keramafono e sothwang ka seporing, e e na le nalete eo ke neng ke lokela ho e beha qetellong ya rekoto haeba ke ne ke batla hore e bapale hantle. Ha ke fihla monyako, ke ne ke bula keramafono ke behe nalete sebakeng sa yona ebe ke a kokota. Ha monga ntlo a bula lemati ke ne ke re, ‘Ke na le molaetsa wa bohlokwa oo ke lakatsang hore o o utlwe.’” Batho ba ne ba arabela jwang? Morabo rona Woodworth o re: “Hangata batho ba ne ba thabela molaetsa. Empa ba bang ba ne ba kgahlela mamati. Athe ba bang ba ne ba nahana hore ke rekisa dikeramafono.”

Ka 1940, ho ile ha rekotwa dipuo tse fetang 90 mme ho ne ho entswe direkoto tse fetang milione

5 Ka 1940, ho ne ho se ho e na le dipuo tse fapaneng tse rekotilweng tse 90 mme ho ile ha etswa direkoto tse fetang milione. John E. Barr eo e neng e le pulamadiboho Brithani ka nako eo mme hamorao ya e ba setho sa Sehlopha se Busang, o ile a  re: “Ho tloha ka 1936 ho ya ho 1945, ho ne ho se moo ke yang teng ke sa nka keramafono ya ka. Ha e le hantle, ke ne ke sulafallwa ha ke sa e nka. Ho utlwa lentswe la Morabo rona Rutherford ha ke eme monyako, ho ne ho kgothatsa haholo, e ne eka o pela ka. Empa nnete ke hore ha re ne re sebedisa keramafono re ne re sa kgone ho ruta ebile re sa kgone ho ama batho dipelo.”

6, 7. (a) Melemo le mathata a ho sebedisa dikarete tsa bopaki e ne e le afe? (b) Ke ka tsela efe Jehova a ileng a ‘etsa hore re kgone ho bua’?

6 Dikarete tsa bopaki. Qalong ya 1933, bahweletsi ba ile ba kgothalletswa ho sebedisa dikarete tsa bopaki tshebeletsong ya ntlo le ntlo. Karete ya bopaki e ne e le bolelele ba disenthimithara tse 12,7 le bophara ba disenthimithara tse 7,6. E ne e e na le molaetsa o mokgutshwanyane wa Bibele mme e bolela le sengolwa se thehilweng Bibeleng seo monga ntlo a ka se fumanang. Mohweletsi o ne a fa monga ntlo karete eo ebe o mo kopa hore a e bale. Lilian Kammerud eo qetellong e ileng ya e ba moromuwa Puerto Rico le Argentina, o ile a re: “Ke ile ka thabela mosebetsi wa dikarete tsa bopaki.” Hobaneng? O ile a re: “Hase bohle ba neng ba kgona ho fana ka neheletsano e phollatsi, kahoo, karete e ile ya nthusa hore ke tlwaele ho bua le batho.”

Karete ya bopaki (ya Setadiana)

7 Morabo rona David Reusch, ya kolobeditsweng ka 1918, o ile a re, “Dikarete tsa bopaki di ile tsa thusa barababo rona haholo etswe ba bangata ba ne ba sa tsebe seo ba lokelang ho se bua tshimong.” Leha ho le jwalo, hase kamehla ho sebedisa dikarete tseo ho neng ho atleha. Morabo rona Reusch o ile a re: “Ka dinako tse ding, batho ba ne ba nahana hore ha re tsebe ho bua. Nnete ke hore ba bangata ba rona re ne re sa kgone ho bua. Empa Jehova o ne a re lokisetsa hore jwaloka bahlanka ba hae, re tlwaele batho. Haufinyane o ne a tla etsa hore re kgone ho bua ka ho re ruta ho sebedisa Mangolo ha re ntse re e ya ka ntlo le ntlo. O ile a etsa sena ka ho lokisetsa hore ho be le Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo se qadileng ka 1940.”—Bala Jeremia 1:6-9.

8. Ke jwang o ka dumellang Kreste hore a o kwetlise?

8 Dibuka. Ho tloha ka 1914, batho ba Jehova ba ile ba naa ba hatisa dibuka tse fapaneng tse fetang 100 tse buang ka Bibele. Tse ding tsa dibuka tseo di ne di etseditswe ho kwetlisa bahweletsi hore e be basebetsi ba atlehang tshebeletsong. Anna Larsen ya dulang Denmark, ya nang le dilemo tse 70 e le mohweletsi, o re: “Jehova o ile a re thusa hore re be basebetsi ba atlehang tshebeletsong ka Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo le ka dibuka tse amanang le tshebeletso. Buka ya pele e ile ya e ba ya Theocratic Aid to Kingdom Publishers, e ileng ya lokollwa ka 1945. E ile ya latelwa ke “Equipped for Every Good Work,” e ileng ya hatiswa ka 1946. Hona jwale re na le buka ya Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e hatisitsweng ka 2001.” Ka sebele, Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo hammoho le dibuka tsa tshebeletso di re thusitse “hore re tshwanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi.”  (2 Bakor. 3:5, 6) Na o se o ngodisitse Sekolong sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo? Na o tla le buka ya Sekolo sa Tshebeletso beke le beke dibokeng e le hore o tsamaisane le molebedi wa sekolo nakong ya seboka sa sekolo? Haeba o etsa jwalo, o tla be o dumella Kreste ho o rupela hore o be mosuwe ya molemo.—2 Bakor. 9:6; 2 Tim. 2:15.

9, 10. Dibuka di ile tsa re thusa jwang ho jala le ho nosetsa peo ya nnete?

9 Jehova o boetse o re thusitse ka ho etsa hore mokgatlo wa hae o hatise dibuka tse thusang bahweletsi hore ba hlalose dithuto tsa Bibele. Buka ya ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e ile ya atleha ka ho kgethehileng. E ile ya hatiswa ka 1968 mme e ile ya e ba le tshusumetso e matla. Tšebeletso ya Mmuso ya November 1968 e ile ya re: “Batho ba bangata ba ne ba batla buka ya ’Nete hoo ka September fektheri ya Mokgatlo e Brooklyn e ileng ya sebetsa le bosiu.” Tšebeletso eo e ile ya tswela pele ka hore: “Ka August ho ile ha e ba le nako eo ho ileng ha hlokahala dibuka tsa ’Nete tse dikete tse makgolo a mahlano ka hodima tse neng di se di hatisitswe!” Ka 1982, ho ile ha hatiswa dikopi tse fetang dimilione tse lekgolo tsa buka ya ’Nete ka dipuo tse 116. Ka dilemo tse 14, e leng ho tloha ka 1968 ho ya ho 1982, buka ya ’Nete e ile ya thusa hore ho be le keketseho ya bahweletsi ba Mmuso ba fetang milione. *

10 Ka 2005, ho ile ha hatiswa buka e nngwe e ikgethang e thusang batho ho ithuta Bibele, e leng buka ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ho se ho hatisitswe dibuka tse ka bang dimilione tse 200 ka dipuo tse 256! Phello e bile efe? Ka dilemo tse supileng feela, e leng ho tloha ka 2005 ho ya ho 2012, batho ba dimilione tse 1,2 e ile ya e ba baboledi ba ditaba tse molemo. Ka nako eo, palo ya batho ba ithutang Bibele le rona e ile ya eketseha ho tloha ho dimilione tse 6 ho ya ho dimilione tse fetang 8,7. Ha ho potang hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rona ba ho jala le ho nosetsa peo ya nnete ya Mmuso.—Bala 1 Bakorinthe 3:6, 7.

11, 12. Tumellanong le mangolo a bontshitsweng, dimakasine tsa rona di etseditswe batho bafe?

11 Dimakasine. Qalong, makasine ya The Watch Tower e ne e etseditswe “mohlatswana” ka ho kgetheha, e leng ba nang le kabelo “pitsong ya lehodimo.” (Luka 12:32; Baheb. 3:1) Ka la 1 October, 1919, mokgatlo wa Jehova o ile wa lokolla makasine e nngwe, e neng e etseditswe batho bohle. Makasine eo e ile ya ratwa haholo ke Baithuti ba Bibele le batho ka kakaretso hoo e ileng ya ajwa ho feta makasine ya The Watch Tower. Qalong makasine eo e ile ya bitswa The Golden Age. Ka 1937, e ile ya bitswa Consolation. Eaba ka 1946 e bitswa Tsoha!

12 Ka dilemo tse mashome, tjhebahalo le mokgwa wa ho ngolwa ha makasine ya Molula-Qhooa le ya Tsoha! di ile tsa nna tsa fetoha empa morero wa tsona e ntse e le o tshwanang e leng wa ho phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho kgothalletsa batho hore ba dumele Bibeleng. Kajeno, ho hatiswa Molula-Qhooa o ithutwang le wa batho bohle. Molula-Qhooa o ithutwang o  etseditswe ‘bahlanka ba ntlo’ e leng “mohlatswana” le “dinku tse ding.” * (Mat. 24:45; Joh. 10:16) Athe wa batho bohle o etseditswe haholoholo batho ba sa tsebeng nnete empa ba hlompha Bibele le Modimo. (Lik. 13:16) Tsoha! ke ya batho ba sa tsebeng hakaalo ka Bibele le Modimo wa nnete, Jehova.—Lik. 17:22, 23.

13. Ke eng e o kgahlang ka dimakasine tsa rona? (Buisanang ka tjhate e reng “ Tlaleho ya Lefatshe ya Dingolwa.”)

13 Qalong ya selemo sa 2014, ho ile ha hatiswa dimakasine tsa Tsoha! tse fetang dimilione tse 44 le dimakasine tsa Molula-Qhooa tse ka bang dimilione tse 46, kgwedi le kgwedi. Tsoha! e ile ya fetolelwa ka dipuo tse ka bang 100 mme Molula-Qhooa wa fetolelwa ka dipuo tse fetang 200, e leng se ileng sa etsa hore dimakasine tsena ka bobedi e be dimakasine tse fetolelwang le tse ajwang ka ho fetisisa lefatsheng! Le hoja seo e le se hlollang, ha sea lokela ho re makatsa. Dimakasine tsena di bua ka molaetsa oo Jesu a ileng a re o tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.—Mat. 24:14.

14. Keng seo re ileng ra nna ra se etsa ka tjheseho, hona hobaneng?

14 Bibele. Ka 1896, Morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ile ba fetola lebitso la mokgatlo o neng o hatisa dingolwa e le hore le ka kenya lentswe Bibele, yaba o tsebahala e le Watch Tower Bible and Tract Society. Phetoho eo e ne e loketse hobane haesale Bibele e le yona e ka sehloohong e ileng ya nna ya sebediswa ho phatlalatsa ditaba tse molemo tsa Mmuso. (Luka 24:27) Ka tjheseho, bahlanka ba Modimo ba ile ba nna ba sebetsa tumellanong le lebitso la mokgatlo la molao ka ho aba le ho kgothalletsa batho hore ba bale Bibele. Ka mohlala, ka 1926, re ile ra ikgatisetsa The Emphatic Diaglott, e leng phetolelo ya Mangolo a Segerike a Bakreste ya Benjamin Wilson. Ho tloha ka 1942, re ile ra hatisa le ho aba dikopi tse 700 000 tsa Bibele ya King James Version e feletseng. Dilemo tse pedi feela hamorao, re ile ra qala ho hatisa Bibele ya American Standard Version, eo lebitso la Jehova le hlahang ho yona ka makgetlo a 6 823. Ka 1950, re ne re se re abile Dibibele tse 250 000.

15, 16. (a) Ke eng se o thabisang ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha? (Buisanang ka lebokose le reng, “ Ho Potlakisa Mosebetsi wa Phetolelo.”) (b) O ka dumella hore Jehova a ame pelo ya hao jwang?

15 Ka 1950, ho ile ha lokollwa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Senyesemane. E feletseng e ile ya lokollwa ka 1961. Phetolelo ena e tlotlisa Jehova kaha e kgutliseditse lebitso la hae moo le hlahang mangolong a pele a Seheberu. Lebitso la Modimo le boetse le hlaha ka makgetlo a 237 ka Mangolong a Segerike a Bakreste. E le ho tiisa hore e nepahetse ebile e ngotswe ka ho hlaka, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ile ya nna ya ntjhafatswa ka makgetlo a mmalwa mme haufinyane tjena e ntjhafaditswe ka 2013. Ka 2013, ho ile ha hatiswa dikopi tse dimilione tse 201 tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletse kapa e sa fella ka dipuo tse 121.

16 Batho ba bang ba ile ba ikutlwa jwang ha ba bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka dipuo tsa habo bona? Monna e mong wa Nepal o ile a re: “Batho ba bangata ba ne ba sa utlwisise Bibele ya Senepali kaha e ne e sebedisa mantswe a kgale. Empa jwale re utlwisisa Bibele haholwanyane kaha e fetoletswe ka puo  eo re e buang letsatsi le letsatsi.” Ha mosadi ya dulang Central African Republic a qala ho bala Bibele ya Sesango o ile a lla yaba o re, “Puo ena e ama pelo yaka.” Jwaloka mosadi eo, kaofela ha rona re ka dumella Jehova hore a re ame dipelo ka hore re bale Lentswe la hae letsatsi le letsatsi.—Pes. 1:2; Mat. 22:36, 37.

Ho Ananela Kwetliso le Dintho Tseo re di Sebedisang

17. O ka bontsha jwang hore o ananela dintho tseo re di sebedisang le kwetliso eo o e fumanang, hona ho tla ba le phello efe haeba o etsa jwalo?

17 Na o ananela dintho tseo re di sebedisang boboleding le kwetliso eo Morena Jesu Kreste a tswelang pele ho re fa yona? Na o ipha nako ya ho bala dingolwa tseo mokgatlo wa Modimo o di hatisang, hona na o thusa batho ba bang ka tsona? Haeba ho jwalo, o tla ikutlwa jwaloka Moradi wabo rona Opal Betler, ya kolobeditsweng ka la 4 October, 1914. Opal o ile a re: “Ho pholletsa le dilemo, nna le monna wa ka [Edward] re ile ra nna ra sebedisa keramafono le dikarete tsa bopaki. Re ne re paka ka ntlo le ntlo re sebedisa dibuka, dibukana le dimakasine. Re ne re e ya diphutuhong re tsamaya diterateng re aba dingolwa. Hamorao re ile ra kwetlisetswa ho etsa maeto a ho boela le ho kganna dithuto tsa Bibele malapeng a batho ba thahasellang. Bophelo ba rona e bile bo maphathaphathe mme re ne re thabile.” Jesu o ile a bolela hore balatedi ba hae ba ne ba tla phathahana ka ho jala, ho kotula le ho nyakalla hammoho. Jwaloka Opal, batho ba dimilione ba bona bopaki ba ho phethahala ha mantswe ao a Jesu.—Bala Johanne 4:35, 36.

18. Re na le tokelo efe?

18 Batho ba bangata bao eseng bahlanka ba Morena ba ka nna ba nka hore batho ba Modimo ke batho “ba sa rutehang le ba tlwaelehileng.” (Lik. 4:13) Empa nahana ka sena. Morena o entse hore batho ba hae ba tlwaelehileng e be baboledi ba matla, ba hatisang dingolwa tse fetolelwang le ho abelwa batho ka ho fetisisa lefatsheng! Habohlokwa le ho feta, o re kwetlisitse a ba a re kgothalletsa ho sebedisa dintho tsena hore re phatlalatse ditaba tse molemo ho batho ba ditjhaba tsohle. Ke tokelo e kaakang hore ebe re sebetsa le Kreste ho lema peo ya nnete le ho kotula barutuwa!

^ ser. 2 Dilemong tse leshome tse fetileng feela, batho ba Jehova ba hatisitse dingolwa tse thehilweng Bibeleng tse fetang dibilione tse 20. Ho phaella moo, batho ba fetang dibilione tse 2,7 lefatsheng ka bophara ba kena Websaeteng ya rona ya jw.org.

^ ser. 9 Tse ding tsa dingolwa tse thusitseng bahweletsi hore ba rute batho Bibele ke The Harp of God (e hatisitsweng ka 1921), “Let God Be True” (e hatisitsweng ka 1946), U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng (e hatisitsweng ka 1982) le Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng (e hatisitsweng ka 1995).

^ ser. 12 Sheba Molula-Qhooa wa July 15, 2013 leqepheng la 23, serapa sa 13 o hlalosang kutlwisiso ya rona e hlakileng mabapi le hore na “bahlanka ba ntlo” ke bomang.